2 Samuele
16 Ha Davida a tšeletse hanyenyane ka nģ’ane ho tlhōrō ea thaba,+ Tsiba+ mohlanka oa Mefiboshethe+ a mo khahlanyetsa ka liesele+ tse peli tse qhanehiloeng ’me li belesitsoe mahobe+ a makholo a mabeli le mahobe a lekholo a morara o omisitsoeng+ le mejaro e lekholo ea litholoana+ tsa lehlabula le nkho e khōlō ea veine.+ 2 Joale morena a re ho Tsiba: “Lintho tsee li bolela’ng ho uena?”+ Eaba Tsiba o re: “Liesele ke tsa ba ntlo ea morena hore ba li palame, ’me bohobe le mojaro oa litholoana tsa lehlabula ke tsa bahlankana+ hore ba li je, ’me veine ke ea ea khathetseng+ lefeelleng+ hore a e noe.” 3 Joale morena a re: “Mora oa mong’a hao o hokae?”+ Eaba Tsiba o re ho morena: “Ke eane o lula Jerusalema; etsoe o itse, ‘Kajeno ntlo ea Iseraele e tla nkhutlisetsa bobusi ba Ntate.’”+ 4 Joale morena a re ho Tsiba: “Bona! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Mefiboshethe ke ea hao.”+ Ka mor’a moo Tsiba a re: “Kea inama.+ E-re ke fumane kamohelo mahlong a hao, khosi ea ka morena.”
5 Morena Davida a fihla Bahurime,+ ’me, bonang! ea tsoang moo e ne e le monna oa lelapa la ntlo ea Saule, ’me lebitso la hae e ne e le Shimei,+ mora oa Gera, a tsoa ’me a rohakana ha a ntse a tsoa.+ 6 A qala ho betsa Davida ka majoe le bahlanka bohle ba Morena Davida; batho bohle le banna bohle ba matla ba ne ba le lehlakoreng la hae le letona le le letšehali. 7 Sena ke seo Shimei a ileng a se bua ha a ntse a rohakana: “Tloha, tloha, uena monna ea molato oa mali+ le monna ea se nang molemo!+ 8 Jehova o khutliselitse holim ’a hao molato oohle oa mali bakeng sa ntlo ea Saule eo u busitseng u le morena sebakeng sa hae; Jehova o fana ka borena letsohong la mora oa hao Absalome. Bona! u tlokotsing, hobane u monna ea molato oa mali!”+
9 Qetellong Abishai mora oa Tseruja+ a re ho morena: “Ke hobane’ng ha ntja+ ee e shoeleng e lokela ho rohaka khosi ea ka morena?+ Ka kōpo, e-re ke ee ’me ke mo khaole hlooho.”+ 10 Empa morena a re: “Taba ea ka le lōna ke efe,+ lōna bara ba Tseruja?+ Kahoo, mo tlohele hore a rohakane,+ hobane Jehova o itse ho eena,+ ‘Rohaka Davida!’ Kahoo ke mang ea lokelang ho re, ‘Ke hobane’ng ha u entse seo?’”+11 Davida a tsoela pele ho re ho Abishai le bahlanka bohle ba hae: “Bonang! mora oa ka, ea tsoileng lithong tsa ka tse ka hare, o batla moea oa ka;+ ho joalo hakaakang ka Mobenjamine!+ Mo tloheleng e le hore a ka rohakana, etsoe Jehova o mo boleletse joalo! 12 Mohlomong Jehova o tla bona+ ka leihlo la hae, ’me Jehova o tla mpuseletsa molemo ho e-na le thohako ea hae letsatsing lena.”+ 13 Eaba Davida le banna ba hae ba tsoela pele ho tsamaea tseleng, ha Shimei a ntse a tsamaea lehlakoreng la thaba, a tsamaea a bapile le eena e le hore a ka rohakana;+ a ’na a betsa majoe ha a ntse a bapile le eena, ’me a thuntša lerōle le lengata.+
14 Qetellong morena le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba fihla ba khathetse. Kahoo ba ikhatholla moo.+
15 Ha e le Absalome le batho bohle, banna ba Iseraele, ba kena Jerusalema;+ ’me Akitofele+ o ne a e-na le eena. 16 Eitse hang ha Hushai+ Moareke,+ motsoalle oa Davida,+ a kena ho Absalome, Hushai a re ho Absalome: “Morena a ke a phele!+ Morena a ke a phele!” 17 Eaba Absalome o re ho Hushai: “Ona ke mosa oa hao o lerato ho motsoalle oa hao, na ha ho joalo? Ke hobane’ng ha u sa tsamaea le motsoalle oa hao?”+ 18 Kahoo Hushai a re ho Absalome: “Che; empa eo Jehova a mo khethileng, le batho bana le banna bohle ba Iseraele, ke tla ba oa hae, ’me ke tla lula le eena. 19 Ka lekhetlo la bobeli ke tla re, Ke tla sebeletsa mang? Na hase ka pel’a mora oa hae? Feela joalokaha ke sebelelitse ka pel’a ntat’ao, ka ho tšoanang ke tla ba ka pel’a hao.”+
20 Hamorao Absalome a re ho Akitofele: “Fanang ka keletso.+ Re tla etsa joang?” 21 Joale Akitofele a re ho Absalome: “Kopanela liphate le lirethe tsa ntat’ao,+ tseo a li siileng hore li hlokomele ntlo.+ Ka sebele Baiseraele bohle ba tla utloa hore u ikentse ea nkhang hampe+ ho ntat’ao,+ ’me ka sebele matsoho+ a bohle ba nang le uena a tla ba matla.” 22 Tumellanong le hoo ba hlomela Absalome tente holim ’a marulelo,+ eaba Absalome o qala ho kopanela liphate le lirethe tsa ntat’ae+ mahlong a Baiseraele bohle.+
23 Keletso eo Akitofele a neng a eletsa ka eona matsatsing ao, e ne e le joalokaha motho a ne a botsa lentsoe ho Molimo oa ’nete. Ke tsela eo keletso+ eohle ea Akitofele+ e neng e le ka eona ho Davida le ho Absalome.