Nehemia
7 Eitse hang ha lerako le tsosolositsoe,+ hang-hang ka emisa mamati.+ Joale ha behoa balebeli ba liheke+ le libini+ le Balevi.+ 2 Ka tsoela pele ho beha mor’eso Hanani+ taolong ea Jerusalema le Hanania khosana Qhobosheane,+ kaha e ne e le monna ea tšepahalang haholo+ ’me a tšaba+ Molimo oa ’nete ho feta ba bang ba bangata. 3 Kahoo ka re ho bona: “Liheke+ tsa Jerusalema ha lia lokela ho buloa ho fihlela letsatsi le chesa; ’me ha ba ntse ba eme haufi ba lokela ho koala mamati ba a notlele.+ Le emise balebeli ba baahi ba Jerusalema, e mong le e mong sebakeng sa hae sa ho lebela ’me e mong le e mong ka pel’a ntlo ea hae.”+ 4 Joale motse o ne o pharaletse o le moholo, ’me ho ne ho e-na le batho ba seng bakae ka hare ho oona,+ ’me ho ne ho se na matlo a hahiloeng.
5 Empa Molimo oa ka a ho kenya pelong ea ka+ hore ke phuthe bahlomphehi le batlatsi ba ’musi le batho hore ba ingolise ho ea ka meloko.+ Joale ka fumana buka ea ho ngolisoa ka meloko+ ea ba ileng ba tla pele, ’me ka fumana ho ngotsoe ho eona:
6 Bana ke bara ba profinse+ ba ileng ba tsoa kholehong+ ea batho ba neng ba isitsoe kholehong bao Nebukadnezare+ morena oa Babylona a neng a ba isitse kholehong+ le bao hamorao ba ileng ba khutlela Jerusalema le Juda, e mong le e mong a khutlela motseng oa habo;+ 7 ba ileng ba kena le Zorobabele,+ Jeshua,+ Nehemia, Azaria, Raamia, Nahamani, Mordekai,+ Bilshane, Misperethe, Bigvai, Nehume, Baana.
Palo ea banna ba sechaba sa Iseraele: 8 Bara ba Paroshe,+ likete tse peli le lekholo le mashome a supileng a metso e ’meli; 9 bara ba Shefatia,+ makholo a mararo le mashome a supileng a metso e ’meli; 10 bara ba Ara,+ makholo a tšeletseng le mashome a mahlano a metso e ’meli; 11 bara ba Pahathe-moabe,+ ba bara ba Jeshua le Joabe,+ likete tse peli le makholo a robeli le leshome le metso e robeli; 12 bara ba Elame,+ sekete le makholo a mabeli le mashome a mahlano a metso e mene; 13 bara ba Zatu,+ makholo a robeli le mashome a mane a metso e mehlano; 14 bara ba Zakai,+ makholo a supileng le mashome a tšeletseng; 15 bara ba Binui,+ makholo a tšeletseng le mashome a mane a metso e robeli; 16 bara ba Bebai,+ makholo a tšeletseng le mashome a mabeli a metso e robeli; 17 bara ba Azgade,+ likete tse peli le makholo a mararo le mashome a mabeli a metso e ’meli; 18 bara ba Adonikame,+ makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e supileng; 19 bara ba Bigvai,+ likete tse peli le mashome a tšeletseng a metso e supileng; 20 bara ba Adine,+ makholo a tšeletseng le mashome a mahlano a metso e mehlano; 21 bara ba Atere,+ oa Ezekiase, mashome a robong a metso e robeli; 22 bara ba Hashume,+ makholo a mararo le mashome a mabeli a metso e robeli; 23 bara ba Bezai,+ makholo a mararo le mashome a mabeli a metso e mene; 24 bara ba Harife,+ lekholo le leshome le metso e ’meli; 25 bara ba Gibeone,+ mashome a robong a metso e mehlano; 26 banna ba Bethlehema+ le Netofa,+ lekholo le mashome a robeli a metso e robeli; 27 banna ba Anathothe,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e robeli; 28 banna ba Bethe-azmavethe,+ mashome a mane a metso e ’meli; 29 banna ba Kiriathe-jearime,+ Kefira+ le Beerothe,+ makholo a supileng le mashome a mane a metso e meraro; 30 banna ba Rama+ le Geba,+ makholo a tšeletseng le mashome a mabeli a motso o mong; 31 banna ba Mikmase,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e ’meli; 32 banna ba Bethele+ le Ai,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e meraro; 33 banna ba Nebo+ e ’ngoe, mashome a mahlano a metso e ’meli; 34 bara ba Elame+ e mong, sekete le makholo a mabeli le mashome a mahlano a metso e mene; 35 bara ba Harime,+ makholo a mararo le mashome a mabeli; 36 bara ba Jeriko,+ makholo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano; 37 bara ba Lode,+ Hadide+ le Ono,+ makholo a supileng le mashome a mabeli a motso o mong; 38 bara ba Senaa,+ likete tse tharo le makholo a robong le mashome a mararo.
39 Baprista: Bara ba Jedaia+ oa ntlo ea Jeshua, makholo a robong le mashome a supileng a metso e meraro; 40 bara ba Imere,+ sekete le mashome a mahlano a metso e ’meli; 41 bara ba Pashkure,+ sekete le makholo a mabeli le mashome a mane a metso e supileng; 42 bara ba Harime,+ sekete le leshome le metso e supileng.
