Lipesaleme
Pina ea thoriso ea Asafe.
79 Molimo, lichaba li kene lefeng la hao;+
Li silafalitse tempele ea hao e halalelang;+
Li entse Jerusalema qubu ea lithako.+
2 Li file linonyana tsa maholimo litopo tsa bahlanka ba hao hore e be lijo,+
Li file libata tsa lefatše linama tsa ba tšepahalang ba hao.+
3 Li tšolotse mali a bona joaloka metsi
Ho pota-pota Jerusalema ka hohle, ’me ha ho le ea mong ea ba patang.+
5 Jehova, u tla tuka ke bohale halelele hakae? Ka ho sa feleng?+
Cheseho ea hao e tla tuka feela joaloka mollo halelele hakae?+
6 Tšollela khalefo ea hao holim’a lichaba tse sa kang tsa u tseba,+
Le holim’a mebuso e sa kang ea ipiletsa lebitsong la hao.+
8 U se ke ua hopola liphoso tsa baholo-holo khahlanong le rōna.+
Potlaka! Mehauhelo ea hao e ke e re khahlanyetse,+
Etsoe re futsanehile haholo.+
9 Re thuse, Molimo oa poloko ea rōna,+
Ka lebaka la khanya ea lebitso la hao;+
U re lopolle ’me u koahele libe tsa rōna ka lebaka la lebitso la hao.+
10 Ke hobane’ng ha lichaba li lokela ho re: “Molimo oa bona o hokae?”+
Har’a lichaba ho ke ho tsejoe ka pel’a mahlo a rōna+
Ho pheteletsoa ha mali a tšolotsoeng a bahlanka ba hao.+
11 E se eka ho feheloa ha motšoaruoa ho ka kena ka pel’a hao.+
Ho ea ka boholo ba letsoho la hao u boloke ba behetsoeng lefu.+