Daniele
6 Ho ile ha bonahala ho le molemo ho Dariuse, ’me a beha babusisi ba liprofinse ba lekholo le mashome a mabeli hore ba okamele ’muso, ba neng ba tla okamela ’muso oohle;+ 2 ’me a beha balaoli ba bararo ba phahameng hore ba ba okamele, bao Daniele e neng e le e mong oa bona,+ e le hore babusisi bana ba liprofinse+ ba ka tsoela pele ho ba fa tlaleho le hore morena a se ke a lahleheloa.+ 3 Joale Daniele enoa o ne a ikhetholla ka ho tsitsitseng+ ho balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse, kahobane moea o sa tloaelehang o ne o le ho eena;+ ’me morena o ne a rera ho mo phahamisa hore a okamele ’muso oohle.
4 Ka nako eo balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse kamehla ba ne ba batla ho fumana boikaketsi khahlanong le Daniele mabapi le ’muso;+ empa ho hang ho ne ho se boikaketsi kapa ntho e fosahetseng eo ba neng ba khona ho e fumana, kahobane e ne e le ea ka tšeptjoang ’me ho hang ha hoa ka ha fumanoa ho se tsotelle kapa ntho e fosahetseng ho eena.+ 5 Ka lebaka leo banna bana ba shahlileng ba ne ba re: “Ho hang re ke ke ra fumana boikaketsi ho Daniele, haese hore re bo fumane khahlanong le eena molaong oa Molimo oa hae.”+
6 Ka lebaka leo balaoli bana ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba kena e le letšoele ho morena,+ ’me sena ke seo ba neng ba mo bolella sona: “Morena Dariuse, u ’ne u phele esita le ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.+ 7 Balaoli bohle ba phahameng ba ’muso, balaoli le babusisi ba liprofinse, balaoli ba phahameng ba hlomphehang le babusisi, ba rerisane hore ba tiise taelo ea borena e hlomamisitsoeng+ le ho phethahatsa molao oa thibelo, hore mang kapa mang ea etsang kōpo e matla ho molimo leha e le ofe kapa motho ka matsatsi a mashome a mararo haese ho uena, morena, o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau.+ 8 Joale, morena, e se eka u ka tiisa taelo e hlomamisitsoeng le ho saena se ngotsoeng,+ e le hore se se ke sa fetoloa, ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia,+ o sa hlakoloeng.”+
9 Tumellanong le sena, Morena Dariuse a saena se ngotsoeng le molao oa thibelo.+
10 Empa Daniele, hang ha a tsebile hore se ngotsoeng se ne se saennoe, a kena ka tlung ea hae, ’me, lifensetere tsa kamore ea hae e marulelong li ne li bulehetse nģ’a Jerusalema+ bakeng sa hae, esita le ka makhetlo a mararo ka letsatsi+ o ne a khumama ka mangole ’me a rapela+ le ho fana ka thoriso ka pel’a Molimo oa hae,+ joalokaha a ne a ntse a etsa kamehla pele ho sena.+ 11 Ka nako eo banna bana ba shahlileng ba phutheha ’me ba fumana Daniele a etsa kōpo e matla ’me a kōpa mohau ka pel’a Molimo oa hae.+
