Ho motsamaisi ka liletsa tse likhoele. Pina ea thoriso. Ea Asafe. Pina.
76 Molimo oa tsejoa Juda;+
Lebitso la hae le leholo Iseraele.+
2 Sebaka sa hae se sireletsehileng se Saleme,+
Sebaka sa hae sa bolulo se Sione.+
3 Moo o ile a roba metsu e halimang ea seqha,
Thebe le sabole le ntoa.+ Selah.
4 U koahetsoe ke khanya, e hlomphehang ho feta lithaba tsa liphofu.+
5 Ba lipelo li matla ba tlatlapuoe,+
Ba otsetse ba ba ba robala,+
Ha ho le ea mong oa banna bohle ba sebete ea fumaneng matsoho a bona.+
6 Molimo oa Jakobo, mokhanni oa koloi le pere ba khalehile ka lebaka la khalemelo ea hao e matla.+
7 Uena—ua tšabeha,+
Ke mang ea ka emang ka pel’a hao ka lebaka la matla a bohale ba hao?+
8 U ile ua etsa hore tsekisano ea molao e utluoe ho tsoa leholimong;+
Lefatše le ile la tšoha ’me la khutsa+
9 Ha Molimo a ema kahlolong,+
Ho pholosa bohle ba bonolo ba lefatše.+ Selah.
10 Etsoe khalefo ea motho e tla u roka;+
U tla itlama ka khalefo e setseng.
11 Etsang boitlamo ’me le bo phethe ho Jehova Molimo oa lōna, lōna bohle ba mo pota-potileng.+
Ba ke ba tlise mpho ka tšabo.+
12 O tla kokobetsa moea oa baeta-pele;+
Oa tšabeha ho marena a lefatše.+