1 Likronike
29 Joale Morena Davida a re ho phutheho eohle:+ “Mora oa ka Solomone, eo Molimo a mo khethileng,+ o mocha+ ebile ha aa tiea, empa mosebetsi o moholo; etsoe qhobosheane ena hase ea motho,+ empa ke ea Jehova Molimo. 2 Ho ea ka matla+ ’ohle a ka ke lokiselitse+ ntlo ea Molimo oa ka khauta+ bakeng sa mosebetsi oa khauta, le silevera bakeng sa mosebetsi oa silevera, le koporo bakeng sa mosebetsi oa koporo, le tšepe+ bakeng sa mosebetsi oa tšepe, le lifate+ bakeng sa mosebetsi oa lifate; majoe a onyxe,+ le majoe a lokelang ho hlongoa ka seretse se thata, le majoana a chitja a mebala-bala, le lejoe le leng le le leng la bohlokoa, le majoe a alabastera a mangata haholo. 3 Kaha ke khahlisoa+ ke ntlo ea Molimo oa ka, ho sa ntse ho e-na le thepa ea ka e khethehileng,+ khauta le silevera; ke fana ka eona ntlong ea Molimo oa ka holim ’a tsohle tseo ke li lokiselitseng ntlo e halalelang:+ 4 litalenta tsa khauta tse likete tse tharo tsa khauta ea Ofire,+ le litalenta tsa silevera e hloekileng tse likete tse supileng, bakeng sa ho bitiela mabota a matlo; 5 tsa khauta bakeng sa mosebetsi oa khauta, le tsa silevera bakeng sa mosebetsi oa silevera le bakeng sa mosebetsi oohle o etsoang ke litsebi tsa mesebetsi ea matsoho. Ke mang ea ithaopelang ho tlatsa letsoho la hae kajeno ka mpho bakeng sa Jehova?”+
6 Likhosana+ tsa malapa a habo ntate+ le likhosana+ tsa meloko ea Iseraele le balaoli ba ba likete+ le ba ba makholo+ le baokameli ba mesebetsi+ ea morena ba ithaopa. 7 Ka lebaka leo ba nehelana ka khauta e ka rekoang ka litalenta tse likete tse hlano le lidarike tse likete tse leshome le silevera e ka rekoang ka litalenta tse likete tse leshome le koporo e ka rekoang ka litalenta tse likete tse leshome le metso e robeli le tšepe e ka rekoang ka litalenta tse likete tse lekholo tšebeletsong ea ntlo ea Molimo oa ’nete.+ 8 Majoe a ileng a fumanoa ho batho leha e le bafe ba ile ba nehelana ka ’ona letlotlong la ntlo ea Jehova tlas’a taolo ea Jehiele+ Mogershone.+ 9 Batho ba thaba ka lebaka la ho etsa linyehelo tsa boithaopo, etsoe ba ne ba etsetsa Jehova linyehelo tsa boithaopo ka pelo e feletseng;+ esita le Morena Davida a thaba ka nyakallo e khōlō.+
10 Ka lebaka leo Davida a boka+ Jehova ka pel’a mahlo a phutheho+ eohle ’me Davida a re: “Ho ke ho bokoe uena,+ Jehova Molimo oa Iseraele+ ntat’a rōna, ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 11 Jehova, boholo+ le matla+ le botle+ le bokhabane+ bo hlomphehang le ho hlompheha+ ke tsa hao; kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e maholimong le e lefatšeng ke ea hao.+ ’Muso ke oa hao,+ Jehova, uena Eo hape u iphahamisang u le hlooho ka holim ’a tsohle.+ 12 Maruo+ le khanya+ li teng ka lebaka la hao, ’me u laola+ ntho e ’ngoe le e ’ngoe; letsohong la hao ho na le matla+ le bonatla,+ ’me letsohong la hao ho na le bokhoni ba ho hōlisa+ le ho fana ka matla ho bohle.+ 13 Joale, Molimo oa rōna, rea u leboha+ ’me re rorisa+ lebitso la hao le letle.+
