Genese
17 Ha Abrame a e-ba lilemo li mashome a robong a metso e robong, Jehova a hlaha ho Abrame ’me a re ho eena:+ “Ke ’na Molimo ea Matla ’Ohle.+ Tsamaea ka pel’a ka ’me u be ea se nang molato.+ 2 Ke tla fana ka selekane sa ka pakeng tsa ka le uena,+ e le hore ke tle ke u atise haholo.”+
3 Eaba Abrame o itihela fatše ka sefahleho,+ ’me Molimo a tsoela pele ho bua le eena, a re: 4 “Ha e le ’na, bona! ke entse selekane le uena,+ ’me ka sebele u tla ba ntat’a lichaba tse ngata.+ 5 Ha u sa tla hlola u bitsoa Abrame, lebitso la hao e tla ba Abrahama, hobane ke tla u etsa ntat’a lichaba tse ngata. 6 Ke tla u atisa haholo, ke etse hore u be lichaba, ’me marena a tla tsoa ho uena.+
7 “Ke tla phetha selekane sa ka pakeng tsa ka le uena+ le peō ea hao e tlang ka mor’a hao ho ea ka meloko ea eona bakeng sa selekane ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ e le hore ke be Molimo oa hao le oa peō ea hao e tlang ka mor’a hao.+ 8 Ke tla fa uena le peō ea hao e tlang ka mor’a hao naha ea bojaki ba hao,+ esita le naha eohle ea Kanana, hore le e rue ho isa nakong e sa lekanyetsoang; ’me ke tla ba Molimo oa eona.”+
9 Eaba Molimo o eketsa ka ho re ho Abrahama: “Ha e le uena, u lokela ho boloka selekane sa ka, uena le peō ea hao e tlang ka mor’a hao ho ea ka meloko ea eona.+ 10 Sena ke selekane sa ka seo le tla se boloka, pakeng tsa ka le lōna, esita le peō ea hao e tlang ka mor’a hao:+ E mong le e mong e motona ho lōna a bolotsoe.+ 11 Le bolotsoe nama ea ntlha ea letlalo la litho tsa lōna tsa botona, ’me e tla ba pontšo ea selekane pakeng tsa ka le lōna.+ 12 E mong le e mong e motona ho lōna ea matsatsi a robeli a bolotsoe,+ ho ea ka meloko ea lōna, mang kapa mang ea tsoalloang ka tlung le mang kapa mang ea rekiloeng ka chelete ho motho leha e le ofe osele eo e seng oa peō ea hao. 13 Monna e mong le e mong ea tsoaletsoeng ka tlung ea hao le monna e mong le e mong ea rekiloeng ka chelete ea hao ruri a bolotsoe;+ ’me selekane sa ka nameng ea lōna e be selekane ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 14 Motho e motona ea sa bolotsoang ea ke keng a bolotsa ntlha ea letlalo la setho sa hae sa botona, moea oo o felisoe bathong ba habo oona.+ O tlōtse selekane sa ka.”
15 Molimo a tsoela pele ho re ho Abrahama: “Ha e le mosali oa hao Sarai, u se ke ua mo bitsa Sarai, hobane lebitso la hae ke Sara.+ 16 Ke tla mo hlohonolofatsa ’me ke u fe mora ka eena;+ ke tla mo hlohonolofatsa ’me o tla fetoha lichaba;+ marena a lichaba a tla tsoa ho eena.”+ 17 Eaba Abrahama o itihela fatše ka sefahleho ’me o qala ho tšeha le ho re ka pelong:+ “Na monna ea lilemo li lekholo o tla tsoalloa ngoana, ’me na Sara, e, na mosali ea lilemo li mashome a robong o tla beleha?”+
18 Ka mor’a tseo Abrahama a re ho Molimo oa ’nete: “E se eka Ishmaele a ka phela ka pel’a hao!”+ 19 Eaba Molimo o re: “Ruri mosali oa hao Sara o tla u tsoalla mora, ’me u tla mo reha lebitso la Isaka.+ Ke tla tiisa selekane sa ka le eena bakeng sa selekane ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho peō ea hae e tlang ka mor’a hae.+ 20 Empa ke u utloile mabapi le Ishmaele. Bona! Ke tla mo hlohonolofatsa ke mo atise ’me ke etse hore a ngatafale haholo.+ Ka sebele o tla hlahisa marenana a leshome le metso e ’meli, ’me ke tla mo etsa sechaba se seholo.+ 21 Leha ho le joalo, ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka,+ eo Sara a tla u tsoalla eena selemong se tlang ka nako ena e behiloeng.”+
22 Eaba Molimo o khaotsa ho bua le eena ’me o tloha ho Abrahama.+ 23 Joale Abrahama a nka mora oa hae Ishmaele le banna bohle ba tsoaletsoeng ka tlung ea hae le e mong le e mong ea rekiloeng ka chelete ea hae, e mong le e mong e motona har’a banna ba ntlo ea Abrahama, eaba o bolotsa nama ea ntlha ea letlalo la litho tsa bona tsa botona hona letsatsing lena, feela joalokaha Molimo a ne a buile le eena.+ 24 Abrahama o ne a le lilemo li mashome a robong a metso e robong ha nama ea ntlha ea letlalo la setho sa hae sa botona e bolotsoa.+ 25 Mora oa hae Ishmaele o ne a le lilemo li leshome le metso e meraro ha nama ea ntlha ea letlalo la setho sa hae sa botona e bolotsoa.+ 26 Hona letsatsing lena Abrahama a bolotsoa, le mora oa hae Ishmaele.+ 27 Le banna bohle ba ntlo ea hae, mang kapa mang ea tsoaletsoeng ka tlung le mang kapa mang ea rekiloeng ka chelete ho osele, ba bolotsoa le eena.+