Jobo
3 Le ’na ke na le pelo+ joaloka lōna.
Ha ke tlaasana ho lōna,+
Ke mang eo ho se nang lintho tse joaloka tsee ho eena?
4 Ke fetoha motho eo e leng litšeho ho oa habo,+
Ea hoeletsang ho Molimo e le hore a ka mo araba.+
Ea lokileng, ea ke keng a tšoauoa phoso, oa tšehuoa.
6 Litente tsa batlatlapi ha lia tšoenngoa,+
Ba halefisang Molimo ba na le tšireletseho
Ea ea tlisitseng molimo ka letsohong la hae.+
7 Leha ho le joalo, ka kōpo, botsa liphoofolo tse ruuoang, ’me li tla u rupela;+
Le libōpuoa tse nang le mapheo tsa maholimo, ’me li tla u bolella.+
8 Kapa u bontše lefatše ho tšoenyeha ha hao, ’me le tla u rupela;+
Litlhapi tsa leoatle+ li tla u bolella.
9 Ke efe har’a tsee tsohle e sa tsebeng hantle
Hore letsoho la Jehova le entse see,+
10 Eo moea+ oa e mong le e mong ea phelang o leng letsohong la hae
Le moea oa nama eohle ea motho?+
14 Bona! Oa qhaqha, e le hore ho se ke ha hahuoa;+
O etsa hore motho a koalloe, e le hore ho se ke ha buloa.+
16 Ho eena ho na le matla le bohlale+ bo sebetsang;
Ea etsang phoso le ea khelosang+ ke oa hae;
17 O etsa hore baeletsi ba tsamaee ba sa roala letho maotong,+
O etsa hore baahloli ba hlanye.
19 O etsa hore baprista ba tsamaee ba sa roala letho maotong,+
Ba lutseng ka ho sa feleng oa ba liha;+
20 O tlosa puo ho ba tšepahalang,
O nka ho ba le kelello ha banna-baholo;
21 O tšollela nyeliso holim ’a bahlomphehi,+
O fokolisa linyepa tsa ba matla;
22 O senola lintho tse tebileng lefifing,+
O tlisa moriti o lefifi leseling;
23 O hōlisa lichaba, e le hore a ka li timetsa;+
O hasanya lichaba, e le hore a ka li tlosa;
24 O tlosa lipelo tsa ba ka sehloohong ba batho ba naha,
E le hore a ka ba lelerisa sebakeng se feela,+ moo ho se nang tsela.