KGAOLO YA 15
“Ke Tla Fedisa Botekatse ba Hao”
NTLHAKGOLO: Seo re ithutang sona tseleng eo matekatse a hlaloswang ka yona bukeng ya Ezekiele le ya Tshenolo
1, 2. Ke mofuta ofe wa botekatse oo re o nyonyang haholo?
KE NTHO e swabisang ho bona motho e eba letekatse. O ka ipotsa hore na ke eng e entseng hore a qetelle a phela bophelo bona bo hlabisang dihlong. Na e ile ya eba letekatse a sa le monyenyane hobane habo ba ne ba mo hlekefetsa kapa ba sa phele ka kgotso? Kapa na bofutsana bo ile ba mo susumeletsa hore a ithekise? Kapa na o ne a baleha monna wa hae ya mo hlekefetsang? Re dula re utlwela ka dintho tse tjena lefatsheng lena le kgopo. Ha re makale hore ebe Jesu Kreste o ne a tshwara matekatse a mang ka mosa. O ile a hatisa hore batho ba bakang le ba fetolang bophelo ba bona ba ne ba ka ba le tshepo ya ho fumana bophelo bo betere.—Mat. 21:28-32; Luka 7:36-50.
2 A re ke re nahaneng ka letekatse la mofuta o mong. Nahana ka mosadi ya ikgethelang ho ba letekatse. Ha a bone e le ntho e mo theolang seriti empa o bona e le ntho e mo fang matla. O thabela tjhelete le botumo boo a bo fumanang ka lebaka la mosebetsi ona. Ntho e utlwisang bohloko le ho feta ke hore o na le monna ya mo ratang le ya mo tshepahallang empa yena ha a mo tshepahalle ebile o kgetha ho ba letekatse. Ha o nahana ka mosadi ya jwalo, o ka utlwa o nyonya diketso tsa hae le bophelo boo a bo kgethileng. Tsela eo re ikutlwang ka yona ka mosadi enwa e a re bontsha hore na Jehova Modimo o ikutlwa jwang ka bodumedi ba bohata le hore na ke hobaneng ha ka makgetlo a mangata a bo tshwantsha le letekatse.
3. Kgaolong ee re tlo bua ka ditlaleho dife?
3 Lengolo la Ezekiele le bua ka ditlaleho tse pedi tse makatsang tseo ho tsona bofebe bo tshwantshetsang ho se tshepahale ha batho ba Modimo e leng Baiseraele le Bajuda. (Ezek., dikgao. 16 le 23) Empa pele re hlahlobisisa ditlaleho tseo, a re ke re bueng ka letekatse le leng la tshwantshetso. Esale le le teng pele ho mehla ya Ezekiele le pele Baiseraele ba eba teng mme le ntse le le teng le kajeno. Ho buuwa ka letekatse lena bukeng ya ho qetela ya Bibele e leng ya Tshenolo.
“Mme wa Matekatse”
4, 5. “Babilona e Moholo” ke eng mme re tseba seo jwang? (Sheba setshwantsho se qalang.)
4 Qetellong ya mehla ya baapostola, Jesu o bontsha moapostola Johanne pono, moo ho hlahang mosadi wa letekatse. O bitswa “letekatse le leholo” le “Babilona e Moholo, mme wa matekatse.” (Tshen. 17:1, 5) Ka dilemo tse ngata baetapele ba bodumedi le baithuti ba Bibele ba ne ba sa utlwisise hore hantlentle letekatse lena ke mang. Ba bang ba re o tshwantshetsa Babilona, Roma kapa Kereke ya Roma e Khatholike. Le ha ho le jwalo, e se e le dilemo Dipaki Tsa Jehova di tseba hore na “letekatse le leholo” le tshwantshetsang. Ke mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata. Re tseba seo jwang?
