Lipesaleme
Pina ea thoriso, pina, bakeng sa letsatsi la sabatha.
92 Ke ntho e ntle ho leboha Jehova+
Le ho binela lebitso la hao lipina tsa thoriso, Uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa;+
2 Ho bolela mosa oa hao o lerato hoseng+
Le botšepehi ba hao bosiu,+
3 Ka seletsa se nang le likhoele tse leshome le ka lute,+
Ka ho letsa ’mino ka harepa.+
4 Etsoe u nthabisitse, Jehova, ka lebaka la mosebetsi oa hao;
Ke hoeletsa ka thabo ka lebaka la mesebetsi ea matsoho a hao.+
7 Ha ba khopo ba hlōmela joaloka limela+
Bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya,
Ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.+
8 Empa u phahame ho isa nakong e sa lekanyetsoang, Jehova.+
9 Etsoe, bona! lira tsa hao, Jehova,+
Etsoe, bona! lira tsa hao li tla timela;+
Bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba tla aroloa e mong ho e mong.+
11 Leihlo la ka le tla talima lira tsa ka;+
Litsebe tsa ka li tla utloa ka ba ntsohelang matla, baetsi ba bobe.