Pina ea thoriso ea Asafe.
82 Molimo o eme phuthehong+ ea Ea Nang le Bomolimo;+
O ahlola har’a melimo:+
2 “Le tla ’ne le ahlole ka ho hloka toka halelele hakae+
Le ho bontša leeme ho ba khopo?+ Selah.
3 E-bang baahloli bakeng sa ea tlaase le moshanyana ea se nang ntate.+
Etsang toka ho ea hlorileng le ea nang le ho honyenyane.+
4 Pholosang ea tlaase le ea futsanehileng;+
Ba lopolleng matsohong a ba khopo.”+
5 Ha baa tseba, ’me ha ba utloisise;+
Ba ntse ba tsamaea lefifing;+
Metheo eohle ea lefatše ea sisinngoa.+
6 “Ke itse, ‘Le melimo,+
Lōna bohle le bara ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+
7 Ka sebele le tla shoa feela joalokaha batho ba shoa;+
Le tla oa ho tšoana leha e le ofe oa likhosana!’”+
8 U tsohe, Molimo, u ahlole lefatše;+
Etsoe u lokela ho rua lichaba tsohle.+