Malakia
Malakia
1 Phatlalatso:
Lentsoe la Jehova+ malebana le Iseraele ka Malakia:
2 “Ke le ratile,”+ ho boletse Jehova.
Le itse: “U re ratile ka tsela efe?”+
“Na Esau e ne e se mor’abo Jakobo?”+ ho bolela Jehova. “Empa ke ratile Jakobo,+ 3 ke hloile Esau;+ qetellong ka etsa lithaba tsa hae lesupi+ ’me lefa la hae ka le etsetsa liphokojoe tsa lefeella.”+
4 “Kahobane Baedomo ba ntse ba re, ‘Re harasantsoe, empa re tla khutla ’me re hahe libaka tse ripitliloeng,’ sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ba tla haha; empa ke tla qhaqha.+ Ka sebele batho ba tla ba bitsa “naha ea bokhopo” le “batho bao Jehova a ba nyatsitseng+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” 5 Mahlo a lōna a tla bona hoo, ’me le tla re: “E se eka Jehova a ka tlotlisoa naheng ea Iseraele.”’”+
6 “‘Mora o hlompha ntate;+ ’me mohlanka, o hlompha mong’a hae e moholo.+ Kahoo haeba ke le ntate,+ ha le ntlhomphe ke’ng?+ Haeba ke le Monghali e Moholo, ha le ntšabe+ ke’ng?’ Ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng ho lōna, baprista ba nyelisang lebitso la ka.+
“‘Le itse: “Re nyelisitse lebitso la hao ka tsela efe?”’
7 “‘Ka ho hlahisa holim ’a aletare ea ka bohobe bo silafetseng.’+
“‘Le itse: “Re u hlompholotse ka tsela efe?”’
“‘Ha le re: “Tafole+ ea Jehova ke ntho e nyelisoang.”+ 8 Ha le hlahisa phoofolo e foufetseng bakeng sa ho etsa sehlabelo: “Hase ntho e mpe.” Ha le hlahisa phoofolo e holofetseng kapa e kulang: “Hase ntho e mpe.”’”+
“Ka kōpo, e atametseng ho ’musisi oa lōna. Na o tla khahlisoa ke lōna, kapa na o tla le amohela ka mosa?” ho boletse Jehova oa mabotho.
9 “Joale, ka kōpo, nolofatsang sefahleho+ sa Molimo, hore a re bontše mohau.+ Sena ke se entsoeng ke matsoho a lōna. Na o tla amohela leha e le ofe oa lōna ka mosa?” ho boletse Jehova oa mabotho.
10 “Ke mang hape har’a lōna ea tla koala mamati?+ Lōna le ke ke la khantša aletare ea ka—mahala.+ Ha ke le thabele,” ho boletse Jehova oa mabotho, “le nyehelo ea mpho e tsoang matsohong a lōna ha e nkhahlise.”+
11 “Etsoe ho tloha bochaba-tsatsi esita le ho isa bophirima-tsatsi lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba,+ ’me sebakeng se seng le se seng ho tla etsoa mosi oa sehlabelo,+ lebitso la ka le tla etsetsoa nyehelo, esita le mpho e hloekileng;+ hobane lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.
12 “Empa lea ntlhompholla+ ha le re, ‘Tafole ea Jehova ke ntho e silafetseng, ’me litholoana tsa eona ke ntho e nyelisoang, ke hore lijo tsa eona.’+ 13 Le itse, ‘Bonang! Ke ho khathatsang hakaakang!’+ ’me le entse hore e soenyetsoe linko,” ho boletse Jehova oa mabotho. “Le tlisitse ho hong ho nkiloeng ka mahahapa, le ho holofetseng, le ho kulang;+ e, le ho tlisitse e le mpho. Na nka khahlisoa ke hona letsohong la lōna?”+ ho boletse Jehova.
14 “Ho rohakoe ea sebetsang ka mano ha mohlapeng oa hae ho e-na le phoofolo e tona, ’me a etsa boitlamo le ho etsetsa Jehova sehlabelo ka e senyehileng.+ Etsoe ke ’na Morena e moholo,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “’me lebitso la ka le tla tšabeha har’a lichaba.”+