Numere
34 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Laela bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Le ea naheng ea Kanana.+ Ena ke naha e tla oela ho lōna ka lefa,+ naha ea Kanana ho ea ka meeli ea eona.+
3 “‘Lehlakore la lōna le ka boroa le be ho tloha lefeelleng la Zine haufi le Edomo,+ ’me moeli oa lōna o ka boroa o be ho tloha pheletsong ea Leoatle la Letsoai+ ka bochabela. 4 Moeli oa lōna o thinye ho tloha ka boroa ho moepa oa Akrabime+ ’me o tšelele Zine, ’me qetello ea oona e be ka boroa ho Kadeshe-barnea;+ ’me o namele Hazare-adare+ o be o fetele Azmone. 5 Moeli o thinye Azmone ho ea phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta,+ ’me qetello ea oona e be Leoatleng.+
6 “‘Ha e le moeli+ o ka bophirimela, bakeng sa lōna e be Leoatle le Leholo hammoho le sebaka se lebōpong la leoatle. Ona e tla ba moeli oa lōna o ka bophirimela.
7 “‘Joale ona e tla ba moeli oa lōna o ka leboea: Ho tloha Leoatleng le Leholo le tšoaee Thaba ea Hore+ e le moeli oa lōna. 8 Ho tloha Thabeng ea Hore le tšoaee moeli ho fihlela moo ho kenoang teng Hamathe,+ ’me qetello ea moeli e be Zedade.+ 9 Moeli o ee Zifrone, ’me qetello ea oona e be Hazare-enane.+ Ona e tla ba moeli oa lōna o ka leboea.
10 “‘Joale le itšoaele moeli oa lōna ho tloha Hazare-enane ho ea Shefame ka bochabela. 11 Moeli o theohe ho tloha Shefame ho ea Ribla ka bochabela ho Aine, ’me moeli o theohe ’me o otle holim ’a letsoapo le ka bochabela la leoatle la Kinerethe.+ 12 Moeli o theohele Jordane, ’me qetello ea oona e be Leoatle la Letsoai.+ Ena e tla ba naha+ ea lōna ho ea ka meeli ea eona ho pota-pota ka hohle.’”
13 Kahoo Moshe a laela bara ba Iseraele, a re: “Ena ke naha eo le tla ikarolela eona ka lotho+ e le lefa, feela joalokaha Jehova a laetse hore e fuoe meloko e robong le halofo.+ 14 Etsoe moloko oa bara ba Barubene ka matlo a bo-ntat’a bona le moloko oa bara ba Bagade ka matlo a bo-ntat’a bona o se o le nkile, ’me halofo ea moloko oa Manase e se e nkile lefa la eona.+ 15 Meloko e ’meli le halofo e se e nkile lefa la eona sebakeng sa Jordane pel’a Jeriko ka nģ’a bochabela ho elella ka bochaba-tsatsi.”+
16 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 17 “Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha hore le e rue, moprista Eleazare+ le Joshua mora oa Nune.+ 18 Le tla nka morenana a le mong har’a moloko ka mong ho arola naha hore le e rue.+ 19 Ana ke mabitso a banna bao: Molokong oa Juda,+ Kalebe mora oa Jefune;+ 20 molokong oa bara ba Simeone,+ Shemuele mora oa Amihude; 21 molokong oa Benjamine,+ Elidade mora oa Kislone; 22 molokong oa bara ba Dane,+ morenana, Buki mora oa Jogli; 23 ho bara ba Josefa,+ molokong oa bara ba Manase,+ morenana, Haniele mora oa Efode; 24 molokong oa bara ba Efraime,+ morenana, Kemuele mora oa Shiftane; 25 molokong oa bara ba Zabulone,+ morenana, Elizafane mora oa Parenake; 26 molokong oa bara ba Isakare,+ morenana, Paltiele mora oa Azane; 27 molokong oa bara ba Ashere,+ morenana, Akihude mora oa Shelomi; 28 molokong oa bara ba Nefthali,+ morenana, Pedahele mora oa Amihude.” 29 Bana ke bao Jehova a ba laetseng hore ba etse bara ba Iseraele beng ba naha naheng ea Kanana.+