5 Letekatse lena le ahlolwa hobane le entse boitshwaro bo bobe le “marena a lefatshe” kapa le mekgatlo ya dipolotiki. Ka hoo, ho hlakile hore letekatse lena ha se mokgatlo wa dipolotiki. Hape lengolo la Tshenolo le bontsha hore “borakgwebo ba lefatshe” ba utlwa bohloko ha Babilona e Moholo e fediswa. Ho hlakile hore Babilona e Moholo ha e emele dikgwebo tse kgolo. Jwale letekatse lee le tshwantshetsang? Le tsebahala ka “boloi,” borapedi ba ditshwantsho le ka leshano. Dintho tsena tsohle di hlalosa mekgatlo ya bodumedi ya lefatshe e tletseng bolotsana. Letekatse lena le boetse le hlaloswa le palame mekgatlo ya dipolotiki ya lefatshe. Taba ena e bolela hore le na le tshusumetso e itseng ho yona. Le boetse le hlorisa bahlanka ba Jehova Modimo ba tshepahalang. (Tshen. 17:2, 3; 18:11, 23, 24) Ke sona seo bodumedi ba bohata bo ntseng bo se etsa le kajeno.
6. Ke ka tsela efe Babilona e Moholo e leng “mme wa matekatse”?
6 Ke hobaneng ha Babilona e Moholo e sa bitswe “letekatse le leholo” feela empa e boetse e bitswa “mme wa matekatse”? Bodumedi ba bohata bo na le dihlopha tse ngata. Ho tloha ha Modimo a ne a ferekanya batho ba mehleng ya Babele kapa ya Babilona hore ba bue dipuo tse sa tshwaneng, dithuto tse fapaneng tsa bodumedi ba bohata di ile tsa ata lefatsheng lohle. Ntho ena e ile ya etsa hore ho be le madumedi a mangata a fapaneng. “Babilona e Moholo” e rehelletswe ka motse wa Babilona, e leng moo madumedi a bohata a qadileng teng. (Gen. 11:1-9) Ke ka hoo ho ka thweng madumedi ana ohle ke “baradi” ba letekatse le leholo kapa mokgatlo o le mong. Hangata Satane o sebedisa bodumedi ho kgothaletsa batho hore ba sebedise boloi, ba rapele ditshwantsho mme ba etse meetlo e sa hlompheng Modimo. Ka lebaka lena, batho ba Modimo ba fuwa temoso e latelang ka mokgatlo ona o etsang dintho tse mpe: “Tswang ho yena setjhaba sa ka haeba ha le batle ho kenella dibeng tsa hae.”—Bala Tshenolo 18:4, 5.
7. Ke hobaneng ha re lokela ho mamela temoso e reng “tswang ho” Babilona e Moholo?
7 Na o mametse temoso eo? Batho bohle ba a ‘hlokomela hore ba hloka Modimo,’ Jehova o re bopile ka tsela eo. (Mat. 5:3) Re tla ikutlwa re kgotsofetse ha feela re rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Bahlanka ba Jehova ba leka ka hohle hore ba qobe borapedi ba bohata empa Satane Diabolose o batla hore re etse se fapaneng. O rata ho tjhehela batho ba Modimo leraba la hore ba kenelle borapeding bona ba bohata. O kgonne ho etsa seo ka makgetlo a mangata. Le pele ho mehla ya Ezekiele haesale batho ba Modimo ba kenella botekatseng ba tshwantshetso e leng ho rapela medimo e meng. Ha re hlahlobisisa mehlala ya bona re tla ithuta haholwanyane ka melao ya Jehova, toka ya hae le mohau wa hae.
O Ile wa ba Letekatse
8-10. Ke taelo efe ya bohlokwa e re thusang ho utlwisisa hore na Jehova o ikutlwa jwang ha re rapela medimo e meng? Fana ka mohlala.
8 Lengolong la Ezekiele Jehova o sebedisitse mohlala wa letekatse ho hlalosa tsela eo a ikutlwang ka yona ha batho ba mo rapela ka tsela eo a sa e amoheleng. Jehova o ile a re Ezekiele a ngole ditlaleho tse pedi tse hlalosang hore na o ne a utlwile bohloko hakae ha batho ba hae ba sa mo tshepahalle ebile ba etsa boitshwaro bo bobe. Ke hobaneng ha a ne a ba tshwantsha le matekatse?
9 E le hore re utlwisise karabo ya potso eo, a re qaleng ka ho ikgopotsa ntlha ya bohlokwa e amanang le borapedi boo Modimo a bo amohelang jwalo ka ha re ithutile Kgaolong ya 5 bukeng ena. Jehova o ile a fa Baiseraele taelo e reng: “O se ke wa rapela medimo e meng ntle ho nna. . . . Nna Jehova Modimo wa hao, ke Modimo ya batlang hore batho ba inehele ho nna feela.” (Ex. 20:3, 5) O ile a boela a hatisa taba ena a re: “Le se ke la inamela modimo e mong hobane Jehova o tsebahala e le ya batlang hore batho ba hae ba inehele ho yena feela. Ke Modimo ya batlang hore batho ba hae ba inehele ho yena feela.” (Ex. 34:14) Jehova o entse hore taba ena e hlake. Haeba re batla ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang, re lokela ho rapela yena feela.
10 Re ka etsa mohlala ka lenyalo. Lenyalong monna o lebeletse hore mosadi wa hae a rate yena feela le mosadi o lebeletse se tshwanang ho monna wa hae. Haeba e mong wa bona a ne a ka bontsha motho e mong hore o a mo rata, ntho eo e ka etsa hore molekane e mong a boulele a be a utlwe bohloko haholo. (Bala Baheberu 13:4.) Ka tsela e tshwanang, haeba re rapela ditshwantsho le hoja re inehetse ho Jehova, re tla be re sa mo tshepahalle mme seo se tla mo utlwisa bohloko. Ho Ezekiele kgaolo ya 16, o hlalosa hore na o utlwa bohloko hakae ha batho ba sa mo tshepahalle.
11. Jehova o reng ka Jerusalema le hore na e tswa hokae?
11 Kgaolong ya 16 ya buka ya Ezekiele ke moo Jehova a buang nako e telele ka ho fetisisa bukeng eo ebile buka ya Ezekiele ke yona e nang le boprofeta bo bongata Mangolong ohle a Seheberu. Jehova o tshwantsha motse wa Jerusalema le Bajuda ba sa tshepahaleng. O hlalosa pale ya bona e makatsang le e bohloko ya hore na ba tswa hokae le hore ba ile ba mo fetohela jwang. Ba ne ba le jwalo ka lesea le ditshila le sa hlokomelweng. Batswadi ba lona e ne e le bahetene ba Bakanana. E ne e se e le nako e telele motse wa Jerusalema o laolwa ke le leng la maloko a Bakanana, e leng Bajebuse ho fihlela Davida a o hapa. Jehova o ile a utlwela lesea leo bohloko, a le nka, a le hlwekisa a ba a le hlokomela. Ha nako e ntse e eya le ile la eba jwalo ka mosadi wa hae. Ha e le hantle, mehleng ya Moshe Baiseraele ba neng ba dula motseng oo ba ile ba ithaopela ho etsa selekane le Jehova. (Ex. 24:7, 8) Ka mora hore Jerusalema e be motsemoholo wa naha, Jehova o ile a e hlohonolofatsa a ba a etsa hore e be ntle feela jwalo ka ha monna ya ruileng a ne a ka rekela mosadi wa hae dintho tse ntle tsa ho ikgabisa.—Ezek. 16:1-14.
12. Ho tlile jwang hore batho ba Jerusalema ba qale ho rapela medimo ya bohata?
12 Hlokomela hore na ho ile ha etsahalang ka mora moo. Jehova o re: “O ile wa qala ho itshepa haholo hobane o le motle yaba o ba letekatse ka lebaka la botumo ba hao. O ne o robala le batho bohle ba fetang ka tsela mme wa inehella bona ka lebaka la botle ba hao.” (Ezek. 16:15) Mehleng ya Solomone, Jehova o ile a hlohonolofatsa batho ba hae mme a etsa hore Jerusalema e be motse o motle ho feta metse yohle e neng e le teng mehleng eo. (1 Mar. 10:23, 27) Empa hanyane hanyane batho ba Jerusalema ba ile ba qala ho rapela medimo ya bohata. Ka ha Solomone o ne a batla ho kgahlisa basadi ba hae ba baditjhaba o ile a qala ho silafatsa Jerusalema ka borapedi ba bohata. (1 Mar. 11:1-8) Batho ba ileng ba busa ka mora hae ba ile ba silafatsa naha yohle le ho feta ka borapedi ba bohata. Jehova o ile a ikutlwa jwang ha batho ba hae ba etsa botekatse mme ba sa mo tshepahalle? O ile a re: “Dintho tse jwalo ha di a lokela ho etsahala ebile o se ke wa hlola o di etsa.” (Ezek. 16:16) Empa batho ba hae ba manganga ba ne ba kene tlwara! boitshwarong bo bobe.
