Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 24:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 A isa kholehong+ Jerusalema eohle le likhosana+ tsohle le banna bohle ba sebete, ba matla+—o ile a isa ba likete tse leshome kholehong—le setsebi+ se seng le se seng sa mesebetsi ea matsoho le sehahi sa lerako la tšireletso. Ha ho le ea mong ea neng a siiloe haese sehlopha+ se tlaase sa batho ba naha.

  • 2 Likronike 36:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ho feta moo, ba phonyohileng sabole a ba isa kholehong Babylona,+ ’me ea e-ba bahlanka ba hae+ le ba bara ba hae ho fihlela borena ba Persia+ bo qala ho busa;

  • Jeremia 39:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Batho ba bang kaofela ba neng ba setse motseng, le ba koenehileng ba neng ba oetse ka ho eena, le batho ba bang kaofela ba setseng, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli+ a ba isa kholehong Babylona.+

  • Jeremia 52:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ba bang ba batho ba tlaase sechabeng le batho ba bang kaofela ba neng ba siiloe motseng+ le ba koenehileng ba neng ba oetse ka ho morena oa Babylona le basebetsi ba bang kaofela ba hloahloa Nebuzaradane mookameli oa balebeli a ba isa kholehong.+

  • Jeremia 52:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Bana ke batho bao Nebukadrezare a ba isitseng kholehong: ka selemo sa bosupa, Bajuda ba likete tse tharo le mashome a mabeli a metso e meraro.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela