2 Marena
8 Elisha o ne a buile le mosali eo a neng a tsositse+ mora oa hae, a re: “Tloha u tsamaee, uena le ba ntlo ea hao, ’me u lule u le mojaki kae kapa kae moo u ka lulang u le mojaki;+ etsoe Jehova o bitsitse tlala,+ ’me, ntle ho moo, e tla tla naheng ka lilemo tse supileng.”+ 2 Kahoo mosali eo a ema ’me a etsa ho ea ka lentsoe la monna oa Molimo oa ’nete ’me a tsamaea,+ eena le ba ntlo ea hae,+ eaba o lula e le mojaki naheng ea Bafilista+ ka lilemo tse supileng.
3 Eitse bofelong ba lilemo tse supileng mosali eo a khutla naheng ea Bafilista ’me a tsoa ho ea kōpa ntlo ea hae le tšimo ea hae ho morena.+ 4 Joale morena o ne a ntse a bua le Gehazi+ mohlanka oa monna oa Molimo oa ’nete, a re: “Ka kōpo, mphetele lintho tsohle tse khōlō tseo Elisha a li entseng.”+ 5 Eitse ha a ntse a phetela morena kamoo a neng a tsositse mofu,+ joale mosali eo a neng a tsositse mora oa hae o ne a kōpa ntlo ea hae le tšimo+ ea hae ho morena. Hang-hang Gehazi a re: “Khosi+ ea ka morena, mosali eo ke enoa, ’me mora oa hae ke enoa eo Elisha a mo tsositseng.” 6 Eaba morena o botsa mosali eo, ’me a tsoela pele ho mo phetela pale eo.+ Joale morena a mo fa molaoli oa lekhotla,+ a re: “Khutlisa sohle sa hae le lihlahisoa tsohle tsa tšimo tsa ho tloha letsatsing la ho tloha ha hae naheng ena ho fihlela hona joale.”+
7 Elisha a fihla Damaseka;+ Ben-hadade+ morena oa Syria o ne a kula. Ka lebaka leo a tlaleheloa, ha thoe: “Monna oa Molimo+ oa ’nete o fihlile mona.” 8 Eaba morena o re ho Hazaele:+ “Nka mpho+ letsohong la hao ’me u kopane le monna oa Molimo oa ’nete, ’me u botse+ Jehova ka eena, u re, ‘Na ke tla hlaphoheloa boloetseng boo?’” 9 Kahoo Hazaele a tsamaea ho ea kopana le eena ’me a nka mpho letsohong la hae, esita le ntho e molemo ea Damaseka ea mofuta o mong le o mong, mojaro oa likamele tse mashome a mane, eaba oa tla ’me o ema ka pel’a hae o re: “Mora oa hao,+ Ben-hadade, morena oa Syria, o nthometse ho uena, o re, ‘Na ke tla hlaphoheloa boloetseng boo?’” 10 Joale Elisha a re ho eena: “Tsamaea, u re ho eena, ‘Ka sebele u tla hlaphoheloa,’ Jehova o mpontšitse+ hore ka sebele o tla shoa.”+ 11 A tsoela pele a talimile ka tieo ’me a ’na a talima ho fihlela a soaba. Joale monna oa Molimo oa ’nete a lla.+ 12 Eaba Hazaele o re: “Ke hobane’ng ha moren ’a ka a lla?” Eaba o re: “Kahobane ke tseba hantle se kotsi+ seo u tlang ho se etsa ho bara ba Iseraele. Libaka tsa bona tse etselitsoeng liqhobosheane u tla li chesa ka mollo, ’me banna ba bona ba khethehileng u tla ba bolaea ka sabole, ’me bana ba bona u tla ba robakanya,+ le basali ba bona ba baimana u tla ba tabola.”+ 13 Ka mor’a moo Hazaele a re: “Mohlanka oa hao ke’ng, haese ntja+ feela, hoo a ka etsang ntho ee e khōlō?” Empa Elisha a re: “Jehova o mpontšitse uena u le morena oa Syria.”+
14 Ka mor’a moo a tloha ho Elisha ’me a tla ho morena oa hae, eo joale a ileng a re ho eena: “Elisha o itse’ng ho uena?” Eaba o re: “O itse ho ’na, ‘Ka sebele u tla hlaphoheloa.’”+ 15 Eare letsatsing le hlahlamang a nka lesela le koahelang moalo ’me a le ina ka metsing ’me a mo koahela sefahleho+ ka lona, hoo a ileng a shoa.+ Hazaele+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
16 Ka selemo sa bohlano sa Jorame+ mora oa Akabe morena oa Iseraele, ha Josafate e ntse e le morena oa Juda, Jorame+ mora oa Josafate morena oa Juda ea e-ba morena. 17 O ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e ’meli ha e e-ba morena, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse robeli.+ 18 A qala ho tsamaea tseleng ea marena a Iseraele,+ feela joalokaha ba ntlo ea Akabe ba ne ba entse;+ etsoe morali oa Akabe e ile ea e-ba mosali oa hae,+ ’me a ’na a etsa se sebe mahlong a Jehova. 19 Jehova o ne a sa batle ho felisa Juda+ ka lebaka la mohlanka oa hae Davida,+ feela joalokaha a ne a mo tšepisitse ho fa eena le bara ba hae lebone+ kamehla.
20 Matsatsing a hae Baedomo+ ba fetohela Bajuda, ’me joale ba etsa hore morena+ a ba buse. 21 Ka lebaka leo Jorame a fetela Zaire, hammoho le likoloi tsohle. A tsoha bosiu ’me a bolaea Baedomo ba neng ba mo pota-potile le baokameli ba likoloi; batho ba balehela litenteng tsa bona. 22 Empa Baedomo ba tsoela pele ho fetohela Bajuda ho fihlela letsatsing lena. Joale Libna+ ea qala ho etsa bofetoheli.
23 Litaba tse ling kaofela tsa Jorame le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 24 Qetellong Jorame a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ Mora oa hae Akazia+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
25 Ka selemo sa leshome le metso e ’meli sa Jorame mora oa Akabe morena oa Iseraele, Akazia mora oa Jorame morena oa Juda ea e-ba morena.+ 26 Akazia o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema+ ka selemo se le seng. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Athalia+ setloholo sa Omri+ morena oa Iseraele. 27 A tsamaea tseleng ea ntlo ea Akabe+ ’me a ’na a etsa se sebe mahlong+ a Jehova, joaloka ntlo ea Akabe, etsoe o ne a amana le ntlo ea Akabe ka lenyalo.+ 28 Ka lebaka leo a ea le Jorame mora oa Akabe ntoeng khahlanong le Hazaele+ morena oa Syria e Ramothe-gileade,+ empa Basyria ba hlaba+ Jorame. 29 Kahoo Morena Jorame+ a khutlela Jezriele+ hore a fole maqebeng ao Basyria ba neng ba mo ntšitse ’ona Rama ha a loantša Hazaele morena oa Syria. Ha e le Akazia+ mora oa Jorame morena oa Juda, a theoha ho ea bona Jorame mora oa Akabe Jezriele, etsoe o ne a kula.