Baiseraele ba bang ba ile ba etsa mahlabelo ka bana ba bona, ba a etsetsa medimo ya bohata jwalo ka Moloke
13. Batho ba Modimo ba leng Jerusalema ba ne ba etsa dintho dife tse kgopo?
13 O ka inahanela feela hore na Jehova o ne a utlwile bohloko hakae ha a bontsha hore na batho ba hae ba kgopo hakae. O ile a re: “O ile wa nka bara le baradi bao o ntswaletseng bona, wa etsetsa ditshwantsho tseo mahlabelo ka bona. Na diketso tsee tsa hao tsa botekatse ha di a lekana? O ile wa bolaya bana ba ka wa ba wa fana ka bona e le mahlabelo ka ho ba tjhesa.” (Ezek. 16:20, 21) Dintho tse tshosang tseo batho ba Jerusalema ba neng ba di etsa, di bontsha ka moo Satane a leng kgopo ka teng. O rata ho qhekella batho ba Jehova hore ba etse dintho tse nyonyehang. Empa Jehova o bona dintho tsohle. Modimo a ka fedisa dintho tse sehloho tseo Satane a di entseng a be a etse hore ho be le toka.—Bala Jobo 34:24.
14. Ha Jehova a etsa mohlala o ile a re bo ausi ba babedi ba Jerusalema ke bomang mme ho bona ba le bararo ke ofe ya neng a feteletse?
14 Batho ba Jerusalema ba ne ba sa swabele dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa. Ba ile ba tswela pele ka botekatse ba bona. Jehova o ile a re ba ne ba se na dihlong ebile ba feteletse ho feta matekatse a mang hobane ba ne ba patala batho hore ba etse botekatse le bona. (Ezek. 16:34) Modimo o ile a re batho ba Jerusalema ba tshwana le ‘mme wa bona’ e leng maloko a bahetene a kileng a busa naha eo. (Ezek. 16:44, 45) Ha Modimo a bua haholwanyane ka lelapa lena o ile a re ausi wa Jerusalema ke Samaria le hore ke yena ya qadileng bophelo bona ba botekatse. O ile a boela a bua ka ausi wa bobedi e leng Sodoma. Taba ena e ne e hopotsa batho ka motse wa Sodoma o ileng wa fediswa hobane batho ba teng ba ne ba ikgohomosa mme ba itshwere hampe. Ntho eo Jehova a neng a e hatisa ke hore Jerusalema o ne a etsa dintho tse mpe ho feta bo ausi ba hae e leng Samaria le Sodoma. (Ezek. 16:46-50) Batho ba Modimo ha ba a ka ba mamela ha ba lemoswa ka makgetlo a mangata mme ba ile ba tswela pele ka boitshwaro ba bona bo nyonyehang.
15. Ke hobaneng ha Jehova a ne a ahlola Jerusalema, hona kahlolo eo e ne e fana ka tshepo efe?
15 Jehova o ne a tla etsang? O ile a tshepisa Jerusalema a re: “Ke bokella batho bohle bao o neng o ba rata” mme “ke tla nehelana ka wena ho bona.” Ditjhaba tsa bohetene tseo batho ba Modimo ba neng ba tlwaelane le tsona di ne di tla ba fedisa di ba siye ba le babe hape di ba nkele dintho tsa bohlokwa. Modimo o ile a boela a re: “Ba tla o tlepetsa ka majwe ba be ba o bolaye ka disabole tsa bona.” Ke hobaneng ha Jehova a ne a ba fa kahlolo ee? E ne e se hobane a batla ho fedisa batho ba hae. Ho ena le hoo, morero wa hae e ne e le ona: “Ke tla fedisa botekatse ba hao.” Modimo o ile a boela a re: “Ke tla ntshetsa kgalefo ya ka ho wena ho fihlela ke kgotsofala. Ka mora moo, bohale ba ka bo tla fokotseha. Ha ke sa tla hlola ke o halefela.” Kgaolong ya 9 ya buka ena re ithutile hore haesale Jehova a batla hore batho ba hae ba boele ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang ha ba tswa botlamuweng. Hobaneng? O ile a re: “Nke ke ka lebala selekane seo ke ileng ka se etsa le wena ha o sa le ngwana.” (Ezek. 16:37-42, 60) Jehova o ne a tla bontsha batho ba hae hore o a tshepahala le hoja bona ba ne ba sa tshepahale.—Bala Tshenolo 15:4.
16, 17. (a) Ke hobaneng ha re se re sa re Ohola le Oholiba ba emela bodumedi ba bohata? (Sheba lebokose le reng “Matekatse ao e Leng Bana ba Motho.”) (b) Re ka ithutang ho Ezekiele kgaolong ya 16 le ya 23?
16 Kgaolong ya 16 ya buka ya Ezekiele Jehova o bua dintlha tse ngata tsa bohlokwa tse re rutang ka melao ya hae e lokileng, toka ya hae le ka moo a leng mohau ka teng. Re boetse re ithuta dintho tse tshwanang ho Ezekiele kgaolo ya 23. Kajeno Bakreste ba nnete ba nka molaetsa o hlakileng wa Jehova o buang ka botekatse ba batho ba hae e le wa bohlokwa haholo. Le ka mohla ha re batle ho utlwisa Jehova bohloko jwalo ka ha batho ba Juda le ba Jerusalema ba ile ba etsa. Ka lebaka leo, re lokela ho qoba mefuta yohle ya borapedi ba ditshwantsho jwalo ka meharo le ho rata maruo. (Mat. 6:24; Bakol. 3:5) Re lokela ho dula re leboha Jehova ka hore ebe o tsosolositse borapedi ba nnete matsatsing ana a ho qetela le hore ha a sa tla hlola a dumella hore bo silafatswe. O ile a etsa “selekane se sa feleng” le Iseraele ya tshwantshetso e leng selekane se ke keng sa senngwa ke ho se tshepahale kapa botekatse. (Ezek. 16:60) Ka hoo, a re thabeleng hore ebe kajeno re hara batho ba Jehova ba hlwekileng.
17 Mantswe ao Jehova a a buileng ka matekatse a ho Ezekiele a re rutang ka “letekatse le leholo” e leng Babilona e Moholo? A re boneng.
“O ke ke wa Hlola o Fumanwa”
18, 19. Ke dintho dife tseo re bonang di tshwana pakeng tsa matekatse ao ho builweng ka ona ho Ezekiele le leo ho builweng ka lona ho Tshenolo?
18 Jehova ha a fetohe. (Jak. 1:17) Tsela eo a ikutlwang ka yona ka bodumedi ba bohata e ntse e eso fetohe, ho tloha ha Babilona e Moholo e qala ho fihlela hona jwale. Ka hoo, ha re makale ha re bona hore tsela eo a ileng a ahlola matekatse a hlalositsweng bukeng ya Ezekiele e tshwana le tsela eo a tla ahlola “letekatse le leholo” le hlalositsweng bukeng ya Tshenolo.