14 “Empa leha ho le joalo, ’na ke mang+ ’me sechaba sa ka ke bo-mang, hore re be le matla a ho etsa linyehelo tsa boithaopo tse tjee?+ Etsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho uena,+ ’me re u file se tsoang letsohong la hao. 15 Etsoe re basele ka pel’a hao le bajaki+ feela joaloka baholo-holo bohle ba rōna. Matsatsi a rōna a joaloka seriti holim ’a lefatše+ ’me ha ho na tšepo. 16 Jehova Molimo oa rōna, lintho tsena tsohle tse ngata tseo re li lokiselitseng ho u hahela ntlo bakeng sa lebitso la hao le halalelang, li tsoa letsohong la hao, ’me kaofela ke tsa hao.+ 17 Ke tseba hantle, Molimo oa ka, hore ke uena ea hlahlobang pelo,+ le hore u khahlisoa+ ke ho loka. Ka ho loka ha pelo ea ka ke nyehetse lintho tsena tsohle ka boithaopo, ’me batho ba hao ba leng teng mona ke thabetse ho ba bona ba u etsetsa linyehelo ka boithaopo. 18 Jehova Molimo oa Abrahama, Isaka le Iseraele baholo-holo+ ba rōna, u fele u boloke sena ho isa nakong e sa lekanyetsoang e le tšekamelo ea menahano ea lipelo tsa batho ba hao,+ ’me u lebise lipelo tsa bona ho uena.+ 19 U fe mora oa ka Solomone pelo+ e feletseng hore a boloke litaelo tsa hao,+ bopaki+ ba hao le melao ea hao ea tsamaiso,+ le hore a etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe, le ho haha qhobosheane+ eo ke e lokiselitseng.”+
20 Davida a tsoela pele ho re ho phutheho eohle:+ “Joale, bokang+ Jehova Molimo oa lōna.” Phutheho eohle ea boka Jehova Molimo oa baholo-holo ba eona ’me ea inama+ ea itihela fatše ka lifahleho+ ho Jehova le ho morena. 21 Ea tsoela pele ho etsetsa+ Jehova mahlabelo le ho nyehela ho Jehova linyehelo+ tsa secheso letsatsing le latelang leo, lipohoana tse sekete, lipheleu tse sekete, likonyana tse tona tse sekete le linyehelo+ tsa bona tsa lino, esita le mahlabelo a mangata haholo bakeng sa Baiseraele bohle.+ 22 Ea tsoela pele ho ja le ho noa ka pel’a Jehova letsatsing leo ka thabo e khōlō;+ ka lekhetlo la bobeli ea etsa Solomone mora oa Davida morena+ ’me a mo tlotsetsa Jehova e le moeta-pele+ le Tsadoke+ e le moprista. 23 Solomone a qala ho lula teroneng+ ea Jehova e le morena sebakeng sa ntat’ae Davida le ho e atlehisa,+ ’me Baiseraele bohle ba ne ba mo mamela. 24 Ha e le likhosana+ tsohle le banna+ ba matla le bara bohle ba Morena Davida,+ ba ipeha ka tlas’a Morena Solomone. 25 Jehova a tsoela pele ho etsa hore Solomone a be moholo+ ka mokhoa o fetisisang ka pel’a mahlo a Baiseraele bohle ’me a beha holim ’a hae tlhompho ea borena e e-s’o ka e e-ba holim ’a morena leha e le ofe oa Iseraele pele ho eena.+
26 Ha e le Davida mora oa Jese, a busa Baiseraele bohle;+ 27 matsatsi ao a busitseng Iseraele ka ’ona e ne e le lilemo tse mashome a mane.+ A busa Hebrone ka lilemo tse supileng,+ ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mararo a metso e meraro.+ 28 Qetellong a shoa a tsofetse haholo,+ a khotsofetse ke matsatsi, maruo+ le khanya;+ mora oa hae Solomone a qala ho busa sebakeng sa hae.+ 29 Ha e le litaba tsa Morena Davida, tsa pele le tsa ho qetela, li ngotsoe har’a mantsoe a Samuele seboni+ le har’a mantsoe a moprofeta Nathane+ le har’a mantsoe a Gade+ ea bonang lipono, 30 hammoho le borena bohle ba hae le matla a hae le linako+ tse fetileng holim ’a hae le holim ’a Iseraele le holim ’a mebuso eohle ea linaha.+