Pina ea thoriso ea Davida, ha a ne a le lefeelleng la Juda.+
63 Molimo, u Molimo oa ka, ke lula ke u batla.+
Moea oa ka o u nyoretsoe.+
Nama ea ka e tepelelitsoe ke ho u hloloheloa
Naheng e omeletseng le e phophothehileng, moo ho se nang metsi.+
2 Ke u bone ka tsela ena sebakeng se halalelang,+
Ha ke bona matla a hao le khanya ea hao.+
3 Kahobane mosa oa hao o lerato o molemo ho feta bophelo,+
Molomo oa ka o tla u babatsa.+
4 Ka hona ke tla u boka ha ke sa ntse ke phela;+
Ke tla phahamisa liatla tsa ka ka lebitso la hao.+
5 Moea oa ka o khotsofetse, joalokaha eka o khotsofalitsoe ke karolo e ntlehali, esita le ke monono,+
Molomo oa ka o fana ka thoriso ka molomo oa mehoo ea thabo.+
6 Ha ke u hopotse liphateng tsa ka,+
Ke thuisa ka uena nakong ea litebelo tsa bosiu.+
7 Etsoe u ile ua nthusa,+
Ke hoeletsa ka thabo moriting oa mapheo a hao.+
8 Moea oa ka o u latetse haufi-ufi;+
Letsoho la hao le letona le lutse le ntšoere ka tieo.+
9 Ha e le ba ntseng ba batla moea oa ka hore o timele,+
Ba tla kena likarolong tse tlaase-tlaase tsa lefatše.+
10 Ho tla nehelanoa ka bona matleng a sabole;+
Ba tla fetoha kabelo ea liphokojoe.+
11 Morena o tla ithabela ho Molimo.+
E mong le e mong ea hlapanyang ka eena o tla ithorisa,+
Etsoe melomo ea ba buang leshano e tla koaloa.+