Esthere
9 Khoeling ea leshome le metso e ’meli, ke hore, khoeli ea Adare,+ letsatsing la eona la leshome le metso e meraro, ha ho ne ho fihla nako ea hore lentsoe la morena le molao oa hae li phethahatsoe,+ letsatsing leo lira tsa Bajuda li neng li letetse ho ba hatella ka lona, ha fetoha ha e-ba ka ho fapaneng, ka hore Bajuda ba ile ba hatella ba ba hloileng.+ 2 Bajuda ba phutheha+ metseng ea bona liprofinseng tsohle tsa Morena Assueruse+ bakeng sa ho isa letsoho ba batlang ho ba ntša kotsi,+ ’me ha ho monna ea ileng a ema a tiile ka pel’a bona, etsoe lichaba tsohle li ne li ba tšaba.+ 3 Likhosana tsohle+ tsa liprofinse le babusisi ba liprofinse+ le babusisi le baetsi ba mosebetsi+ oa morena ba ne ba thusa Bajuda, etsoe ba ne ba tšaba+ Mordekai. 4 Etsoe Mordekai o ne a le moholo+ ka tlung ea morena ’me botumo ba hae+ bo ne bo tsamaea ho pholletsa le liprofinse tsohle, hobane monna enoa Mordekai o ne a hōla a tsitsitse.+
5 Bajuda ba hlasela lira tsohle tsa bona ka ho li bolaea ka sabole+ le ka polao le timetso, ’me ba etsa ba ba hloileng kamoo ba ratang kateng.+ 6 Shushane+ qhobosheaneng Bajuda ba bolaea ’me ha timetsoa banna ba makholo a mahlano. 7 Hape, Parshandatha le Dalfone le Aspatha 8 le Poratha le Adalia le Aridatha 9 le Parmashta le Arisai le Aridai le Vaizatha, 10 bara ba leshome+ ba Hamane+ mora oa Hamedatha, ea bontšang bora ho Bajuda,+ ba ba bolaea; empa ha baa ka ba beha matsoho a bona ho se tlatlapuoeng.+
11 Letsatsing leo palo ea ba bolailoeng Shushane qhobosheaneng ea tlisoa ka pel’a morena.
12 Morena a re ho Mofumahali Esthere:+ “Shushane qhobosheaneng+ Bajuda ba bolaile, ’me ho timelitsoe banna ba makholo a mahlano le bara ba leshome ba Hamane. Liprofinseng+ tse ling kaofela tsa morena ba entse’ng?+ Kōpo ea hao e matla ke efe? U ke u e fuoe.+ U kōpa eng hape?+ E ke e etsoe.” 13 Tumellanong le hoo Esthere a re: “Haeba ho bonahala ho le molemo ho morena,+ hosasane Bajuda ba Shushane ba ke ba lumelloe hore ba etse ho ea ka molao oa kajeno;+ ’me bara ba leshome ba Hamane ba fanyehoe thupeng.”+ 14 Kahoo morena a re ho etsoe ka tsela eo.+ Joale ha fanoa ka molao Shushane, ’me bara ba leshome ba Hamane ba fanyehoa.
