Exoda
7 Ka lebaka leo Jehova a re ho Moshe: “Bona, ke u entse Molimo ho Faro,+ ’me moholoane oa hao Arone e tla ba moprofeta oa hao.+ 2 Uena—u tla bua sohle seo ke tla u laela sona;+ moholoane oa hao Arone o tla bua le Faro,+ ’me o tla tlohela bara ba Iseraele hore ba tsamaee ba tlohe naheng ea hae.+ 3 Ha e le ’na, ke tla tlohela pelo ea Faro hore e be manganga,+ ’me ka sebele ke tla atisa lipontšo tsa ka le mehlolo ea ka naheng ea Egepeta.+ 4 Faro a ke ke a le mamela;+ ’me ke tla lokela ho isa Egepeta letsoho ke ntše mabotho a ka,+ sechaba sa ka,+ bara ba Iseraele,+ naheng ea Egepeta ka likahlolo tse khōlō.+ 5 Ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke otlolla letsoho la ka khahlanong le Egepeta,+ ’me ruri ke tla ntša bara ba Iseraele har’a bona.”+ 6 Moshe le Arone ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng.+ Ba fela ba etsa joalo.+ 7 Moshe o ne a le lilemo li mashome a robeli ’me Arone a le lilemo li mashome a robeli a metso e meraro nakong ea ha ba bua le Faro.+
8 Joale Jehova a re ho Moshe le Arone: 9 “Haeba Faro a bua le lōna, a re, ‘Itlhahisetseng mohlolo,’+ joale u re ho Arone, ‘Nka molamu+ oa hao ’me u o lahlele fatše ka pel’a Faro.’ O tla fetoha noha e khōlō.”+ 10 Kahoo Moshe le Arone ba kena ho Faro ’me ba etsa hantle feela joalokaha Jehova a ne a ba laetse. Ka lebaka leo Arone a lahlela molamu oa hae fatše ka pel’a Faro le bahlanka ba hae ’me oa fetoha noha e khōlō. 11 Leha ho le joalo, Faro le eena a bitsa banna ba bohlale le baloi;+ ’me baprista ba Egepeta ba sebelisang boselamose le bona ba etsa ntho e tšoanang ka tsebo ea bona ea boselamose.+ 12 Kahoo e mong le e mong a lahlela molamu oa hae fatše, eaba e fetoha linoha tse khōlō; empa molamu oa Arone oa metsa melamu ea bona. 13 Ho ntse ho le joalo, pelo ea Faro ea e-ba manganga,+ ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile.
14 Joale Jehova a re ho Moshe: “Pelo ea Faro ha e arabele.+ O hanne ho tlohela batho hore ba tsamaee.+ 15 E-ea ho Faro hoseng. Bona! O ea metsing!+ U eme moo ho mo khahlanyetsa moeling oa Nōka ea Nile,+ ’me letsohong la hao u nke molamu o ileng oa fetoha noha.+ 16 ’Me u re ho eena, ‘Jehova Molimo oa Baheberu o nthomile ho uena,+ o re: “Tlohela batho ba ka hore ba tsamaee e le hore ba tle ba ntšebeletse lefeelleng,”+ empa bona! ha ua mamela ho fihlela joale. 17 Sena ke seo Jehova a se boletseng:+ “U tla tseba ka sena hore ke ’na Jehova.+ Bona! ke otla metsi a Nōkeng ea Nile ka molamu o letsohong la ka,+ ’me ka sebele a tla fetoha mali.+ 18 Litlhapi tse Nōkeng ea Nile li tla shoa,+ ’me Nōka ea Nile e tla nkha hampe,+ ’me ho hang Baegepeta ba ke ke ba lakatsa ho noa metsi a Nōka ea Nile.”’”+
19 Ka lebaka leo Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Nka molamu oa hao ’me u otlolle letsoho+ holim ’a metsi a Egepeta, holim ’a linōka tsa bona, holim ’a melatsoana ea Nile le holim ’a matamo a bona+ a nang le lehlaka le holim ’a metsi ’ohle a bona a bokeletsoeng, hore a tle a fetohe mali.’ Ka sebele ho tla ba le mali naheng eohle ea Egepeta le ka lijaneng tsa lehong le ka lijaneng tsa lejoe.” 20 Kapele-pele Moshe le Arone ba etsa joalo,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse,+ eaba o phahamisa molamu ’me o otla metsi a neng a le Nōkeng ea Nile ka pel’a mahlo a Faro le bahlanka ba hae,+ eaba metsi ’ohle a Nōkeng ea Nile a fetoha mali.+ 21 Litlhapi tse neng li le Nōkeng ea Nile tsa shoa,+ ’me Nōka ea Nile ea qala ho nkha hampe; Baegepeta ha baa ka ba khona ho noa metsi a Nōka ea Nile;+ ’me ha e-ba le mali naheng eohle ea Egepeta.
22 Leha ho le joalo, baprista ba Egepeta ba sebelisang boselamose ba qala ho etsa ntho e tšoanang ka tsebo ea bona ea sephiri;+ hoo pelo ea Faro e ileng ea tsoela pele ho ba manganga,+ ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile.+ 23 Kahoo Faro a reteleha eaba o ea ntlong ea hae, ’me ha aa ka a beha pelo ea hae hore e ele sena hloko ka tsela leha e le efe.+ 24 Baegepeta bohle ba qala ho cheka ho potoloha Nōka ea Nile bakeng sa metsi a nooang, hobane ba ne ba sa khone ho noa metsi leha e le afe a Nōka ea Nile.+ 25 Ha phethahala matsatsi a supileng ka mor’a hore Jehova a otle Nōka ea Nile.