Genese
48 Eitse ka mor’a lintho tsena ha thoe ho Josefa: “Bona, ntat’ao oa fokola.” Eaba o nka bara ba hae ba babeli Manase le Efraime.+ 2 Joale ha tlaleheloa Jakobo ha thoe: “Bona! mora oa hao Josefa o tlile ho uena.” Kahoo Iseraele a ipha matla ’me a lula setulong sa hae se kang bethe. 3 Eaba Jakobo o re ho Josefa:
“Molimo ea Matla ’Ohle o ile a hlaha ho ’na Luze+ naheng ea Kanana e le hore a ka ntlhohonolofatsa.+ 4 Eaba o tsoela pele ho re ho ’na, ‘Bona! ke tla u atisa,+ ke etse hore u ngatafale ’me ke tla u fetola phutheho ea lichaba+ hape ke fe peō ea hao naha ena hore e e rue ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’+ 5 Joale bara ba hao ba babeli bao u ba tsoaletsoeng naheng ea Egepeta pele ke tla mona ho uena Egepeta, ke ba ka.+ Efraime le Manase e tla ba ba ka joaloka Rubene le Simeone.+ 6 Empa bana bao u tlang ho ba tsoala ka mor’a bona e tla ba ba hao. Ba tla bitsetsoa lefeng la bona hammoho le mabitso a barab’abo bona.+ 7 Ha e le ’na, ha ke tsoa Padane,+ Ragele o ile a shoela+ tseleng haufi le ’na naheng ea Kanana ha ho sa ntse ho setse sebaka se seholo pele re fihla Efratha,+ kahoo ka mo pata moo tseleng e eang Efratha, ke ho re, Bethlehema.”+
8 Joale Iseraele a bona bara ba Josefa ’me a re: “Bana ke bo-mang?”+ 9 Kahoo Josefa a re ho ntat’ae: “Ke bara ba ka bao Molimo a mphileng bona sebakeng sena.”+ Eaba o re: “Ka kōpo, ba tlise ho ’na hore ke ba hlohonolofatse.”+ 10 Joale mahlo a Iseraele a ne a le lerootho ka lebaka la botsofali.+ O ne a sa khone ho bona. Ka lebaka leo a ba atametsa haufi le eena, ’me a ba aka eaba oa ba kopa.+ 11 Eaba Iseraele o re ho Josefa: “Ke ne ke sa nahane hore ke tla bona sefahleho sa hao,+ empa bona! Molimo o ntumeletse le ho bona bana ba hao.” 12 Ka mor’a moo Josefa a ba tlosa mangoleng a hae, eaba o inamela fatše ka sefahleho.+
13 Joale Josefa a ba tšoara ka bobeli, Efraime ka letsoho la hae le letona ka letsohong le letšehali la Iseraele,+ le Manase ka letsoho la hae le letšehali ka letsohong le letona la Iseraele,+ eaba o ba atametsa ho eena. 14 Leha ho le joalo, Iseraele a ntša letsoho la hae le letona a le beha hloohong ea Efraime,+ le hoja a ne a le monyenyane,+ ’me letsoho la hae le letšehali a le beha hloohong ea Manase.+ A beha matsoho a hae joalo ka morero, etsoe Manase e ne e le letsibolo.+ 15 Eaba o hlohonolofatsa Josefa ’me o re:+
“Molimo oa ’nete eo bo-Ntate Abrahama le Isaka ba tsamaileng ka pel’a hae,+
Molimo oa ’nete ea ’nileng a ntisa bophelong bohle ba ka ho fihlela letsatsing lena,+
16 Lengeloi le ’nileng la ntopolla tlokotsing eohle,+ u hlohonolofatse bashanyana bana.+
Ba ke ba bitsoe ka lebitso la ka hammoho le la bo-Ntate, Abrahama le Isaka,+
’Me ba ke ba eketsehe ho ba letšoele har’a lefatše.”+
17 Ha Josefa a bona hore ntat’ae o ntse a behile letsoho la hae le letona hloohong ea Efraime, ha hoa ka ha mo khahlisa,+ eaba o leka ho tšoara letsoho la ntat’ae ho le tlosa hloohong ea Efraime ho le isa hloohong ea Manase.+ 18 Kahoo Josefa a re ho ntat’ae: “Eseng joalo, Ntate, hobane enoa ke letsibolo.+ Beha letsoho la hao hloohong ea hae.” 19 Empa ntat’ae a ’na a hana a re: “Kea tseba, mora oa ka, kea tseba. Le eena e tla ba sechaba ’me le eena o tla ba moholo.+ Empa, leha ho le joalo, moen ’ae o tla ba moholo ho eena,+ ’me bana ba hae ba tla lekana ka ho feletseng le lichaba.”+ 20 Eaba o tsoela pele ho ba hlohonolofatsa letsatsing leo,+ o re:
“Ka uena Iseraele a ke a phatlalatse tlhohonolofatso ka ho pheta-pheta, a re,
‘E se eka Molimo a ka u etsa joaloka Efraime le joaloka Manase.’”+
Kahoo a ’na a beha Efraime ka pel’a Manase.+
21 Ka mor’a moo Iseraele a re ho Josefa: “Bona, kea shoa,+ empa ka sebele Molimo o tla ba le lōna a le khutlisetse naheng ea baholo-holo ba lōna.+ 22 Ha e le ’na, ke u fa karolo ea naha ho feta seo ke se fang barab’eno,+ naha eo ke e nkileng letsohong la Baamore ka sabole ea ka le ka seqha sa ka.”