17 ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle;+ ’me peō ea hao e tla rua heke ea lira tsa eona.+
9 Bana ba bona ba tla tsejoa har’a lichaba,+ le litloholo tsa bona har’a lichaba. Bohle ba ba bonang ba tla ba tseba,+ hore ke bana bao Jehova a ba hlohonolofalitseng.”+
34 “Joale morena o tla re ho ba ka ho la hae le letona, ‘Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate,+ le rue+ ’muso+ oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.+