Ea bara ba Kora. Pina ea thoriso, pina.
87 Motheo oa hae o lithabeng tse halalelang.+
2 Jehova o rata liheke tsa Sione+
Ho feta litabernakele tsohle tsa Jakobo.+
3 Ho ntse ho buuoa lintho tse khanyang ka uena, Uena motse oa Molimo oa ’nete.+ Selah.
4 Ke tla bolela Rahaba+ le Babylona+ joaloka ba leng har’a ba ntsebang;
Filistia+ le Tyre ke tsena, hammoho le Kushe:
“Enoa ke ea ileng a tsoalloa moo.”+
5 Mabapi le Sione ho tla thoe:
“E mong le e mong o ile a tsoalloa teng.”+
Ea Phahameng ka ho Fetisisa+ o tla e tiisa ka thata.+
6 Jehova o tla bolela, ha a tlaleha lichaba:+
“Enoa ke ea ileng a tsoalloa moo.”+ Selah.
7 Ho tla boela ho be le libini hammoho le ba tjekang metjeko e potolohang:+
“Liliba tsohle tsa ka li ho uena.”+