43 Balevi: Bara ba Jeshua, ba Kadmiele,+ ba bara ba Hodva,+ mashome a supileng a metso e mene. 44 Libini,+ bara ba Asafe,+ lekholo le mashome a mane a metso e robeli. 45 Balebeli ba liheke,+ bara ba Shalume,+ bara ba Atere, bara ba Talmone,+ bara ba Akube,+ bara ba Hatita, bara ba Shobai,+ lekholo le mashome a mararo a metso e robeli.
46 Banethinime:+ Bara ba Ziha, bara ba Hasufa, bara ba Tabaothe,+ 47 bara ba Kerose, bara ba Sia, bara ba Padone,+ 48 bara ba Lebana, bara ba Hagaba,+ bara ba Salmai, 49 bara ba Hanane,+ bara ba Gidele, bara ba Gahare, 50 bara ba Reaia,+ bara ba Rezine,+ bara ba Nekoda, 51 bara ba Gazame, bara ba Uza, bara ba Pasea, 52 bara ba Besai,+ bara ba Meunime, bara ba Nefushesime,+ 53 bara ba Bakbuke, bara ba Hakufa, bara ba Karkure,+ 54 bara ba Bazlithe, bara ba Mehida, bara ba Harsha,+ 55 bara ba Barkose, bara ba Sisera, bara ba Tema,+ 56 bara ba Nezia, bara ba Hatifa.+
57 Bara ba bahlanka ba Solomone:+ Bara ba Sothai, bara ba Soferethe, bara ba Perida,+ 58 bara ba Jaala, bara ba Darkone, bara ba Gidele,+ 59 bara ba Shefatia, bara ba Hatile, bara ba Pokerethe-hazebaime, bara ba Amone.+ 60 Banethinime+ bohle le bara ba bahlanka ba Solomone ba ne ba le makholo a mararo le mashome a robong a metso e ’meli.
61 Bana ke bona ba neng ba tsoa Tele-mela, Tele-harsha, Kerube, Adone le Imere,+ ’me ba ne ba sa khone ho bolela malapa a bo-ntat’a bona le lesika la bona, hore na ke ba Iseraele kapa che: 62 bara ba Delaia, bara ba Tobia, bara ba Nekoda,+ makholo a tšeletseng le mashome a mane a metso e ’meli. 63 Ho baprista:+ bara ba Habaia, bara ba Hakoze,+ bara ba Barzilai,+ ea ileng a nka mosali ho barali ba Barzilai+ Mogileade ’me a rehelloa ka bona. 64 Bana ke bona ba ileng ba batla tlaleho ea bona ea ngoliso, ho tiisa leloko la bona phatlalatsa, ’me ha ea ka ea fumanoa,+ hoo ba ileng ba thibeloa bopristeng e le ba silafetseng.+ 65 Ka lebaka leo Tirshatha+ a ba bolella hore ha baa lokela ho ja+ linthong tse halalelang ka ho fetisisa ho fihlela moprista a ema ka Urime+ le Thumime.+
66 Phutheho eohle e le sehlopha se le seng e ne e le likete tse mashome a mane a metso e ’meli le makholo a mararo le mashome a tšeletseng,+ 67 kantle le makhoba a bona+ le makhabunyane a bona, a neng a le likete tse supileng le makholo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng;+ ba ne ba e-na le libini tsa banna+ le libini tsa basali+ tse makholo a mabeli le mashome a mane a metso e mehlano.[68 Lipere tsa bona li ne li le makholo a supileng le mashome a mararo a metso e tšeletseng, limmoulo tsa bona li le makholo a mabeli le mashome a mane a metso e mehlano.]+ 69 Likamele li ne li le makholo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano. Liesele+ li ne li le likete tse tšeletseng le makholo a supileng le mashome a mabeli.+
70 Ho ne ho e-na le karolo ea lihlooho+ tsa malapa a habo ntat’a+ bona e ileng ea nehela mosebetsing.+ Tirshatha+ a nehela letlotlong lidrakema tsa khauta tse sekete, likotlolo tse mashome a mahlano, liaparo tse telele tsa ka holimo tsa baprista tse makholo a mahlano le mashome a mararo.+ 71 Ho ne ho e-na le ba bang ba lihlooho tsa malapa a habo ntat’a bona ba ileng ba nehela letlotlong bakeng sa mosebetsi lidrakema tsa khauta tse likete tse mashome a mabeli le limina tsa silevera+ tse likete tse peli le makholo a mabeli. 72 Seo batho ba bang kaofela ba ileng ba nehelana ka sona e ne e le lidrakema tsa khauta tse likete tse mashome a mabeli le limina tsa silevera tse likete tse peli le liaparo tse telele tsa ka holimo tsa baprista tse mashome a tšeletseng a metso e supileng.
73 Baprista+ le Balevi le balebeli ba liheke le libini+ le ba bang ba sechaba le Banethinime+ le Baiseraele bohle ba ile ba lula metseng ea bona.+ Ha khoeli ea bosupa e thoasa,+ bara ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ea bona.+