Lipesaleme
Ho motsamaisi. “U se ke ua senya.” Pina ea thoriso. Ea Asafe.+ Pina.
75 Rea u leboha, Molimo; rea u leboha,+
Lebitso la hao le haufi.+
Batho ba lokela ho bolela mesebetsi ea hao e makatsang.+
3 Lefatše le baahi bohle ba lona ba ne ba ntse ba qhibiliha,+
Ke ’na ea ileng a tsitsisa litšiea tsa lona.”+ Selah.
4 Ke ile ka re ho maoatla: “Le se ke la ba maoatla,”+
Ka re ho ba khopo: “Le se ke la phahamisa lenaka.+
6 Etsoe bophahamo ha bo tsoe bochabela kapa bophirimela,
Kapa boroa.
8 Etsoe ho na le senoelo letsohong la Jehova,+
Veine ea phophoma, e tletse motsoako.
Ka sebele o tla tšolla litšifa tsa eona tse leng ho sona;
Bohle ba khopo ba lefatše ba tla li tlhotla, ba li noe.”+