Lipesaleme
Ho motsamaisi. Pina, pina ea thoriso.
66 Hooang ka tlhōlo ho Molimo, lōna batho bohle ba lefatše.+
2 Binelang khanya ea lebitso la hae lipina tsa thoriso.+
Etsang hore thoriso ea hae e be e khanyang.+
3 E-reng ho Molimo: “Mesebetsi ea hao e tšabeha hakaakang!+
Ka lebaka la bongata ba matla a hao lira tsa hao li tla ikokobeletsa uena.+
4 Batho bohle ba lefatše ba tla u inamela,+
Ba tla u binela lipina tsa thoriso, ba tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.”+ Selah.
6 O fetotse leoatle naha e omileng;+
Ba tšetse nōkeng ka maoto.+
Moo re ile ra qala ho ithabela ho eena.+
7 O busa ka matla a hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Mahlo a hae a lula a lebetse lichaba.+
Ha e le ba manganga, ba se ke ba iphahamisa.+ Selah.
12 U palamisitse motho ea shoang lihloohong tsa rōna;+
Re fetile mollong le metsing,+
Ua re tlisa phomolong.+
13 Ke tla kena ka tlung ea hao ka linyehelo tse feletseng tsa secheso;+
Ke tla phetha boitlamo ba ka ho uena+
14 Boo molomo oa ka o ileng oa ahlama ho bo bolela+
Le boo molomo oa ka o bo buileng ha ke le mahlomoleng.+
15 Ke tla nyehela ho uena linyehelo tse feletseng tsa secheso tsa liphoofotsoana tse nontšitsoeng,+
Ka mosi oa sehlabelo oa lipheleu.
Ke tla fana ka poho le liphooko.+ Selah.