2 Likronike
33 Manase+ o ne a le lilemo li leshome le metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano.+
2 A etsa se sebe mahlong a Jehova,+ ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+ 3 Kahoo a boela a haha libaka tse phahameng+ tseo ntat’ae Ezekiase a neng a li helelitse,+ ’me a emisetsa bo-Baale+ lialetare+ le ho etsa lipalo tse halalelang,+ ’me a qala ho inamela+ makhotla ’ohle a maholimo+ le ho a sebeletsa.+ 4 A haha lialetare+ ka tlung ea Jehova, eo Jehova a neng a itse mabapi le eona: “Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+ 5 A tsoela pele ho hahela makhotla ’ohle a maholimo+ lialetare mabaleng+ a mabeli a ntlo ea Jehova.+ 6 A fetisa bara ba hae mollong+ phuleng ea mora oa Hinome,+ ’me a sebelisa boselamose+ le ho sebelisa bonohe+ le ho sebelisa boloi+ ’me a etsa hore ho be le ba buisanang+ le meea le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.+
7 Ho feta moo, a beha setšoantšo+ se betliloeng seo a neng a se entse ka tlung ea Molimo+ oa ’nete, eo mabapi le eona Molimo a neng a itse ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ka tlung ena le Jerusalema, eo ke e khethileng+ melokong eohle ea Iseraele, ke tla beha lebitso+ la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 8 Ha ke sa tla boela ke tlosa maoto a Baiseraele naheng eo ke e abetseng+ baholo-holo+ ba bona, haeba feela ba ela hloko ho etsa sohle seo ke ba laetseng+ sona malebana le molao+ oohle le melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli+ ka letsoho la Moshe.”+ 9 Manase+ a ’na a eka Bajuda+ le baahi ba Jerusalema hore ba etse se sebe+ ho feta lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.+
10 Jehova a ’na a bua le Manase le batho ba hae, empa ha baa ka ba ela hloko.+ 11 Qetellong Jehova a tlisa khahlanong le bona+ balaoli ba lebotho la morena oa Assyria,+ kahoo ba hapa Manase likoting+ ’me ba mo tlama+ ka litlamo tse peli tsa koporo eaba ba mo isa Babylona. 12 Hang ha a le mahlomoleng,+ a nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo+ oa hae ’me a ’na a ikokobetsa+ haholo ka lebaka la Molimo oa baholo-holo ba hae. 13 A ’na a Mo rapela, hoo A ileng a itumella hore a kōptjoe ka tieo+ ke eena ’me A utloa kōpo ea hae ea mohau eaba o mo busetsa Jerusalema boreneng ba hae;+ Manase a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.+
14 Ka mor’a sena a haha lerako le ka ntle+ bakeng sa Motse oa Davida+ ka bophirimela ho Gihone+ phuleng ea molapo o phoroselang le ho ea fihla Hekeng ea Litlhapi,+ a etsa hore le potolohe Ofele+ ’me a le phahamisa haholo. Ho ekelletsa moo, a beha balaoli ba lebotho la sesole metseng eohle e etselitsoeng liqhobosheane Juda.+ 15 A tlosa melimo+ esele le setšoantšo+ se rapeloang ntlong ea Jehova le lialetare+ tsohle tseo a neng a li hahile thabeng ea ntlo ea Jehova le Jerusalema ’me a li lahlela ka ntle ho motse. 16 Ho feta moo, a lokisa aletare ea Jehova+ ’me a qala ho hlabela ho eona mahlabelo a kopanetsoeng+ le mahlabelo a liteboho+ ’me a tsoela pele ho re Juda e sebeletse Jehova Molimo oa Iseraele.+ 17 Leha ho le joalo, batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo libakeng tse phahameng;+ feela ba ne ba a etsetsa Jehova Molimo oa bona.
18 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Manase le thapelo+ ea hae ho Molimo oa hae le mantsoe a ba bonang lipono+ ba ileng ba ’na ba bua le eena ka lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele, li har’a litaba tsa marena a Iseraele.+ 19 Ha e le thapelo+ ea hae le kamoo kōpo ea hae e tiileng+ e ileng ea amoheloa kateng le sebe+ sohle sa hae le ho se tšepahale+ ha hae le libaka tseo ho tsona a ileng a haha libaka tse phahameng+ le ho emisa lipalo tse halalelang+ le litšoantšo+ tse betliloeng pele a ikokobetsa,+ li ngotsoe har’a mantsoe a ba bonang lipono bakeng sa hae. 20 Qetellong Manase a robala le baholo-holo+ ba hae, ’me ba mo pata+ ntlong ea hae; mora oa hae Amone+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
21 Amone+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli.+ 22 A etsa se sebe mahlong+ a Jehova, feela joalokaha ntat’ae Manase a ne a entse;+ litšoantšo+ tsohle tse betliloeng tseo ntat’ae Manase+ a neng a li entse Amone a li etsetsa sehlabelo,+ ’me a tsoela pele ho li sebeletsa.+ 23 Ha aa ka a ikokobeletsa+ Jehova joalokaha ntat’ae Manase a ile a ikokobetsa,+ etsoe Amone ke eena ea ileng a eketsa molato.+ 24 Qetellong bahlanka ba hae ba mo rerela+ bolotsana ’me ba mo bolaela ka tlung ea hae.+ 25 Empa batho ba naha ba bolaea+ bohle ba reretseng Morena Amone+ bolotsana,+ ’me batho+ ba naha ba etsa mora oa hae Josiase+ morena sebakeng sa hae.