Genese
18 Ka mor’a moo Jehova a hlaha+ ho eena har’a lifate tse khōlō tsa Mamre,+ ha a ntse a lutse monyako oa tente hoo e ka bang nakong ea ha ho chesa motšehare.+ 2 Ha a phahamisa mahlo,+ a talima ’me banna ba bararo ba ne ba eme hōjana le eena. Ha a re heli! ’me a ba bona a qala ho matha ho ba khahlanyetsa monyako oa tente ’me a inamela fatše.+ 3 Joale a re: “Joale, Jehova, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ka kōpo u se ke ua feta mohlanka oa hao.+ 4 Ka kōpo, ho ke ho nkoe metsinyana, ’me maoto a lōna a hlatsuoe.+ Joale le otle ka lehlakore tlas’a sefate.+ 5 E-re ke nke sengoathoana sa bohobe, ke khatholle lipelo tsa lōna.+ Ka mor’a moo, le ka fetela pele, ke ka lebaka leo le fetileng ka tsela ena la tla ho mohlanka oa lōna.” Eaba ba re: “Ke hantle. U ka etsa feela joalokaha u boletse.”
6 Kahoo Abrahama a potlakela tenteng ho Sara eaba o re: “Potlaka! Nka litekanyo tse tharo tsa seah tsa phofo e thumisehileng, u lube hlama ’me u etse lipolokoe.”+ 7 Ka mor’a moo Abrahama a mathela mohlapeng a nka pohoana e ntle e nyenyane a e fa mohlanka, ’me a potlakela ho e lokisa.+ 8 Joale a nka sereleli le lebese le pohoana tseo a li lokisitseng ’me a li beha ka pel’a bona.+ Kahoo a ’na a ema pel’a bona tlas’a sefate ha ba ntse ba ja.+
9 Joale ba re ho eena: “Mosali oa hao Sara o hokae?”+ Eaba o re: “O ka mona ka tenteng!”+ 10 Kahoo a tsoela pele: “Ruri ke tla khutlela ho uena selemong se tlang ka nako ena, ’me, bona! mosali oa hao Sara o tla ba le mora.”+ Joale Sara o ne a mametse a le monyako oa tente, ’me o ne o le ka mor’a monna eo. 11 Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba ile lilemong.+ Sara o ne a khaolitse ho ilela khoeli.+ 12 Kahoo Sara a qala ho tšehela ka pelong,+ a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, na ka sebele nka nyakalla, ebile morena oa ka a tsofetse?”+ 13 Joale Jehova a re ho Abrahama: “Sara o ne a tšeha’ng, ha a re, ‘Na ka kannete-nete ke tla beleha le hoja ke tsofetse?’+ 14 Na ho na le ntho e sa tloaelehang bakeng sa Jehova?+ Ke tla khutlela ho uena ka nako e behiloeng, selemong se tlang ka nako ena, ’me Sara o tla ba le mora.” 15 Empa Sara a qala ho latola, a re: “Ha kea tšeha!” Etsoe o ne a tšohile. Eaba o re: “Che! empa u tšehile.”+
16 Hamorao banna bao ba ema eaba ba talima tlaase nģ’a Sodoma,+ ’me Abrahama a tsamaea le bona a ba felehetsa.+ 17 Eaba Jehova o re: “Na ke patela Abrahama seo ke se etsang?+ 18 Ruri Abrahama e tla ba sechaba se seholo le se matla, ’me lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka eena.+ 19 Etsoe ke mo tsebile e le hore a ka laela bara ba hae le ba ntlo ea hae ba tlang ka mor’a hae hore ba boloke tsela ea Jehova ba etse ho loka le kahlolo;+ e le hore ka sebele Jehova a ka tlisetsa Abrahama seo a se buileng ka eena.”+
20 Ka lebaka leo Jehova a re: “Mohoo oa pelaelo ka Sodoma le Gomora,+ e, o moholo, le sebe sa bona, e, se boima haholo.+ 21 Ke hlile ke ikemiselitse ho theoha ke bone hore na ba etsa ho ea ka mohoo o etsoang mabapi le bona o tlileng ho ’na, ’me haeba ho se joalo, ke tle ke tsebe.”+
22 Ntlheng ena banna bao ba reteleha ’me ba ea Sodoma; empa ha e le Jehova,+ o ne a ntse a eme ka pel’a Abrahama.+ 23 Joale Abrahama a atamela ’me a qala ho re: “Na ka sebele u tla felisa ea lokileng le ea khopo?+ 24 A re re ho na le batho ba lokileng ba mashome a mahlano ka har’a motse. Joale, na u tla ba felisa ’me u se ke ua tšoarela sebaka seo ka lebaka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ka har’a sona?+ 25 Ha ho utloahale hore u etse ka mokhoa ona, u bolaee motho ea lokileng le ea khopo hoo ho tlang ho etsahala ho motho ea lokileng joalokaha ho etsahala ho ea khopo!+ Ha ho utloahale bakeng sa hao.+ Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?”+ 26 Joale Jehova a re: “Haeba nka fumana banna ba mashome a mahlano ka har’a motse oa Sodoma ke tla tšoarela sebaka sohle ka lebaka la bona.”+ 27 Empa Abrahama a tsoela pele ho araba ’me a re: “Ka kōpo, bona! ke ikhethetse ho bua le Jehova, athe ke lerōle le molora.+ 28 A re re ba lokileng ba mashome a mahlano ba haelloa ke ba bahlano. Na u tla felisa motse oohle ka lebaka la ba bahlano?” Eaba o re: “Nke ke ka o felisa haeba ke fumana ba mashome a mane a metso e mehlano teng.”+
29 Empa a boela a bua le eena ’me a re: “A re re ho fumanoa ba mashome a mane teng.” Eaba o re: “Nke ke ka ho etsa ka lebaka la ba mashome a mane.” 30 Empa a tsoela pele: “Ka kōpo, e se eka Jehova a ke ke a tuka ke bohale,+ empa e-re ke tsoele pele ho bua:+ A re re ho fumanoa ba mashome a mararo teng.” Eaba o re: “Nke ke ka ho etsa haeba ke fumana ba mashome a mararo teng.” 31 Empa a tsoela pele: “Ka kōpo, bona! ke ikhethetse ho bua le Jehova:+ A re re ho fumanoa ba mashome a mabeli teng.” Eaba o re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la ba mashome a mabeli.”+ 32 Qetellong a re: “Ka kōpo, e se eka Jehova a ke ke a tuka ke bohale,+ empa e-re ke bue hanngoe lekhetlong lena feela:+ A re re ho fumanoa ba leshome teng.” Eaba o re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la ba leshome.”+ 33 Joale Jehova+ a tloha ha a qeta ho bua le Abrahama, eaba Abrahama o khutlela sebakeng sa hae.