Genese
26 Joale ha e-ba le tlala naheng, ntle ho tlala ea pele e bileng teng matsatsing a Abrahama,+ hoo Isaka a ileng a leba Gerare ho Abimeleke, morena oa Bafilista.+ 2 Joale Jehova a hlaha ho eena ’me a re:+ “U se ke ua theohela Egepeta. Lula ka nakoana naheng eo ke u bontšang eona.+ 3 Lula u le mojaki naheng ena,+ ’me ke tla ba le uena ke u hlohonolofatse, hobane ke tla fa uena le peō ea hao linaha tsena kaofela,+ ’me ke tla phetha polelo e hlapanyelitsoeng eo ke e hlapanyelitseng ntat’ao Abrahama,+ 4 ‘Ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo ’me ke tla fa peō ea hao linaha tsena tsohle;+ ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao,’+ 5 hobane Abrahama o ile a mamela lentsoe la ka ’me a tsoela pele ho boloka tlamo ea hae ho ’na, litaelo tsa ka, litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng, le melao ea ka.”+ 6 Kahoo Isaka a tsoela pele ho lula Gerare.+
7 Joale, banna ba sebaka seo ba ’na ba botsa ka mosali oa hae, ’me o ne a re: “Ke khaitseli ea ka.”+ Kaha o ne a tšaba hore a re “Ke mosali oa ka” esere, ho qotsa mantsoe a hae, “banna ba sebaka sena ba mpolaea ka lebaka la Rebeka,” hobane o ne a e-na le ponahalo e khahlehang.+ 8 Kahoo eitse ha matsatsi a hae moo a ata, Abimeleke morena oa Bafilista, o ne a shebile ka fensetere a talimile, ’me a bona Isaka a ithabisa le mosali oa hae Rebeka.+ 9 Hang-hang Abimeleke a bitsa Isaka a re: “Ke mosali oa hao! Kahoo ho tla joang hore ebe u itse, ‘Ke khaitseli ea ka’?” Eaba Isaka o re ho eena: “Ke ho boletse esere ka shoa ka lebaka la hae.”+ 10 Empa Abimileke a tsoela pele: “U re entse’ng?+ Ho setse hanyenyane ’me ka sebele e mong oa batho a ka be a robetse le mosali oa hao, ’me u ka be u re tliselitse molato!”+ 11 Joale Abimeleke a laela batho bohle, a re: “Motho leha e le mang ea amang monna enoa le mosali oa hae ruri o tla bolaoa!”
12 Ka mor’a moo Isaka a qala ho jala peō naheng eo,+ ’me selemong seo a fumana litekanyo tse fihlang lekholong ho e le ’ngoe,+ kaha Jehova o ne a mo hlohonolofatsa.+ 13 Tumellanong le hoo monna enoa a ba moholo ’me a ’na a tsoela pele ho hōla ho fihlela a e-ba moholo haholo.+ 14 A ba le mehlape ea linku le mehlape ea likhomo le sehlopha se seholo sa bahlanka,+ hoo Bafilista ba ileng ba qala ho mo honohela.+
15 Ha e le liliba tsohle tseo bahlanka ba ntat’ae ba li chekileng matsatsing a ntat’ae Abrahama,+ Bafilista ba li thiba ’me ba li tlatsa ka mobu o omileng.+ 16 Qetellong Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha tikolohong ea rōna, hobane u fetohile ea matla haholo ho re feta.”+ 17 Kahoo Isaka a tloha moo eaba o hloma liahelo phuleng ea molapo o phoroselang ea Gerare+ ’me o lula teng. 18 Isaka a boela a cheka liliba tsa metsi tseo ba ileng ba li cheka matsatsing a ntat’ae Abrahama empa tseo Bafilista ba ileng ba li thiba ka mor’a lefu la Abrahama;+ a boela a li bitsa ka mabitso ao ntat’ae a neng a li rehile ’ona.+
19 Bahlanka ba Isaka ba tsoela pele ho cheka phuleng ea molapo o phoroselang, kahoo ba fumana seliba sa metsi a hloekileng teng. 20 Balisa ba Gerare ba qabana le balisa ba Isaka,+ ba re: “Metsi ana ke a rōna!” Kahoo a reha seliba seo lebitso la Eseke, hobane ba ne ba phehisane le eena. 21 Eaba ba cheka seliba se seng, ’me ba qabana ka lebaka la sona hape. Kahoo a se reha lebitso la Sitna. 22 Hamorao a tloha moo ’me a cheka seliba se seng,+ empa ha baa ka ba qabana ka lebaka la sona. Kahoo a se reha lebitso la Rehobothe ’me a re: “Ke hobane joale Jehova o re file sebaka se seholo+ ’me o re atisitse lefatšeng.”+
23 Joale a tloha moo a ea Beerseba.+ 24 Jehova a bonahala ho eena bosiung boo ’me a re: “Ke ’na Molimo oa ntat’ao Abrahama.+ U se ke ua tšoha,+ hobane ke na le uena, ’me ke tla u hlohonolofatsa ke atise peō ea hao ka lebaka la mohlanka oa ka Abrahama.”+ 25 Tumellanong le hoo a haha aletare moo eaba o ipiletsa lebitsong la Jehova+ ’me o hloma tente ea hae moo,+ ’me bahlanka ba Isaka ba cheka seliba moo.
26 Hamorao Abimeleke a tla ho eena a tsoa Gerare a e-na le Ahuzathe motsoalle oa hae ea tšepeloang makunutu le Fikole molaoli oa lebotho la hae.+ 27 Eaba Isaka o re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tlile ho ’na, kaha le ntlhoile ’me le itse ke tlohe tikolohong ea lōna?”+ 28 Eaba ba re: “Ruri re bone hore Jehova o na le uena.+ Kahoo re itse, ‘Ka kōpo, ho ke ho be le kano e tlamang pakeng tsa rōna,+ pakeng tsa rōna le uena, ’me re hlabe selekane le uena,+ 29 hore u ke ke ua re etsa letho le lebe feela joalokaha re sa ka ra u ama le joalokaha re u entse se molemo feela ka hore ebe re itse u tsamaee ka khotso.+ Joale u ea hlohonolofalitsoeng oa Jehova.’”+ 30 Joale a ba etsetsa mokete eaba baa ja ’me baa noa.+ 31 Hoseng ho hlahlamang ba tsoha kapele ’me ba hlapanyetsana.+ Ka mor’a moo Isaka a re ba tsamaee ’me ba tloha ho eena ka khotso.+
32 Joale letsatsing leo bahlanka ba Isaka ba tla ’me ba mo tlalehela ka seliba seo ba neng ba se chekile,+ ’me ba re ho eena: “Re fumane metsi!” 33 Kahoo a se reha lebitso la Seba. Ke ka lebaka leo lebitso la motse e leng Beerseba,+ ho fihlela kajeno.
34 Esau a hōla a ba lilemo li mashome a mane. Joale a nka Judithe morali oa Beri Mohethe hore e be mosali oa hae le Basmathe morali oa Elone Mohethe.+ 35 Ba utloisa moea oa Isaka le Rebeka bohloko.+