12 Joale ba atamela ’me ba ne ba re ka pel’a morena malebana le molao oa thibelo oa morena: “Na ha ho na molao oa thibelo oo u o saenneng hore motho leha e le ofe ea etsang kōpo e matla ho molimo leha e le ofe kapa motho ka matsatsi a mashome a mararo haese ho uena, morena, o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau?”+ Morena a araba a re: “Taba e hlomamisitsoe hantle ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia, o sa hlakoloeng.”+ 13 Kapele-pele ba araba, ’me ba ne ba re ka pel’a morena: “Daniele,+ oa baholehuoa ba Juda,+ ha aa ka a re letho ka uena, morena, kapa ka molao oa thibelo oo u o saenneng, empa o etsa kōpo ea hae e matla ka makhetlo a mararo ka letsatsi.”+ 14 Ka lebaka leo, hang ha morena a utloile lentsoe leo, le ne le sa mo khahlise,+ ’me a nahana ka hore a pholose Daniele;+ ho fihlela letsatsi le likela o ne a ntse a leka ho mo lopolla. 15 Qetellong banna bana ba shahlileng ba kena e le letšoele ho morena, ’me ba ne ba re ho morena: “Ela hloko, morena, hore molao oa Bamede le Bapersia ke hore molao leha e le ofe oa thibelo+ kapa taelo e hlomamisitsoeng eo morena a e tiisitseng ha ea lokela ho fetoloa.”+
16 Ka lebaka leo morena a laela, ’me ba tlisa Daniele ’me ba mo lahlela ka sekoting sa litau.+ Morena a bua ’me a re ho Daniele: “Molimo oa hao eo u mo sebeletsang ka tiisetso, o tla u pholosa.”+ 17 Ha tlisoa lejoe ’me la behoa molomong oa sekoti, ’me morena a le tiisa ka lesale la hae la tiiso le ka lesale la tiiso la matona a hae, e le hore ho se ke ha e-ba le letho le fetoloang tabeng ea Daniele.+
18 Ka nako eo morena a ea ntlong ea hae ea ’muso a qeta bosiu a itima lijo,+ ’me ha ho liletsa tsa ’mino tse ileng tsa tlisoa ka pel’a hae, ’me a felloa ke boroko.+ 19 Qetellong, ha mafube a hlaha, morena a tsoha ka meso, ’me ka potlako a ea sekoting sa litau. 20 Ha a atamela sekoting, a hoeletsa Daniele ka lentsoe le hlomohileng. Morena o ne a phatlalatsa ’me a re ho Daniele: “Uena Daniele, mohlanka oa Molimo ea phelang, na Molimo oa hao eo u mo sebeletsang ka tiisetso+ o khonne ho u pholosa litaung?”+ 21 Kapele-pele Daniele a bua le morena: “Morena, u ’ne u phele esita le ho isa linakong tse sa lekanyetsoang. 22 Molimo+ oa ka o rometse lengeloi+ la hae ’me la koala melomo ea litau,+ ’me ha lia mphelisa, kahobane ke fumanoe ke hloka molato ka pel’a hae;+ le ka pel’a hao, morena, ha ho ketso e kotsi eo ke e entseng.”+
23 Joale morena a nyakalla haholo,+ ’me a laela hore Daniele a nyolloe ka sekoting. Daniele a nyolloa ka sekoting, ’me ho hang ho ne ho se kotsi e fumanoeng ho eena, hobane o ne a tšepile Molimo oa hae.+
24 Morena a laela, ’me ba tlisa banna bana ba shahlileng ba neng ba qositse Daniele,+ ’me ba lahlela bona, le bara ba bona le basali+ ba bona ka sekoting sa litau;+ ba ne ba e-s’o fihle fatše ka sekoting ha litau li ba hlōla, ’me li robokela masapo ’ohle a bona.+
25 Joale Morena Dariuse a ngolla batho bohle, lichaba le lipuo ba lulang lefatšeng lohle:+ “E se eka khotso ea lōna e ka hōla haholo!+ 26 Ke fana ka taelo+ ea hore, sebakeng se seng le se seng sa ’muso oa ka, batho ba lokela ho thothomela le ho tšoha ka pel’a Molimo oa Daniele.+ Etsoe ke Molimo ea phelang le Ea mamellang ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,+ ’me ’muso+ oa hae ke o ke keng oa senngoa,+ ’me puso ea hae ke ea ka ho sa feleng.+ 27 Oa pholosa le ho lopolla+ le ho etsa lipontšo le limakatso maholimong+ le lefatšeng,+ etsoe o pholositse Daniele marōng a litau.”
28 Ha e le Daniele, a atleha ’musong oa Dariuse+ le ’musong oa Cyruse Mopersia.+