Ho motsamaisi oa liletsa tse likhoele molumong oa ’mino o tlaase.+ Pina ea thoriso ea Davida.
6 Jehova, u se ke ua nkhalemela bohaleng ba hao,+
U se ke ua nkhalemela khalefong ea hao.+
2 Jehova, mpontše mohau, etsoe ke felloa ke matla.+
Jehova, mpholise,+ kaha masapo a ka a khathatsehile.
3 E, moea oa ka o khathatsehile haholo;+
Jehova—e tla ba halelele hakae?+
4 Khutla,+ Jehova, u pholose moea oa ka;+
Mpholose ka lebaka la mosa oa hao o lerato.+
5 Etsoe lefung ha ho buuoe ka uena;+
Ke mang ea tla u roka Sheole?+
6 Ke khathetse ke ho feheloa ha ka;+
Bosiu bohle ke etsa hore bethe ea ka e re te! ke metsi;+
Ke etsa hore setulo sa ka se kang moalo se tlale ka meokho ea ka.+
7 Leihlo la ka le tepeletse ka lebaka la matšoenyeho,+
Le tsofetse ka lebaka la bohle ba bontšang bora ho ’na.+
8 Tlohang ho ’na, lōna bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+
Etsoe ka sebele Jehova o tla utloa molumo oa ho lla ha ka.+
9 Jehova o tla utloa kōpo ea ka ea mohau;+
Jehova o tla amohela thapelo ea ka.+
10 Lira tsohle tsa ka li tla hlajoa ke lihlong+ haholo ’me li khathatsehe;
Li tla khutla, li tla hlajoa ke lihlong hang-hang.+