19 Ka mohlala, hlokomela hore kahlolo eo matekatse ao ho profetilweng ka ona ho Ezekiele a ileng a e fumana e ne e sa tswe ho Jehova ka ho toba empa e ne e tswa ho ditjhaba tseo batho ba Modimo ba sa tshepahaleng ba neng ba etsa boitshwaro bo bobe le tsona. Ka tsela e tshwanang mokgatlo wa lefatshe wa bodumedi ba bohata o molato ka lebaka la ho etsa boitshwaro bo bobe le “marena a lefatshe.” Kahlolo ya hae e tla tswa hokae? Bibele e re mekgatlo ya dipolotiki ‘e tla hloya letekatse, e le nkele sohle e be e le hlobodise. E tla ja dinama tsa lona e le tjhese lore!’ Ke hobaneng ha mebuso ya lefatshe e tla etsa ntho ee e makatsang? Ke hobane Modimo o tla ‘etsa hore e nahane ho etsa ntho eo a e batlang.’—Tshen. 17:1-3, 15-17.
20. Keng e bontshang hore kahlolo ya Babilona e tla be e le ya ho qetela?
20 Jehova o tla sebedisa ditjhaba tsa lefatshe ho ahlola madumedi ohle a bohata, ho akareletsa le a ipitsang hore ke a Bakreste. Kahlolo ena e tla ba ya ho qetela. Madumedi a bohata a ke ke a tshwarelwa ebile a ke ke a ba le monyetla wa ho fetola ditsela tsa ona. Buka ya Tshenolo e re Babilona ‘e ke ke ya hlola e fumanwa.’ (Tshen. 18:21) Mangeloi a Modimo a tla thabela kahlolo eo Babilona e tla e fuwa a re: “Rorisang Jah! Mosi wa lona ha le tjheswa o nyolohela hodimo ka ho sa feleng.” (Tshen. 19:3) Babilona e tla fediswa ka ho feletseng. Modimo a ke ke a hlola a dumella hore ho be le bodumedi ba bohata bo tla senya borapedi ba nnete. Ha Babilona e ahlolwa ebile e fediswa ka mollo, ka tsela ya tshwantshetso ho yona ho tla kubella mosi o mongata o sa feleng.
21. Ho fediswa ha bodumedi ba bohata ho tla qala ka nako efe, hona nako eo e tla fela neng?
21 Ha mebuso ya lefatshe lena e fetohela Babilona e Moholo, e tla be e etsa ntho eo Modimo a e batlang. Ena e tla be e le qalo ya mahlomola a maholo e leng nako e thata ka ho fetisisa. (Mat. 24:21) Mahlomola a maholo a tla fela ka ntwa ya Armagedone e leng ntwa eo Jehova a tla e lwana le lefatshe lena le kgopo. (Tshen. 16:14, 16) Dikgaolo tse latelang tsa buka ena di tla bontsha hore lengolo la Ezekiele le na le dintho tse ngata tseo le ka re bolellang tsona tsa hore na mahlomola a maholo a tla etsahala jwang. Hona jwale, ke dintho dife tseo re batlang ho ithuta tsona ho Ezekiele kgaolo ya 16 le ya 23 tseo re batlang ho di hopola le ho di sebedisa?
22, 23. Ho ithuta ka matekatse a hlalositsweng ho Ezekiele le ho Tshenolo ho ka ama tsela eo re sebeletsang Jehova ka yona jwang?
22 Satane o rata ho kgelosa batho ba sebeletsang Jehova. O a thaba ha a fumana monyetla wa ho re kgelosa e le hore re se ke ra rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang mme re tshwane le matekatse a hlalositsweng bukeng ya Ezekiele. Re lokela ho hopola hore Jehova o batla hore re sebeletse yena feela le hore re mo tshepahalle. (Num. 25:11) Re leka ka hohle ho qoba bodumedi ba bohata le hore ‘re se ke ra tshwara letho le sa hlwekang’ mahlong a Modimo. (Esa. 52:11) Hape ha re kenelle dipolotiking le dintweng tsa lefatshe lena le se nang kgotso. (Joh. 15:19) Ho ikgantsha ka naha ya habo rona ho tshwana le ho ba bodumeding ba bohata ba Satane mme ha re batle letho le ka re kopanyang le bodumedi boo.
23 A re duleng re hopola hore ke ntho e thabisang haholo ho sebeletsa Jehova tempeleng ya hae ya tshwantshetso e hlwekileng. Ha re ntse re thabela mpho ena, a re ikemisetseng ho tsamaella hole le bodumedi ba bohata le botekatse ba hae.