Exoda
4 Leha ho le joalo, ha Moshe a araba a re: “Empa a re re ha ba ntumele ’me ha ba mamele lentsoe la ka,+ kahobane ba tla re, ‘Jehova ha aa ka a hlaha ho uena.’” 2 Joale Jehova a re ho eena: “Ke eng seo se letsohong la hao?” eaba o re: “Ke molamu.”+ 3 Ka mor’a moo a re: “O lahlele fatše.” Kahoo a o lahlela fatše, ’me oa fetoha noha;+ eaba Moshe o qala ho e baleha. 4 Joale Jehova a re ho Moshe: “Otlolla letsoho la hao ’me u e tšoare ka mohatla.” Kahoo a otlolla letsoho la hae a e tšoara, eaba e fetoha molamu seatleng sa hae. 5 “E le hore,” ho qotsa mantsoe a hae, “ba ka lumela hore Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona,+ Molimo oa Abrahama,+ Molimo oa Isaka+ le Molimo oa Jakobo,+ o hlahile ho uena.”+
6 Joale Jehova a boela a re ho eena: “Ka kōpo, kenya letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hao.” Kahoo a kenya letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hae. Ha a le ntša, bonang! letsoho la hae le ne le otliloe ka lepera joalokaha eka ke lehloa!+ 7 Ka mor’a moo a re: “Khutlisetsa letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hao.” Kahoo a khutlisetsa letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hae. Ha a le ntša lemenong le ka holimo la seaparo sa hae, bonang! le ne le boetse boemong ba lona ba pele le tšoana le nama e ’ngoe ea hae kaofela!+ 8 “’Me etlare,” ho qotsa mantsoe a hae, “haeba ba sa u lumele ’me ba sa mamele lentsoe la pontšo ea pele, joale ka sebele ba tla lumela lentsoe la pontšo ea morao.+ 9 Hape, etlare haeba ba sa lumele esita le lipontšo tsena tse peli ’me ba sa mamele lentsoe la hao,+ joale u tla lokela ho nka metsi a Nōka ea Nile ’me u a tšollele naheng e omileng; metsi ao u a nkileng Nōkeng ea Nile ka sebele a tla fetoha, e, ruri a tla fetoha mali naheng e omileng.”+
10 Joale Moshe a re ho Jehova: “Ntšoarele, Jehova, empa ha ke motho ea buang ka mokhoa o phollatsi, leha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo kapa ho tloha ha u bua le mohlanka oa hao, etsoe ke molomo o boima ’me ke leleme le boima.”+ 11 Eaba Jehova o re ho eena: “Ke mang ea etselitseng motho molomo kapa ea etsang ea sa khoneng ho bua kapa ea sa utloeng litsebeng kapa ea bonang ka mokhoa o hlakileng kapa ea foufetseng? Na hase ’na, Jehova?+ 12 Kahoo joale tsamaea, ’me ke tla ba le molomo oa hao ’me ke tla u ruta seo u tšoanetseng ho se bua.”+ 13 Empa a re: “Ntšoarele, Jehova, empa ka kōpo romela ka letsoho la eo u tla mo romela.” 14 Joale bohale ba Jehova ba tukela Moshe eaba o re: “Na Arone Molevi hase moholoane oa hao?+ Kea tseba hore ruri a ka bua. ’Me, ntle ho moo, bona! o tseleng ho tla u khahlanyetsa. Ha a u bona, ka sebele o tla thaba pelong ea hae.+ 15 U bue le eena ’me u mo kenye mantsoe molomong;+ ke tla ba le molomo oa hao le molomo oa hae,+ ’me ke tla le ruta seo le tla se etsa.+ 16 O tla u buella ho batho; o tla ba joaloka molomo ho uena,+ ’me u tla ba joaloka Molimo ho eena.+ 17 U tla nka molamu ona letsohong la hao hore u etse lipontšo ka oona.”+
18 Tumellanong le hoo Moshe a tsamaea ’me a khutlela ho Jethro mohoe oa hae ’me a re ho eena:+ “Ka kōpo, ke batla ho tsamaea, le ho khutlela ho barab’eso ba Egepeta e le hore ke bone hore na ba sa ntse ba phela.”+ Kahoo Jethro a re ho Moshe: “Tsamaea ka khotso.”+ 19 Ka mor’a moo Jehova a re ho Moshe Midiane: “Tsamaea, khutlela Egepeta, hobane batho bohle ba neng ba tsoma moea oa hao ba shoele.”+
20 Joale Moshe a nka mosali oa hae le bara ba hae ’me a ba palamisa eseleng, eaba o khutlela naheng ea Egepeta. Ho feta moo, Moshe a nka molamu oa Molimo oa ’nete letsohong.+ 21 Eaba Jehova o tsoela pele ho re ho Moshe: “Ha u se u ile ’me u khutletse Egepeta u bone hore u etsa mehlolo eohle eo ke e behileng matsohong a hao ka pel’a Faro.+ Ha e le ’na, ke tla tlohela pelo ea hae hore e be manganga;+ ’me a ke ke a tlohela sechaba hore se tsamaee.+ 22 Le re ho Faro, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Iseraele ke mora oa ka, letsibolo la ka.+ 23 Ke re ho uena: E-re mora oa ka a tsamaee e le hore a ntšebeletse. Empa haeba u hana hore a tsamaee, bona! ke tla bolaea mora oa hao, letsibolo la hao.”’”+
24 Joale eare ha ba le tseleng sebakeng sa bolulo+ Jehova a kopana le eena+ ’me a ’na a batla tsela ea ho mo bolaea.+ 25 Qetellong Zipora+ a nka lejoe le thata ’me a poma ntlha ea letlalo la setho sa botona+ sa mora oa hae ’me a etsa hore e ame maoto a hae eaba o re: “Ke hobane u monyali oa mali ho ’na.” 26 Ka lebaka leo a mo tlohela. Ka nako eo Zipora a re: “Monyali oa mali,” ka lebaka la lebollo.
27 Joale Jehova a re ho Arone: “Tsamaea u khahlanyetse Moshe lefeelleng.”+ Eaba oa tsamaea ’me o kopana le eena thabeng ea Molimo oa ’nete+ eaba oa mo aka. 28 Moshe a bolella Arone mantsoe ’ohle a Jehova, ea neng a mo romile,+ le lipontšo tsohle tseo a neng a mo laetse hore a li etse.+ 29 Ka mor’a moo Moshe le Arone ba tsamaea ’me ba bokella banna bohle ba baholo ba bara ba Iseraele.+ 30 Joale Arone a bua mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a a boleletse Moshe,+ ’me a etsa lipontšo+ mahlong a sechaba. 31 Eaba sechaba sea lumela.+ Ha se utloa hore Jehova o ne a lebisitse tlhokomelo+ ea hae ho bara ba Iseraele le hore o bone mahloreho+ a bona, joale sa inama ’me sa itihela fatše ka lifahleho.+