“Tshepa Jehova Mme o Etse se Molemo”
“Tshepa Jehova mme o etse se molemo . . . o sebetse ka botshepehi.”—PES. 37:3.
1. Jehova o bopile batho ba e na le bokgoni bofe?
JEHOVA o bopile batho ba e na le bokgoni bo hlollang. O re file bokgoni ba ho nahana e le hore re rarolle mathata le ho nahana ka bokamoso. (Liprov. 2:11) O re file matla a ho phethahatsa merero ya rona, e leng se re thusang ho finyella seo re batlang ho se etsa. (Bafil. 2:13) O boetse o re file letswalo le re thusang ho kgetholla se nepahetseng ho se fosahetseng, e le hore re qobe diphoso kapa re di lokise haeba re ile ra fosa.—Bar. 2:15.
2. Jehova o batla hore re sebedise bokgoni ba rona jwang?
2 Jehova o lebeletse hore re sebedise bokgoni ba rona ka tsela e nepahetseng. Hobaneng? Hobane o a re rata, mme o a tseba hore re tla thaba ha re sebedisa letswalo le bokgoni ba rona ba ho nahana ka tsela e nepahetseng. Jehova o dula a re kgothalletsa hore re sebedise dimpho tsena hantle. Ka mohlala, Mangolo a Seheberu a re: “Merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo.” A phaella ka ho re: “Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, o se etse ka matla a hao [ohle].” (Liprov. 21:5; Moek. 9:10) Athe Mangolo a Sekgerike ona a re: “Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle.” A boetse a re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka yona, le e sebedise ho sebeletsaneng.” (Bagal. 6:10; 1 Pet. 4:10) Ho hlakile hore Jehova o batla hore re etse dintho tse tswelang rona le ba bang molemo.
3. Bokgoni ba rona bo lekanyeditswe ka tsela efe?
3 Leha ho le jwalo, Jehova o a tseba hore bokgoni ba rona bo lekanyeditswe. Ka mohlala, re ke ke ra kgona ho fedisa ho se phethahale, sebe le lefu, leha e le ho laola diketso tsa ba bang. (1 Mar. 8:46) Ha ho le ka mohla tsebo le phihlelo ya rona e ka lekanang le ya Jehova.—Esa. 55:9.
4. Re tlo tshohla eng sehloohong see?
4 Maemong ohle, re lokela ho itshetleha ka Jehova hore a re tataise, re kgodisehile hore o tla re thusa le moo re hlolehang teng. Leha ho le jwalo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho rarolla mathata a rona le ho thusa batho ba bang. (Bala Pesaleme 37:3.) Re lokela ho ‘tshepa Jehova mme re etse se molemo’; re hloka ho ‘sebetsa ka botshepehi.’ Re ntse re nahanne ka sena, a re ke re tshohleng mohlala wa Noe, Davida le bahlanka ba bang ba tshepahalang, ba ileng ba itshetleha ka Jehova mme ba nka kgato e loketseng. Jwalokaha re tla bona, ba ile ba tseba ho kgetholla pakeng tsa seo ba neng ba ka se etsa le seo ba neng ba ke ke ba kgona ho se etsa, mme ba nka kgato e nepahetseng.
HA RE PHELA HARA MAEMO A KGOPO
5. Hlalosa boemo boo Noe a neng a tobane le bona.
5 Noe o phetse lefatsheng le neng le “tletse pefo” le boitshwaro bo bobe. (Gen. 6:4, 9-13) O ne a tseba hore Jehova o tla fedisa lefatshe leo le kgopo. Ho ntse ho le jwalo, e tlameha ebe Noe o ne a kgathatsehile ka maemo ao a mpefetseng. Boemong boo, Noe o ile a hlokomela hore ho ne ho na le dintho tseo a neng a ka kgona ho di etsa le tseo a neng a ke ke a kgona ho di etsa.
6, 7. (a) Ke eng seo Noe a neng a ke ke a kgona ho se etsa? (b) Maemo a rona a tshwana jwang le a Noe?
