1 Likronike
12 Bana ke ba ileng ba tla ho Davida Ziklage+ ha a sa ntse a le tlas’a lithibelo ka lebaka la Saule+ mora oa Kishe; ba ne ba le har’a banna ba matla,+ bathusi ntoeng, 2 ba hlometseng ka seqha, ba sebelisang matsoho a matona ’me ba sebelisa matsoho a matšehali+ ka majoe+ kapa ka metsu+ seqheng.+ E ne e le ba barab’abo Saule, ba Benjamine. 3 Ho ne ho e-na le Akiezere hlooho le Joashe bara ba Shema Mogibea,+ le Jeziele le Pelete bara ba Azmavethe,+ le Beraka le Jehu Moanathothe,+ 4 le Ishmaia Mogibeone,+ monna ea matla har’a ba mashome a mararo+ le holim ’a ba mashome a mararo; le Jeremia le Jahaziele le Johanane le Jozabade Mogedera,+ 5 Eluzai le Jerimothe le Bealia le Shemaria le Shefatia Moharife, 6 Elkana le Ishia le Azarele le Joezere le Jashobeame, Bakora,+ 7 le Joela le Zebadia bara ba Jerohame oa Gedore.
8 Ho ne ho e-na le ba bang ba Bagade ba ileng ba ikarolela ka lehlakoreng la Davida sebakeng seo ho leng thata ho se atamela lefeelleng,+ banna ba sebete, ba matla, banna ba lebotho bakeng sa ntoa, ba bolokang thebe e khōlō le lerumo li lokile,+ bao lifahleho tsa bona e neng e le lifahleho tsa litau,+ ’me ka lebelo+ ba ne ba le joaloka litšephe lithabeng. 9 Ezere e ne e le hlooho, oa bobeli e le Obadia, oa boraro e le Eliabe, 10 oa bone e le Mishmana, oa bohlano e le Jeremia, 11 oa botšelela e le Atai, oa bosupa e le Eliele, 12 oa borobeli e le Johanane, oa borobong e le Elzabade, 13 oa leshome e le Jeremia, oa leshome le motso o mong e le Makbanai. 14 Bana e ne e le ba bara ba Gade,+ lihlooho tsa lebotho. E monyenyane o ne a lekana le ba lekholo, ’me e moholo a lekana le ba sekete.+ 15 Bana ke bona ba ileng ba tšela Jordane+ ka khoeli ea pele ha e ne e jele litlhokoa,+ ba ntan’o leleka bohle ba likhohlong, ho ea ka bochabela le ho ea ka bophirimela.
16 Ba bang ba bara ba Benjamine le Juda ba fihla sebakeng seo ho leng thata ho se atamela,+ ho Davida. 17 Joale Davida a tsoela ka pel’a bona ’me a araba a re ho bona: “Haeba le tlile ho ’na ka khotso+ ho tla nthusa, pelo ea ka e tla ba bonngoeng le lōna.+ Empa haeba ke ho tla nkeka ho bahanyetsi ba ka le hoja ho se na phoso liatleng tsa ka,+ Molimo+ oa baholo-holo ba rōna a ke a bone hoo ’me a ho lokise.”+ 18 Moea+ oa aparela Amasai, hlooho ea ba mashome a mararo:
“Re ba hao, Uena Davida, ’me re na le uena,+ mora oa Jese.
Khotso, khotso e be ea hao, ’me khotso e be ho ea u thusang,
Etsoe Molimo oa hao o u thusitse.”+
Kahoo Davida a ba amohela eaba o ba beha har’a bao e leng lihlooho tsa masole.+
19 Ho ne ho e-na le ba bang ba Manase ba neng ba koenehetse ho Davida ha a ne a tla le Bafilista+ ho loantša Saule; empa ha aa ka a ba thusa, etsoe ha marena a selekane+ a Bafilista a eletsoa a ile a re a tsamaee, a re: “Ka ho beha lihlooho tsa rōna kotsing o tla koenehela ho morena oa hae Saule.”+ 20 Ha a fihla Ziklage+ ba ileng ba koenehela ho eena ho tsoa ho Manase e ne e le Adna le Jozabade le Jediaele le Mikaele le Jozabade le Elihu le Zilethai, lihlooho+ tsa ba likete bao e neng e le ba Manase. 21 Ba ne ba thusa Davida khahlanong le sehlopha sa bafutuhi,+ hobane kaofela ha bona e ne e le banna ba matla+ ba sebete, ’me e ile ea e-ba balaoli ba lebotho; 22 etsoe letsatsi le letsatsi batho ba ne ba ntse ba tla+ ho Davida ho tla mo thusa, ho fihlela e le lebotho le leholo,+ joaloka lebotho la Molimo.+
23 Tsena e ne e le lipalo tsa bao e leng lihlooho tsa ba hlometseng bakeng sa lebotho ba ileng ba tla ho Davida Hebrone+ ho tla nehelana ka borena+ ba Saule ho eena ho ea ka taelo ea Jehova.+ 24 Bara ba Juda ba nkang thebe e khōlō le lerumo ba ne ba le likete tse tšeletseng le makholo a robeli, ba hlometseng bakeng sa lebotho. 25 Ho bara ba Simeone banna ba matla ba sebete ba lebotho ba ne ba le likete tse supileng le lekholo.