15 Bajuda ba neng ba le Shushane ba phutheha hape letsatsing la leshome le metso e mene+ la khoeli ea Adare, ’me ba bolaea banna ba makholo a mararo Shushane; empa ha baa ka ba beha matsoho a bona ho se tlatlapuoeng.+
16 Ha e le Bajuda ba bang kaofela ba neng ba le liprofinseng+ tsa morena, ba phutheha, ’me ha emeloa meea ea bona+ ka tieo, ’me ha e-ba le ho iphetetsa+ ho lira tsa bona le ho bolaea har’a ba ba hloileng ba likete tse mashome a supileng a metso e mehlano; empa ha baa ka ba beha matsoho a bona ho se tlatlapuoeng, 17 letsatsing la leshome le metso e meraro la khoeli ea Adare; ha e-ba le phomolo letsatsing la eona la leshome le metso e mene, ’me la etsoa letsatsi la ho keteka+ le la ho thaba.+
18 Ha e le Bajuda ba neng ba le Shushane, ba phutheha ka letsatsi la eona la leshome le metso e meraro+ le ka letsatsi la eona la leshome le metso e mene, ’me ha e-ba le phomolo ka letsatsi la eona la leshome le metso e mehlano, ’me la etsoa letsatsi la ho keteka le la ho thaba.+ 19 Ke ka lebaka leo Bajuda ba mahaeng, ba ahileng metseng ea litereke tse ka mathōko, ba ileng ba etsa hore letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ea Adare+ e be la ho thaba+ le ho keteka le letsatsi le letle+ le la ho romellana likabelo.+
20 Mordekai+ a ngola lintho tsena ’me a romela litokomane tse ngotsoeng ho Bajuda bohle ba neng ba le liprofinseng+ tsohle tsa Morena Assueruse, ba haufi le ba hōle, 21 ho beha tlamo+ holim ’a bona hore kamehla ba boloke letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ea Adare le letsatsi la leshome le metso e mehlano la eona selemo se seng le se seng, 22 ho ea ka matsatsi ao Bajuda ba ileng ba phomola ka ’ona ho lira tsa bona+ le khoeli e ileng ea fetoloa bakeng sa bona ho tloha mesarelong ho ea thabong le ho tloha ho siameng+ ho ea letsatsing le letle, ho a boloka joaloka matsatsi a ho keteka le ho thaba le ho romellana likabelo+ le ho romela limpho ho mafutsana.+
23 Bajuda ba amohela seo ba neng ba qalile ho se etsa le seo Mordekai a neng a ba ngoletse sona. 24 Etsoe Hamane+ mora oa Hamedatha,+ Moagage,+ ea bontšang bora+ ho Bajuda bohle, o ne a rerile ho timetsa Bajuda,+ ’me o ne a entse hore ho lahloe Pure,+ ke hore, Lotho,+ bakeng sa ho ba hlokisa botsitso le ho ba timetsa. 25 Empa ha Esthere a kena ka pel’a morena a re ka tokomane e ngotsoeng:+ “Morero oa hae o mobe+ oo a o rerileng khahlanong le Bajuda o ke o khutlele hloohong ea hae”;+ eaba ba mo fanyeha thupeng le bara ba hae.+ 26 Ke ka lebaka leo ba ileng ba bitsa matsatsi ana Purime, ka lebitso la Pure.+ Ke ka lebaka leo, ho ea ka mantsoe a lengolo lena+ le seo ba se boneng mabapi le sena le se ba hlahetseng, 27 Bajuda ba ileng ba beha tlamo ’me ba amohela holim ’a bona le holim ’a bana ba bona le holim ’a bohle ba ikopantseng le bona,+ hore ha ea lokela ho feta, ea hore kamehla ba ’ne ba boloke matsatsi ana a mabeli ho ea ka se ngotsoeng mabapi le ’ona le ho ea ka nako ea ’ona e behiloeng selemong se seng le se seng. 28 Matsatsi ana a ne a lokela ho hopoloa le ho bolokoa ke moloko o mong le o mong, lelapa ka leng, profinse ka ’ngoe le motse ka mong, ’me matsatsi ana a Purime a ne a sa lokela ho feta har’a Bajuda ’me sehopotso+ sa ’ona se ne se ke ke sa fela har’a bana ba bona.
29 Mofumahali Esthere, morali oa Abikaile,+ le Mordekai Mojuda ba ile ba ngola ka matla ’ohle bakeng sa ho tiisa lengolo lena la bobeli le mabapi le Purime. 30 Joale a romela litokomane tse ngotsoeng ho Bajuda bohle liprofinseng+ tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng, sebakeng se pusong ea Assueruse,+ ka mantsoe a khotso le ’nete,+ 31 bakeng sa ho tiisa matsatsi ana a Purime linakong tsa ’ona tse behiloeng, feela joalokaha Mordekai oa Mojuda le Mofumahali Esthere ba ba laetse,+ le feela joalokaha ba ne ba laetse meea ea bona le bana ba bona,+ litaba tsa ho itima lijo+ le mehoo ea bona e kōpang thuso.+ 32 Polelo ea Esthere ea tiisa litaba tsena tsa Purime,+ ’me ea ngoloa fatše bukeng.