6 Seo Noe a neng a ke ke a kgona ho se etsa: Le hoja ka botshepehi Noe a ile a lemosa batho hore Jehova o tla fedisa ba kgopo, o ne a ke ke a qobella batho ho amohela molaetsa oo, kapa hona ho etsa hore Morwallo o tle kapele. Noe o ne a lokela ho tshepa hore Jehova o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya ho fedisa bokgopo, a kgodisehile hore Modimo o tla etsa seo ka nako e loketseng.—Gen. 6:17.
7 Le rona re phela lefatsheng le tletseng bokgopo leo re tsebang hore Jehova o tshepisitse ho le fedisa. (1 Joh. 2:17) Re ke ke ra qobella batho ho amohela “ditaba . . . tse molemo tsa Mmuso.” Hape re ke ke ra etsa letho ho potlakisa qaleho ya “matshwenyeho a maholo.” (Mat. 24:14, 21) Jwaloka Noe, re hloka tumelo e matla le ho tshepa hore haufinyane Jehova o tla nka kgato. (Pes. 37:10, 11) Re kgodisehile hore Jehova a ke ke a dieha le ha e le ka letsatsi le le leng feela ho fedisa lefatshe lena le kgopo.—Hab. 2:3.
8. Noe o ile a etsang hore a se ke a nyahamiswa ke dintho tseo a neng a ke ke a kgona ho di etsa? (Sheba setshwantsho se qalong.)
8 Seo Noe a neng a ka kgona ho se etsa: Ho e na le hore Noe a nyahamiswe ke dintho tseo a neng a ke ke a kgona ho di etsa, o ile a phathahana ka dintho tseo a neng a ka kgona ho di etsa. Kaha e ne e le “mmoledi wa ho loka,” ka botshepehi Noe o ile a phatlalatsa molaetsa wa temoso oo a neng a o filwe. (2 Pet. 2:5) Ha ho pelaelo hore seo se ile sa thusa Noe hore a dule a e na le tumelo e matla. Ha aa ka a sebedisa matla a hae feela ho etsa mosebetsi wa boboledi empa o ile a boela a a sebedisa ho phetha kabelo eo Modimo a neng a mo file yona ya ho haha areka.—Bala Baheberu 11:7.
9. Re ka etsisa mohlala wa Noe jwang?
9 Jwaloka Noe, re ikitlaelletsa ho ba le ‘ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing wa Morena.’ (1 Bakor. 15:58) Mosebetsi oo o ka akarelletsa ho haha le ho hlokomela dibaka tsa borapedi, ho ithaopela ho thusa dikopanong, ho sebeletsa Bethele kapa ofising ya phetolelo. Ka hodima tsohle, re dula re phathahane ka mosebetsi wa boboledi hobane o matlafatsa tshepo ya rona ka bokamoso. Moradi wabo rona e mong o re: “Ha o bua le ba bang ka dintho tseo Mmuso wa Modimo o tla re etsetsa tsona, o elellwa hore ha ba na tshepo ebile ba nahana hore mathata a bona a ke ke a fela.” Ruri ho etsa mosebetsi wa boboledi ho matlafatsa tshepo ya rona hape ho re thusa hore re se ke ra tela peisong ya bophelo.—1 Bakor. 9:24.
HA RE WELA SEBENG
10. Hlalosa boemo boo Davida a ileng a tobana le bona.
10 Jehova o ile a re Morena Davida ke “monna ya ratwang ke pelo ya [hae].” (Lik. 13:22) Davida e ne e le monna ya tshepahalang. Leha ho le jwalo, o ile a etsa sebe se tebileng. O ile a etsa bofebe le Bathe-sheba. Ho hobe le ho feta, o ile a leka ho pata sebe sa hae ka ho etsa tokisetso ya hore Uria, monna wa Bathe-sheba, a bolawe ntweng. Davida o ile a ba a nea Uria lengolo le yang ho molaodi wa sesole le neng le fana ka taelo ya hore a bolawe! (2 Sam. 11:1-21) Empa qetellong sebe sa Davida se ile sa hlahella pepeneneng. (Mar. 4:22) Davida o ile a etsang ha seo se etsahala?
11, 12. (a) Ke eng seo Davida a neng a ke ke a kgona ho se etsa ka mora ho etsa sebe? (b) Jehova a ka re thusa jwang haeba re baka e le kannete?
11 Seo Davida a neng a ke ke a kgona ho se etsa: Davida o ne a ke ke a fetola seo a se entseng. Hape o ne a ke ke a balehela diphello tsa sebe sa hae. O ne a tla tobana le tse ding tsa diphello tseo bophelo bohle ba hae. (2 Sam. 12:10-12, 14) Kahoo, o ne a lokela ho ba le tumelo le ho tshepa hore ha a ka baka e le kannete, Jehova o ne a tla mo tshwarela a be a mo thuse ho mamella diphello tseo tse bohloko.
12 Kaofela ha rona re baetsadibe mme re etsa diphoso. Diphoso tse ding di mpe haholo, hoo ka dinako tse ding re ke keng ra kgona ho di lokisa. Re tla tlameha ho phela le diphello tsa tsona. (Bagal. 6:7) Empa re kgodisehile hore haeba re baka e le kannete, Jehova o tla re thusa ho sebetsana le mathata esita le a bakilweng ke diphoso tsa rona.—Bala Esaia 1:18, 19; Liketso 3:19.
13. Ke eng e ileng ya thusa Davida hore a boele a be matla tumelong?
13 Seo Davida a neng a ka kgona ho se etsa: Davida o ile a dumella Jehova hore a mo thuse hore a boele a be matla tumelong. O ile a etsa seo ka hore a amohele kgalemelo ya Jehova e tswang ho moprofeta Nathane. (2 Sam. 12:13) O ile a bolella Jehova dibe tsa hae ka thapelo, a mo kopa ka tiyo hore a mo bontshe mohau. (Pes. 51:1-17) Davida o ile a ithuta diphosong tsa hae ho e na le ho itlohella hore a jewe ke letswalo le molato bophelo bohle ba hae. Ka sebele, ha a ka a pheta dibe tseo tse tebileng. Hamorao o ile a shwa a tshepahala mme o ntse a dutse mohopolong wa Jehova.—Baheb. 11:32-34.
14. Re ka ithutang mohlaleng wa Davida?
14 Re ka ithuta eng mohlaleng wa Davida? Haeba re wela sebeng se tebileng re lokela ho baka e le kannete mme re kope Jehova hore a re tshwarele. Re lokela ho bolela dibe tsa rona ho yena. (1 Joh. 1:9) Re boetse re tlameha ho ya ho baholo e le hore ba re fe thuso e loketseng. (Bala Jakobo 5:14-16.) Ha re amohela ditokisetso tsa Jehova, re bontsha hore re a dumela hore o tla re fodisa a be a re tshwarele. Ka mora moo, re tla be re etsa hantle ha re ithuta diphosong tsa rona ebe re tswela pele re sebeletsa Jehova, re e na le tshepo ka bokamoso.—Baheb. 12:12, 13.
MAEMONG A MANG
15. Re ithutang mohlaleng wa Anna?
15 Mohlomong o ka nahana ka bahlanka ba bang ba Jehova ba tshepahalang. Ba ile ba mo tshepa mme ba nka kgato e loketseng. Ka mohlala, Anna o ne a ke ke a hlola bothata ba ho se be le bana ka boyena. Leha ho le jwalo, o ile a tswela pele ho sebeletsa tabernakeleng, a tshollela pelo ya hae ho Jehova ka thapelo, a kgodisehile hore o tla mo tshedisa. (1 Sam. 1:9-11) Na oo ha se mohlala o motle ho rona? Ha re tobana le mathata a ho kula kapa a mang a ka hodimo ho matla a rona, re lahlela matshwenyeho a rona ho Jehova hobane re a tseba hore o a re tsotella. (1 Pet. 5:6, 7) Re boetse re etsa sohle se matleng a rona ho rua molemo dibokeng tsa Bokreste le ditokisetsong tse ding tseo Modimo a di etsang.—Baheb. 10:24, 25.
