Exoda
6 Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Joale u tla bona seo ke tla se etsa ho Faro,+ hobane ka lebaka la letsoho le matla o tla ba tlohela hore ba tsamaee ’me ka lebaka la letsoho le matla o tla ba leleka naheng ea hae.”+
2 Molimo a tsoela pele ho bua le Moshe a re ho eena: “Ke ’na Jehova.+ 3 Ke ne ke ee ke hlahe ho Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo+ ke le Molimo ea Matla ’Ohle,+ empa ke ne ke sa itsebahatse+ ho bona ka lebitso la ka la Jehova.+ 4 Hape ke ile ka tiisa selekane sa ka le bona hore ke ba fe naha ea Kanana, naha ea bojaki ba bona eo ba ileng ba lula ho eona e le bajaki.+ 5 Ke utloile ho bobola ha bara ba Iseraele,+ bao Baegepeta ba ba entseng makhoba, ’me ke hopola selekane sa ka.+
6 “Ka hona e-re ho bara ba Iseraele, ‘Ke ’na Jehova, ka sebele ke tla le ntša tlas’a meroalo ea Baegepeta ke le lopolle bokhobeng ba bona,+ ’me ruri ke tla le pholosa ka letsoho le otlolohileng le ka likahlolo tse khōlō.+ 7 Ka sebele ke tla le nkela ho ’na joaloka sechaba,+ ’me ruri ke tla ba Molimo ho lōna;+ ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna ea le ntšang tlas’a meroalo ea Egepeta.+ 8 Ka sebele ke tla le tlisa naheng eo ke phahamisitseng letsoho la ka ka kano+ hore ke tla e fa Abrahama, Isaka le Jakobo; ’me ruri ke tla le fa eona e le ntho eo le tla e rua.+ Ke ’na Jehova.’”+
9 Ka mor’a moo Moshe a bolella bara ba Iseraele sena, empa ha baa ka ba mamela Moshe ka lebaka la ho nyahama le bokhoba bo boima.+
10 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 11 “Kena, u bue le Faro, morena oa Egepeta,+ hore a tlohele bara ba Iseraele hore ba tsamaee ba tlohe naheng ea hae.”+ 12 Leha ho le joalo, Moshe a bua ka pel’a Jehova, a re: “Bona! Bara ba Iseraele ha baa ’mamela;+ ’me Faro o tla ’mamela joang,+ kaha molomo oa ka ha oa bolla?”+ 13 Empa Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe le Arone ’me a ntša taelo ka bona e eang ho bara ba Iseraele le ho Faro, morena oa Egepeta, e le hore a ntše bara ba Iseraele naheng ea Egepeta.+
14 Tsena ke lihlooho tsa matlo a bo-ntat’a bona: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele,+ e ne e le Hanoke le Palu, Hezrone le Karmi.+ Ana ke malapa a Rubene.+
15 Bara ba Simeone e ne e le Jemuele le Jamine le Ohade le Jakine le Zohare le Shaule mora oa mosali oa Mokanana.+ Ana ke malapa a Simeone.+
16 Ana ke mabitso a bara ba Levi,+ ho ea ka masika a bona:+ Gershone le Kohathe le Merari.+ Lilemo tsa bophelo ba Levi e bile lilemo tse lekholo le mashome a mararo a metso e supileng.
17 Bara ba Gershone e ne e le Libni le Shimei,+ ho ea ka malapa a bona.+
18 Bara ba Kohathe e ne e le Amrame le Izehare le Hebrone le Uziele.+ Lilemo tsa bophelo ba Kohathe e bile lilemo tse lekholo le mashome a mararo a metso e meraro.
19 Bara ba Merari e ne e le Maheli le Mushi.+
Ana e ne e le malapa a Balevi, ho ea ka masika a bona.+
20 Joale Amrame a nka rakhali’ae Jokebede hore e be mosali oa hae.+ Hamorao a mo tsoalla Arone le Moshe.+ Lilemo tsa bophelo ba Amrame e bile lilemo tse lekholo le mashome a mararo a metso e supileng.
21 Bara ba Izehare e ne e le Kora+ le Nefege le Zikri.
22 Bara ba Uziele e ne e le Mishaele le Elzafane le Sithri.+
23 Joale Arone a nka Elisheba, morali oa Aminadabe, khaitseli ea Nashone,+ hore e be mosali oa hae. Hamorao a mo tsoalla Nadabe le Abihu, Eleazare le Ithamare.+
24 Bara ba Kora e ne e le Asire le Elkana le Abiasafe.+ Ana e ne e le malapa a Bakore.+
25 Eleazare, mora oa Arone,+ a inkela e mong oa barali ba Putiele hore e be mosali oa hae. Hamorao a mo tsoalla Finease.+
Tsena ke lihlooho tsa bo-ntat’a Balevi, ho ea ka malapa a bona.+
26 Ke Arone le Moshe bao Jehova a itseng ho bona:+ “Ntšang bara ba Iseraele naheng ea Egepeta ho ea ka mabotho a bona.”+ 27 Ke bona ba neng ba bua le Faro, morena oa Egepeta, hore a ntše bara ba Iseraele Egepeta.+ Ke Moshe le Arone.
28 Eitse letsatsing leo ka lona Jehova a buang le Moshe naheng ea Egepeta,+ 29 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: “Ke ’na Jehova.+ Bolella Faro morena oa Egepeta ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u bolellang eona.” 30 Joale Moshe a re ka pel’a Jehova: “Bona! Molomo oa ka ha oa bolla, kahoo Faro o tla ’mamela joang?”+