17 “Moea oa ka o robehile,+ matsatsi a ka a felile;
Ke letetsoe ke lebitla.+
2 Ka sebele kea songoa,+
Leihlo la ka le lula har’a borabele ba bona.
3 Ka kōpo, beha tebeletso ea ka ho uena.+
Ke mang e mong ea tla ntšoara ka letsoho+ e le tiiso?
4 Etsoe lipelo tsa bona u li koaletse masene.+
Ke ka lebaka leo u sa ba phahamiseng.
5 A ka ’na a bolella metsoalle hore e nke likarolo tsa eona,
Empa mahlo a bara ba hae a tla felloa ke matla.+
6 O mpehile ke le polelo ea maele+ ea lichaba,
Hoo ke fetohang motho eo sefahleho sa hae se tšoeloang ka mathe.+
7 Leihlo la ka le fifatsoa+ ke matšoenyeho
Litho tsa ka kaofela ha tsona li joaloka seriti.
8 Batho ba lokileng ba sheba sena ka ho makala,
Le ea hlokang molato o halefela mokoenehi.
9 Ea lokileng o ntse a tšoareletse ka tieo tseleng+ ea hae,
Ea nang le matsoho a hloekileng+ o ntse a ateloa ke matla.+
10 Leha ho le joalo, kaofela ha lōna le ka qala hape. Kahoo, ka kōpo, etsang joalo,
Kaha ha ke fumane mang kapa mang ea bohlale har’a lōna.+
11 Matsatsi a ka a fetile,+ merero ea ka e senyehile,+
Litakatso tsa pelo ea ka.
12 Ba ntse ba beha bosiu bakeng sa motšehare:+
‘Leseli le haufi ka lebaka la lefifi.’
13 Haeba ke ntse ke letile, Sheole ke ntlo+ ea ka;
Ke tla lokela ho ala liphate tsa ka lefifing.+
14 Ke tla hoeletsa sekoti ke re,+ ‘U Ntate!’
Ke hoeletse tšenyane ke re,+ ‘U ’Mè le khaitseli ea ka!’
15 Joale, tšepo+ ea ka e hokae?
Tšepo ea ka—ke mang ea e bonang?
16 E tla theohela mekoallong ea Sheole,
Ha rōna, kaofela, re tla theohela lerōleng.”+