115 Ha ho letho leo e leng la rōna, Jehova, ha ho letho leo e leng la rōna,+
Empa u tlotlise lebitso la hao+
Ho ea ka mosa oa hao o lerato, ho ea ka ’nete ea hao.+
2 Ke hobane’ng ha lichaba li lokela ho re:+
“Joale, Molimo oa bona o hokae?”+
3 Empa Molimo oa rōna o maholimong;+
O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ileng a thabela ho e etsa.+
4 Litšoantšo tsa bona tse rapeloang ke silevera le khauta,+
Mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše.+
5 Li na le melomo, empa ha li bue;+
Li na le mahlo, empa ha li bone;+
6 Li na le litsebe, empa ha li utloe.+
Li na le linko, empa ha li fofonele.+
7 Li na le matsoho, empa ha li ame.+
Li na le maoto, empa ha li tsamaee;+
Ha li ntše molumo ka ’metso ea tsona.+
8 Ba li etsang ba tla ba feela joaloka tsona,+
Bohle ba li tšepileng.+
9 Lōna Baiseraele, le tšepe Jehova;+
Ke thuso ea bona le thebe ea bona.+
10 Lōna ba ntlo ea Arone, le tšepe Jehova;+
Ke thuso ea bona le thebe ea bona.+
11 Lōna ba tšabang Jehova, le tšepe Jehova;+
Ke thuso ea bona le thebe ea bona.+
12 Jehova o re hopotse; o tla hlohonolofatsa,+
O tla hlohonolofatsa ntlo ea Iseraele,+
O tla hlohonolofatsa ntlo ea Arone.+
13 O tla hlohonolofatsa ba tšabang Jehova,+
Ba banyenyane hammoho le ba baholo.+
14 Jehova o tla le ekeletsa,+
Lōna le bara ba lōna.+
15 Ke lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Jehova,+
Moetsi oa leholimo le lefatše.+
16 Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova,+
Empa lefatše o le file bara ba batho.+
17 Ba shoeleng ba ke ke ba rorisa Jah,+
Leha e le bafe ba theohelang moo ho khutsitseng.+
18 Empa re tla boka Jah+
Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Rorisang Jah!+