Moeklesia
2 Ke ile ka re, ka pelong ea ka:+ “Tloo joale, e-re ke u leke ka thabo.+ Hape, bona se molemo.”+ Bonang! Seo le sona e ne e le lefeela. 2 Ke ile ka re ho litšeho: “Bohlanya!”+ le ho thabo:+ “E etsa’ng?”
3 Ke ile ka phenya ka pelo ea ka ka ho hlasimolla nama ea ka esita le ka veine,+ ha ke ntse ke tsamaisa pelo ea ka ka bohlale,+ esita le ho tšoara booatla ho fihlela nka bona hore na ho na le molemo ofe ho bara ba moloko oa batho ho seo ba ileng ba se etsa tlas’a maholimo ka palo ea matsatsi a bophelo ba bona.+ 4 Ka kopanela mesebetsing e meholo.+ Ka ikahela matlo;+ ka itemela lirapa tsa morara.+ 5 Ka iketsetsa lirapa le lirapa tsa lifate,+ ’me ho tsona ka lema lifate tsa litholoana tsa mefuta eohle. 6 Ka iketsetsa matamo a metsi,+ ho nosetsa meru ka ’ona, e hlahisang lifate.+ 7 Ka ba le bahlanka le makhabunyane,+ ’me ka ba le bara ba lelapa.+ Hape, ka ba le liphoofolo tse ruiloeng, likhomo le mehlape ka bongata, ho feta bohle ba bileng teng pele ho ’na Jerusalema.+ 8 Ka ipokellela le silevera le khauta,+ le thepa eo ka ho khethehileng e leng ea marena le liprofinse.+ Ka iketsetsa libini tsa banna le libini tsa basali+ le thabo e phethehileng+ ea bara ba moloko oa batho, e leng mofumahali, esita le mafumahali.+ 9 Ka ba moholo ’me ka ateloa ho feta mang kapa mang ea bileng teng pele ho ’na Jerusalema.+ Ho feta moo, bohlale ba ka bo ile ba lula e le ba ka.+
10 Ha kea ka hlokisa mahlo a ka ntho leha e le efe eo a neng a e batla.+ Ha kea ka ka hanela pelo ea ka ka thabo ea mofuta leha e le ofe, etsoe pelo ea ka e ne e thabile ka lebaka la mosebetsi oohle oa ka o boima,+ ’me sena e ile ea e-ba kabelo ea ka ho tsoa mosebetsing oohle oa ka o boima.+ 11 Ka retelehela mesebetsing eohle ea ka eo matsoho a ka a neng a e entse le mosebetsing o boima oo ke neng ke sebelitse ka thata ho o phetha,+ ’me, bonang! ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea,+ ho ne ho se letho le molemo tlas’a letsatsi.+
12 Ka reteleha ho bona bohlale+ le bohlanya le booatla;+ etsoe ke eng seo motho oa lefatše ea kenang ka mor’a morena a ka se etsang? Ntho eo batho ba seng ba ntse ba e entse. 13 Ka bona hore bohlale bo na le molemo o moholo ho feta oa booatla,+ feela joalokaha leseli le e-na le molemo o moholo ho feta oa lefifi.+
14 Ha e le mang kapa mang ea bohlale, mahlo a hae a hloohong;+ empa ea hlokang kelello o ntse a tsamaea lefifing le fetisisang.+ Kea tseba, le ’na, hore ho na le qetello e le ’ngoe e ba hlahelang kaofela.+ 15 Ka re ka pelong ea ka:+ “Qetello e kang e tlelang ea hlokang kelello+ e tla ntlhahela, e, ’na.”+ Joale, ke hobane’ng ha ke ne ke hlalefile, ke le joaloka ho fetang tekanyo+ ka nako eo? Ke ile ka bua ka pelong ea ka: “Sena le sona ke lefeela.” 16 Etsoe ea bohlale ha a sa tla hopoloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang feela joaloka ea hlokang kelello.+ Matsatsing a seng a ntse a tla, ka sebele e mong le e mong oa lebaloa; ’me ea bohlale o tla shoa joang? Hammoho le ea hlokang kelello.+
17 Ke ne ke hloile bophelo,+ hobane mosebetsi o entsoeng tlas’a letsatsi o ne o baka tlokotsi ho ea ka pono ea ka,+ etsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea.+ 18 Ke ne ke hloile mosebetsi oohle oa ka o boima oo ke neng ke sebetsa ka thata ho oona tlas’a letsatsi,+ oo ke neng ke tla o siela motho ea neng a tla ba teng ka mor’a ka.+ 19 Ke mang ea tsebang hore na o tla ba bohlale kapa e be leoatla?+ Empa leha ho le joalo o tla ba le taolo holim ’a mosebetsi oohle oa ka o boima oo ke ileng ka sebetsa ka thata ho oona le oo ke ileng ka bontša bohlale ho oona tlas’a letsatsi.+ Sena le sona ke lefeela. 20 Ke ile ka retelehela ho etseng hore pelo ea ka e felloe ke tšepo+ ka lebaka la mosebetsi oohle o boima oo ke neng ke o sebelitse ka thata tlas’a letsatsi. 21 Etsoe ho na le motho eo mosebetsi oa hae o boima o bileng ka bohlale le ka tsebo le ka botsebi,+ empa motho ea sa sebetsang ka thata nthong e joalo o tla fuoa kabelo ea eo.+ Sena le sona ke lefeela le tlokotsi e khōlō.+
22 Etsoe motho o ba le eng bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o boima le boiteko ba pelo ea hae boo ka bona a sebetsang ka thata tlas’a letsatsi?+ 23 Ka matsatsi ’ohle a hae mosebetsi oa hae o bolela bohloko le matšoenyeho,+ le nakong ea bosiu ho hang pelo ea hae ha e robale.+ Sena le sona ke lefeela-feela.
24 Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.+ Sena le sona ke se bone, hore sena se tsoa letsohong la Molimo oa ’nete.+ 25 Etsoe ke mang ea jang+ le ea noang hamolemo ho mpheta?+
26 Etsoe o file motho ea molemo ka pel’a hae+ bohlale le tsebo le thabo,+ empa o file moetsalibe mosebetsi oa ho bokella le ho phutha hore feela a fe ea molemo ka pel’a Molimo oa ’nete.+ Sena le sona ke lefeela le ho lelekisa moea.+