Esaia
63 Ke mang enoa ea tsoang Edomo,+ ea apereng liaparo tse mebala e khanyang ea Bozra,+ enoa eo liaparo tsa hae li hlomphehang, ea tsamaeang matleng a hae a maholo?
“Ke ’na, Ea buang ka ho loka,+ Ea atetsoeng ke matla a ho pholosa.”+
2 Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li le khubelu, le liphahlo tsa hao li tšoana le tsa ea hatakelang sehatelo sa veine?+
3 “Ke hataketse bate ea veine ke le mong,+ ha ho ne ho se na motho eo ke nang le eena ho lichaba. Ka ’na ka ba hatakela bohaleng ba ka,+ ka ’na ka ba hatakela khalefong ea ka.+ Mali a bona a tšikhunyang a ’na a qaphaletsa liaparo tsa ka,+ ’me ke silafalitse liphahlo tsohle tsa ka. 4 Etsoe letsatsi la phetetso le pelong ea ka,+ ’me selemo sa batho ba ka ba rekolotsoeng se fihlile. 5 Ka ’na ka talima, empa ho ne ho se na mothusi; eaba ke qala ho iponahatsa ke maketse, empa ho ne ho se na ea fanang ka tšehetso.+ Kahoo letsoho la ka la mpha poloko,+ ’me ka tšehetsoa ke khalefo ea ka.+ 6 Ka ’na ka hatakela lichaba bohaleng ba ka, ka li tahisa ka khalefo ea ka+ ’me ka theolela lefatšeng mali a tsona a tšikhunyang.”+
7 Ke tla bolela mosa oa Jehova o lerato,+ lithoriso tsa Jehova, ho ea ka sohle seo Jehova a re etselitseng sona,+ esita le molemo o mongata ho ntlo ea Iseraele+ oo a e fileng oona ho ea ka mehauhelo+ ea hae le ho ea ka bongata ba mosa oa hae o lerato. 8 Eaba o tsoela pele ho re: “Ka sebele ke batho ba ka,+ bara ba ke keng ba iponahatsa ba se na ’nete.”+ Kahoo a fetoha Mopholosi oa bona.+ 9 Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.+ Lenģosa la hae le ile la ba pholosa.+ Leratong la hae le qenehelong ea hae o ile a ba rekolla,+ eaba oa ba phahamisa le ho ba jara ka matsatsi ’ohle a khale.+
10 Empa ba rabela+ ’me ba utloisa moea oa hae o halalelang bohloko.+ Joale a fetoha sera+ sa bona; a ba loantša.+ 11 Eaba e mong o qala ho hopola matsatsi a khale, mohlanka oa hae Moshe: “O hokae Ea ba ntšitseng leoatleng+ hammoho le balisa ba mohlape oa hae?+ O hokae Ea kentseng moea oa Hae o halalelang ka hare ho eena?+ 12 Ea isang letsoho la Hae le letle+ letsohong le letona la Moshe; Ea arolang metsi ka pel’a bona+ e le hore a iketsetse lebitso le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang;+ 13 Ea etsang hore ba tsamaee har’a metsi a bilohang hoo, joaloka pere lefeelleng, ba sa kang ba khoptjoa?+ 14 Feela joalokaha phoofolo e theohela thoteng, moea oa Jehova o ile oa ba phomotsa.”+
Ka hona ua etella batho ba hao pele e le hore u iketsetse lebitso le letle.+
15 Talima u le leholimong+ ’me u bone u le sebakeng sa hao sa bolulo se phahameng sa khalalelo le botle.+ Cheseho ea hao+ le matla a hao a feletseng li hokae, ho lubeha ha litho tsa hao tse ka hare,+ le mehauhelo ea hao?+ Li ithibile hore li se ke tsa tla ho ’na.+ 16 Etsoe u Ntat’a rōna;+ le hoja mohlomong Abrahama a sa ka a re tseba le Iseraele mohlomong a sa ka a re tseba, uena, Jehova, u Ntat’a rōna. Lebitso la hao ke Morekolli oa rōna oa khale.+ 17 Jehova, ke hobane’ng ha u etsa hore re ’ne re hlahlathele litseleng tsa hao? Ke hobane’ng ha u thatafatsa lipelo tsa rōna tšabong ea hao?+ Khutla ka lebaka la bahlanka ba hao, meloko ea lefa la hao.+ 18 Sechaba sa hao se halalelang+ se ile sa rua ka nakoana. Bahanyetsi ba rōna ba hataketse sehalalelo sa hao.+ 19 Ka nako e telele re bile joaloka bao u sa kang ua ba busa, joaloka ba sa kang ba bitsoa ka lebitso la hao.+