Genese
49 Hamorao Jakobo a bitsa bara ba hae ’me a re: “Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla karolong e qetellang ea matsatsi. 2 Bokanang ’me le mamele, lōna bara ba Jakobo, e, mamelang ntat’a lōna Iseraele.+
3 “Rubene, u letsibolo la ka,+ matla a ka le tšimoloho ea matla a ka a ho ikatisa,+ bokhabane bo hlomphehang le bokhabane ba matla. 4 Ka ho se tsotelle joaloka metsi, u se ke ua ba ea fetisisang,+ hobane u hloeletse betheng ea ntat’ao.+ Ka nako eo u ile ua silafatsa liphate tsa ka.+ A hloella ho tsona!
5 “Simeone le Levi ke bara ba motho.+ Likofuto tsa pefo ke libetsa tsa bona tsa polao.+ 6 U se ke ua kena sehlopheng sa bona sa metsoalle e haufi-ufi,+ Uena moea oa ka. U se ke ua kopana le phutheho ea bona,+ Uena boikutlo ba ka, hobane bohaleng ba bona ba bolaile batho,+ ’me ho tlatlapeng ha bona ba khaotse mesifa ea lipoho. 7 Ho rohakoe bohale ba bona,+ hobane bo sehlōhō,+ le khalefo ea bona, hobane e etsa ka ho se utloele bohloko.+ E-re ke ba arole ho Jakobo ’me ke ba hasanye Iseraele.+
8 “Ha e le uena, Juda,+ barab’eno ba tla u roka.+ Letsoho la hao le tla ba sekotlong sa lira tsa hao.+ Bara ba ntat’ao ba tla itihela fatše ka lifahleho ho uena.+ 9 Juda ke lelinyane la tau.+ Mora oa ka, ka sebele u tla nyoloha phofung. O iname, o ikotlolotse joaloka tau, ke mang ea ka itetang sefuba ho mo tsosa?+ 10 Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda,+ leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla;+ ’me lichaba li tla mo mamela.+ 11 A tlameletse esele ea hae e hōlileng sefateng sa morara le petsana ea esele ea hae e tšehali sefateng se setle ka ho fetisisa sa morara, ka sebele o tla hlatsoa liphahlo tsa hae veineng ’me seaparo sa hae a se hlatsoe maling a morara.+ 12 Mahlo a hae a bofubelu bo lefifi ka lebaka la veine, ’me meno a hae a masoeu ka lebaka la lebese.
13 “Zabulone o tla lula lebōpong la leoatle,+ ’me o tla ba haufi le lebōpo moo likepe li emisitsoeng teng ka ankora;+ lehlakore la hae le ka thōko le tla ba nģ’a Sidone.+
14 “Isakare+ ke esele e nang le masapo a matla, e bothileng pakeng tsa lisatlelebeke tse peli. 15 O tla bona hore sebaka sa phomolo se setle le hore naha ea khahleha; o tla koba lehetla la hae ho jara meroalo ’me o tla etsa mosebetsi o qobelloang oa bokhoba.
16 “Dane o tla ahlola batho ba hae joaloka o mong oa meloko ea Iseraele.+ 17 Dane e ke e be noha e ka thōko ho tsela, noha e linaka ka thōko ho tsela, e lomang lirethe tsa pere hoo mopalami oa eona a oang ka seetse.+ 18 Jehova, ruri ke tla letela poloko e tsoang ho uena.+
19 “Ha e le Gade, o tla futuheloa ke sehlopha sa bafutuhi, empa o tla futuhela karolo e ka morao-rao.+
20 “Bohobe bo tsoang ho Ashere bo tla ba mafura,+ ’me o tla fana ka lintho tse monate tsa morena.+
21 “Nefthali+ ke khama e tšehali e tšesaane. O fana ka mantsoe a khahlisang.+
22 “Letlōbō la sefate se behang litholoana,+ Josefa ke letlōbō la sefate se behang litholoana pel’a seliba,+ se lebisang makala a sona ka holim ’a lerako.+ 23 Empa ba fulang metsu ba ’nile ba mo tšoenya ’me ba mo fula ’me ba ’na ba mo koetlela lehloeo.+ 24 Leha ho le joalo seqha sa hae se ne se lula sebakeng se sa feleng,+ ’me matla a matsoho a hae a ne a tenyetseha.+ Matsohong a Ea Matla oa Jakobo,+ ho na le Molisa, Lejoe la Iseraele.+ 25 O tsoa ho Molimo oa ntat’ao,+ ’me o tla u thusa;+ o na le Ea Matla ’Ohle,+ ’me o tla u hlohonolofatsa ka litlhohonolofatso tsa maholimo a holimo,+ ka litlhohonolofatso tsa boliba bo tlaase,+ ka litlhohonolofatso tsa matsoele le pōpelo.+ 26 Ruri litlhohonolofatso tsa ntat’ao li tla phahamela litlhohonolofatso tsa lithaba tsa ka ho sa feleng,+ li phahamele mokhabiso oa maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+ Li tla ’ne li be holim ’a hlooho ea Josefa, esita le har’a hlooho ea ea qolotsoeng ho barab’abo.+
27 “Benjamine o tla ’ne a rusolle joaloka phiri.+ Hoseng o tla ja phoofolo e nkiloeng ’me mantsiboea o tla arola thepa e hapuoeng.”+
28 Ena kaofela ke meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele, ’me sena ke seo ntat’a bona a ba boleletseng sona ha a ba hlohonolofatsa. O hlohonolofalitse e mong le e mong ho ea ka tlhohonolofatso ea hae.+
29 Ka mor’a moo a ba laela a re ho bona: “Ke nkeloa ho batho ba heso.+ Mpateng le bo-Ntate lehaheng le tšimong ea Efrone Mohethe,+ 30 lehaheng le tšimong ea Makpela e ka pel’a Mamre naheng ea Kanana, tšimo eo Abrahama a e rekileng ho Efrone Mohethe hore e be sebaka sa lepato.+ 31 Ba ile ba pata Abrahama le mosali oa hae Sara moo.+ Ba pata Isaka le mosali oa hae Rebeka moo,+ ’me ka pata Lea moo. 32 Tšimo e rekiloeng le lehaha le ho eona li ne li tsoa ho bara ba Hethe.”+
33 Kahoo Jakobo a qeta ho fana ka litaelo ho bara ba hae. Joale a phutha maoto a hae holim ’a setulo se kang bethe eaba oa shoa ’me o nkeloa ho batho ba habo.+