33 Hoeletsang ka thabo, Lōna ba lokileng, ka lebaka la Jehova.+
Thoriso e loketse ho ba lokileng.+
2 Lebohang Jehova ka harepa;+
Mo bineleng lipina tsa thoriso ka seletsa sa likhoele tse leshome.+
3 Mo bineleng pina e ncha;+
Etsang se molemo ka ho fetisisa ha le letsa liletsa tse likhoele ka mohoo oa thabo.+
4 Etsoe lentsoe la Jehova le lokile,+
Mosebetsi oohle oa hae o na le botšepehi.+
5 O rata ho loka le toka.+
Lefatše le tletse mosa o lerato oa Jehova.+
6 Maholimo a ile a etsoa ka lentsoe la Jehova,+
Makhotla ’ohle a ’ona a etsoa ka moea oa molomo oa hae.+
7 O bokella metsi a leoatle+ joaloka letamo,
O beha metsi a bilohang matlong a polokelo.
8 Bohle ba lefatše ba ke ba tšabe Jehova.+
Baahi bohle ba naha e behang ba tšohe ka lebaka la hae.+
9 Etsoe o buile, ’me ha e-ba joalo;+
O laetse, ’me ha hlaha.+
10 Jehova o sentse morero oa lichaba;+
O nyopisitse menahano ea batho.+
11 Morero oa Jehova o tla ema ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Menahano ea pelo ea hae e teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
12 Ho thaba sechaba seo Molimo oa sona e leng Jehova,+
Batho bao a ba khethileng e le lefa la hae.+
13 Jehova o talimile a le maholimong,+
O bone bara bohle ba batho.+
14 A le sebakeng se tiisitsoeng seo a lulang ho sona+
O talimile bohle ba lulang lefatšeng.
15 O etsa lipelo tsa bona kaofela hammoho;+
O nahana ka mesebetsi eohle ea bona.+
16 Ha ho morena ea pholosoang ke bongata ba mabotho a sesole;+
Motho ea matla ha a lopolloe ke matla a maholo.+
17 Pere ke thetso bakeng sa poloko,+
Ka boholo ba mafolofolo a eona ha e pholose.+
18 Bonang! Leihlo la Jehova le ho ba mo tšabang,+
Ho ba letetseng mosa oa hae o lerato,+
19 Hore a lopolle meea ea bona lefung,+
Le ho ba boloka ba phela tlaleng.+
20 Meea ea rōna e ’nile ea lebella Jehova.+
Ke eena mothusi oa rōna le thebe ea rōna.+
21 Etsoe lipelo tsa rōna li ithabela ho eena;+
Kaha re tšepile lebitso la hae le halalelang.+
22 Jehova, mosa oa hao o lerato o be holim’a rōna,+
Esita le joalokaha re ’nile ra u letela.+