Lipesaleme
Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora+ malebana le Baroetsana. Pina.
2 Ke ka lebaka leo re ke keng ra tšaba, le hoja lefatše le fetoha+
Le hoja lithaba li sisinyeha ho kena ka har’a leoatle le leholo;+
3 Le hoja metsi a lona a loebehlana, a etsa makoeba,+
Le hoja lithaba li reketla ha le e-ba moferefere.+ Selah.
4 Ho na le nōka eo melapo ea eona e thabisang motse oa Molimo,+
Tabernakele e khōlō e halalelang ka ho fetisisa ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+
6 Lichaba li ile tsa e-ba morusu,+ mebuso ea sisinyeha;
O ile a ntša molumo ka lentsoe la hae, lefatše la qala ho qhibiliha.+
7 Jehova oa mabotho o na le rōna;+
Molimo oa Jakobo ke sebaka se phahameng sa tšireletso bakeng sa rōna.+ Selah.
9 O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.+
O roba seqha ’me o robakanya lerumo;+
O chesa likoloi mollong.+