16. Batswadi ba ka ithutang mohlaleng wa Samuele?
16 Ho thweng ka batswadi ba tshepahalang bao bana ba bona ba kgaoditseng ho sebeletsa Jehova? Samuele ya tsofetseng o ne a ke ke a qobella bara ba hae ho phela ka melao ya Jehova eo a neng a ba rutile yona. (1 Sam. 8:1-3) O ne a lokela ho tlohella dintho matsohong a Jehova. Ho ntse ho le jwalo, Samuele o ile a tshepahala, a thabisa pelo ya Ntate wa hae wa lehodimo, Jehova. (Liprov. 27:11) Batswadi ba bangata ba Bakreste ba tobana le boemo bo tshwanang mehleng ena. Empa ba na le tshepo ya hore bana ba bona ba tla kgutlela ho Jehova mme a ba amohele, feela jwaloka ntate ya papisong ya mora ya lehlaswa. (Luka 15:20) Batswadi bao ba sebetsa ka thata ho dula ba tshepahala, ba tshepa hore bana ba bona ba tla latela mohlala wa bona o motle mme ba kgutlele ho Jehova.
17. Ke hobaneng ha mohlala wa mohlolohadi ya hlokang o re kgothatsa?
17 Nahana hape ka mohlolohadi ya hlokang wa mehleng ya Jesu. (Bala Luka 21:1-4) Ho ne ho se letho leo a ka le etsang ka diketso tse mpe tse neng di etswa ka tempeleng. (Mat. 21:12, 13) Mohlomong ho ne ho se letho leo a ka le etsang ka boemo ba hae ba ho hloka. Empa o ile a nehela ka “ditjheletana tse pedi tsa tshepe” tseo e neng e le “mokgwa ohle wa ho iphedisa oo a neng a e na le wona.” O ne a tshepa Jehova ka pelo ya hae yohle. Hape o ne a nka ho sebeletsa Modimo e le ntho e tlang pele bophelong ba hae, kaha o ne a kgodisehile hore o tla mo hlokomela. Botshepehi ba hae bo ile ba mo susumelletsa hore a tshehetse borapedi ba nnete. Ka ho tshwanang, re kgodisehile hore haeba re etelletsa Mmuso pele, Jehova o tla re fa tsohle tseo re di hlokang.—Mat. 6:33.
18. Fana ka mohlala wa morabo rona ya ileng a ba le maikutlo a nepahetseng ha a kopana le maemo a thata.
18 Bakreste ba bangata ba mehleng ya rona ba behile mohlala o motle wa ho tshepa Jehova mme ba nka kgato e loketseng. Nahana ka morabo rona ya bitswang Malcolm, ya ileng a dula a tshepahala ho fihlela a shwa ka 2015. Dilemong tse ngata tseo yena le mosadi wa hae ba di qetileng ba sebeletsa Jehova, ba ile ba tobana le mathata. O ile a re: “Ka dinako tse ding bophelo ha bo a tsitsa, ho hlaha maemo ao ho leng thata ho sebetsana le ona. Empa Jehova o hlohonolofatsa ba itshetlehileng ka yena.” Morabo rona Malcolm o ile a fana ka keletso e reng: “Rapela Jehova hore a o thuse hore o mo sebeletse ka mafolofolo. Ho e na le ho tshwenyeha haholo ka dintho tseo re ke keng ra kgona ho di etsa, re lokela ho nahana ka tseo re ka kgonang ho di etsa.”a
19. (a) Ke hobaneng ha temana ya rona ya selemo ya 2017 e le e loketseng? (b) O ikemiseditse ho sebedisa temana ya selemo ya 2017 jwang bophelong ba hao?
19 Ha tsamaiso ena ya dintho e ntse e mpefala le ho feta, re lebelletse hore mathata ao re kopanang le ona a eketsehe. (2 Tim. 3:1, 13) Kahoo, ke ha bohlokwa hore re se ke ra tshwenyeha haholo ka mathata ao. Ho e na le hoo, re lokela ho ba le tshepo e tiileng ho Jehova ha re ntse re nka mehato e nepahetseng. Ke ho loketseng hakaakang hore ebe temana ya selemo ya 2017 e re: “Tshepa Jehova mme o etse se molemo”!—Pes. 37:3.
Temana ya selemo ya 2017: “Tshepa Jehova mme o etse se molemo.”—Pesaleme 37:3