Zakaria
“Lentsoe la Jehova le khahlanong le naha ea Hadrake, ’me le lutse Damaseka;+ etsoe Jehova o behile leihlo ho motho oa lefatše+ le holim ’a meloko eohle ea Iseraele. 2 Hamathe+ e tla sehelana meeli le eona; Tyre+ le Sidone,+ etsoe e bohlale haholo.+ 3 Tyre e ile ea ikahela ’mōtōmōtō, le ho bokella silevera joaloka lerōle le khauta joaloka seretse sa literateng.+ 4 Bonang! Jehova o tla e leleka, ’me ka sebele o tla lihela lebotho la eona la sesole leoatleng;+ ’me e tla timetsoa mollong.+ 5 Ashkelone e tla bona ’me e tšohe; ha e le Gaza, le eona e tla utloa bohloko bo boholo haholo; le Ekrone,+ hobane tšepo ea eona eo e e lebeletseng+ e tla lokela ho hlajoa ke lihlong. Ka sebele morena o tla timetsoa Gaza, ’me Ashkelone e ke ke ea e-ba le baahi.+ 6 Mora oa matšeo+ o tla ipeha Ashdode,+ ’me ka sebele ke tla felisa boikakaso ba Mofilista.+ 7 Ke tla tlosa lintho tsa hae tse khenathetseng mali molomong oa hae le lintho tsa hae tse nyonyehang pakeng tsa meno a hae,+ ’me ka sebele o tla boela a siuoe bakeng sa Molimo oa rōna; ’me o tla ba joaloka moeta-pele+ Juda,+ ’me Ekrone a be joaloka Mojebuse.+ 8 Ke tla hloma liahelo joaloka setsi se ka thōko sa sesole bakeng sa ntlo ea ka,+ e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla feta le ea tla khutla; ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le ea fanang ka mosebetsi ea fetang ho bona,+ etsoe joale ke bone seo ka mahlo a ka.+
9 “Thaba haholo, Uena morali oa Sione.+ Hooa ka tlhōlo,+ Uena morali oa Jerusalema. Bona! Morena+ oa hao o tla ho uena.+ O lokile, e, o pholositsoe;+ o ikokobelitse,+ ’me o palame esele, eona phoofolo e hōlileng ka ho feletseng petsana e tona ea esele e tšehali.+ 10 Ka sebele ke tla felisa koloi ea ntoa Efraime le pere Jerusalema.+ Seqha sa ntoa+ se tla felisoa. O tla bolela khotso lichabeng;+ ’me bobusi ba hae bo tla tloha leoatleng le leng ho ea leoatleng le leng le ho tloha Nōkeng ho ea lipheletsong tsa lefatše.+
11 “Uena mosali, ka mali a selekane+ sa hao ke tla romela batšoaruoa+ ba hao ho tsoa ka sekoting se se nang metsi.
12 “Khutlelang qhobosheaneng,+ lōna batšoaruoa ba tšepo.+
“Uena mosali, kajeno kea u bolella, ‘Ke tla u buseletsa kabelo e mennoeng habeli.+ 13 Etsoe ke tla hatakela Juda joaloka seqha sa ka. Ke tla tlatsa seqha ka Efraime, ’me ke tla tsosa bara ba hao,+ Uena Sione, khahlanong le bara ba hao, Uena Greece,+ ’me ke tla u etsa joaloka sabole ea monna ea matla.’+ 14 Jehova o tla bonoa holim ’a bona,+ ’me ka sebele motsu oa hae o tla tsoa joaloka lehalima.+ ’Musi Morena Jehova o tla letsa lenaka,+ ’me ka sebele o tla ea ka sefefo sa boroa.+ 15 Jehova oa mabotho o tla ba sireletsa, ’me ka sebele ba tla timetsa+ le ho hlōla majoe a letjeketjane. Ka sebele ba tla noa+—ba be morusu—joalokaha eka ho ne ho e-na le veine; ’me ba tla tlala joaloka sekotlolo, joaloka likhutlo tsa aletare.+
16 “Ka sebele Jehova Molimo oa bona o tla ba pholosa+ letsatsing leo joaloka mohlape oa sechaba sa hae;+ etsoe ba tla ba joaloka majoe a mofapa-hlooho a phatsimang holim ’a mobu oa hae.+ 17 Etsoe molemo oa hae o moholo hakaakang,+ ’me botle ba hae bo boholo hakaakang!+ Lijo-thollo li tla atlehisa bahlankana, ’me veine e ncha e atlehise baroetsana.”+