Lipesaleme
Pina. Pina ea thoriso ea Asafe.+
U se ke ua lula u sa bue, ’me u se ke ua khutsa, Uena Ea Nang le Bomolimo.+
3 Ka mano ba ntšetsa pele lekunutu la bona khahlanong le batho ba hao;+
Ba rerela ba patiloeng ba hao bolotsana.+
4 Ba itse: “Tloong ’me re ba feliseng hore e se ke ea e-ba sechaba,+
E le hore lebitso la Iseraele le se ke la hlola le hopoloa.”+
5 Etsoe ka lipelo ba eletsane hammoho ba kopane;+
Ba hlabile selekane khahlanong le uena,+
6 Litente tsa Edomo+ le Baishmaele, Moabe+ le Bahagare,+
9 Ba etse joalokaha u ile ua etsa Midiane,+ joalokaha u ile ua etsa Sisera,+
Joalokaha u ile ua etsa Jabine+ phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone.+
11 Ha e le bahlomphehi ba bona, u ba etse joaloka Orebe le joaloka Zebe,+
Babusisi bohle ba bona u ba etse joaloka Zeba le joaloka Zalmuna,+
12 Ba itseng: “A re ithueleng libaka tsa bolulo tsa Molimo.”+
13 Molimo oa ka, u ba etse joaloka setsokotsane sa meutloa,+
Joaloka litlhaka tse fefoloang ke moea.+
14 Joaloka mollo o chesang moru+
Le joaloka lelakabe le tlabolang lithaba,+
15 E se eka u ka ba lelekisa ka sefefo sa hao se matla ka tsela eona eo+
E se eka u ka ba khathatsa ka moea oa hao oa sefefo.+