Lipesaleme
Miktame ea Davida.
16 Mpoloke, Molimo, etsoe ke tšabetse ho uena.+
2 Ke itse ho Jehova: “U Jehova; molemo oa ka, ha o etsetsoe uena,+
3 Empa o etsetsoa bahalaleli ba lefatšeng.
Bona, esita le ba hlomphehang, ke bao thabo eohle ea ka e leng ho bona.”+
4 Bohloko bo ba boholo ho bao, ha ho e-na le e mong, ba potlakelang ka mor’a hae.+
Nke ke ka tšolla linyehelo tsa bona tse nooang tsa mali,+
Nke ke ka beha mabitso a bona molomong oa ka.+
6 Likhoele tse lekanyang li oetse libakeng tse khahlehang bakeng sa ka.+
Ka sebele, leruo la ka e bile le khahlisang ho ’na.
8 Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla.+
Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.+
9 Ka hona pelo ea ka ea thaba, le khanya ea ka e sekametse ho thabeng.+
Hape, nama ea ka e tla lula e sireletsehile.+