26 Ho bara ba Balevi e le ba likete tse ’nè le makholo a tšeletseng. 27 Jehojada e ne e le moeta-pele+ oa bara ba Arone,+ ’me ba neng ba e-na le eena e ne e le ba likete tse tharo le makholo a supileng. 28 Le mohlankana Tsadoke,+ ea matla le ea sebete, le ntlo ea baholo-holo ba hae, baokameli ba mashome a mabeli a metso e ’meli.
29 Ho bara ba Benjamine,+ barab’abo Saule,+ ho ne ho e-na le ba likete tse tharo, ’me ho fihlela nakong eo ba bangata ba bona ba ne ba lebela ntlo ea Saule ka tieo. 30 Ho bara ba Efraime ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli le makholo a robeli, banna ba matla+ ba sebete, banna ba tummeng, ka malapa a baholo-holo ba bona.
31 Halofong ea moloko oa Manase+ ho ne ho e-na le ba likete tse leshome le metso e robeli ba neng ba khethiloe ka mabitso hore ba tl’o etsa Davida morena. 32 Ho bara ba Isakare+ ba nang le tsebo ea ho lemoha linako+ ho tseba seo Baiseraele ba tšoanelang ho se etsa,+ ho ne ho e-na le ba makholo a mabeli ba ka sehloohong ba bona, ’me barab’abo bona bohle ba ne ba laeloa ke bona. 33 Ho ba Zabulone+ ba tsoelang lebothong, ba etsang thekō ka libetsa tsohle tsa ntoa, ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mahlano, ’me bakeng sa ho phuthehela ho Davida ba ne ba se pelo li peli. 34 Ho ba Nefthali+ ho ne ho e-na le baokameli ba sekete, ’me hammoho le bona ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mararo a metso e supileng ba nang le lithebe tse khōlō le marumo. 35 Ho Badane ba etsang thekō ba ne ba le likete tse mashome a mabeli a metso e robeli le makholo a tšeletseng. 36 Ho ba Ashere+ ba tsoelang lebothong bakeng sa ho etsa thekō ba ne ba le likete tse mashome a mane.
37 Ho tloha ka mose ho Jordane+ ho Barubene le Bagade le halofo ea moloko oa Manase ho ne ho e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mabeli ba nkileng libetsa tsohle tsa lebotho la sesole. 38 Bana bohle e ne e le banna ba ntoa, ba phuthehang hammoho moleng oa ntoa; ka lipelo tse feletseng+ ba ile ba tla Hebrone ho tla etsa Davida morena oa Baiseraele bohle; le bohle ba setseng ba Iseraele ba ne ba le pelo e le ’ngoe bakeng sa ho etsa Davida morena.+ 39 Ba ile ba hlola moo le Davida ka matsatsi a mararo, ba ja le ho noa,+ etsoe barab’abo bona ba ne ba ba lokiselitse. 40 Le ba haufi le bona, ho ea fihla Isakare+ le Zabulone+ le Nefthali,+ ba ne ba tlisa lijo li belesitsoe liesele+ le likamele le limmoulo le likhomo, lijo tse entsoeng ka phofo,+ bohobe ba lifeiga+ tse khotliloeng le bohobe ba morara+ o omisitsoeng le veine+ le oli+ le likhomo+ le linku+ tse ngata haholo, etsoe ho ne ho e-na le thabo+ Iseraele.