Numere
33 Ena ke mekhahlelo ea bara ba Iseraele ba ileng ba tsoa naheng ea Egepeta+ ka mabotho+ a bona ka letsoho la Moshe le Arone.+ 2 Moshe a ’na a tlaleha libaka tseo ho tloheloang ho tsona ka mekhahlelo ea bona ho ea ka taelo ea Jehova; ena ke mekhahlelo ea bona ho tloha sebakeng se seng seo ho tloheloang ho sona ho ea ho se seng:+ 3 Ba tloha Ramsese+ ka khoeli ea pele, letsatsing la leshome le metso e mehlano la khoeli ea pele.+ Letsatsi feela ka mor’a paseka+ bara ba Iseraele ba tloha ba phahamisitse matsoho ka pel’a mahlo a Baegepeta.+ 4 Ka nako ena eohle Baegepeta ba ne ba pata bao Jehova a neng a ba bolaile har’a bona, ke hore, matsibolo ’ohle;+ ’me Jehova o ne a phethisitse likahlolo ho melimo ea bona.+
5 Kahoo bara ba Iseraele ba tloha Ramsese+ ’me ba hloma liahelo Sukothe.+ 6 Joale ba tloha Sukothe ’me ba hloma liahelo Ethame,+ e moeling oa lefeella. 7 Ka mor’a moo ba tloha Ethame ’me ba khutlela Pihahirothe,+ e ka pel’a Baale-zefone;+ ’me ba hloma liahelo ka pel’a Migdole.+ 8 Ka mor’a moo ba tloha Pihahirothe ’me ba feta har’a leoatle+ ho ea lefeelleng+ ’me ba ’na ba tsamaea leeto la matsatsi a mararo lefeelleng la Ethame+ eaba ba hloma liahelo Mara.+
9 Joale ba tloha Mara ’me ba fihla Elime.+ Joale Elime ho ne ho e-na le liliba tse leshome le metso e ’meli tsa metsi le lifate tsa lipalema tse mashome a supileng. Kahoo ba hloma liahelo teng. 10 Ka mor’a moo ba tloha Elime ’me ba hloma liahelo pel’a Leoatle le Lefubelu. 11 Ka mor’a moo ba tloha Leoatleng le Lefubelu ’me ba hloma liahelo lefeelleng la Sine.+ 12 Joale ba tloha lefeelleng la Sine ’me ba hloma liahelo Dofeka. 13 Hamorao ba tloha Dofeka ’me ba hloma liahelo Alushe. 14 Ka mor’a moo ba tloha Alushe ’me ba hloma liahelo Refidime.+ Ho ne ho se na metsi moo hore sechaba se noe. 15 Ka mor’a moo ba tloha Refidime ’me ba hloma liahelo lefeelleng la Sinai.+
16 Ka mor’a moo ba tloha lefeelleng la Sinai ’me ba hloma liahelo Kibrothe-hatava.+ 17 Joale ba tloha Kibrothe-hatava ’me ba hloma liahelo Hazerothe.+ 18 Ka mor’a moo ba tloha Hazerothe ’me ba hloma liahelo Rithma. 19 Ka mor’a moo ba tloha Rithma ’me ba hloma liahelo Rimone-pereze. 20 Joale ba tloha Rimone-pereze ’me ba hloma liahelo Libna. 21 Hamorao ba tloha Libna ’me ba hloma liahelo Risa. 22 Ka mor’a moo ba tloha Risa ’me ba hloma liahelo Kehelatha. 23 Joale ba tloha Kehelatha ’me ba hloma liahelo Thabeng ea Shefere.
24 Ka mor’a moo ba tloha Thabeng ea Shefere ’me ba hloma liahelo+ Harada. 25 Joale ba tloha Harada ’me ba hloma liahelo Makhelothe. 26 Ka mor’a moo ba tloha+ Makhelothe ’me ba hloma liahelo Tahathe. 27 Ka mor’a moo ba tloha Tahathe ’me ba hloma liahelo Tera. 28 Joale ba tloha Tera ’me ba hloma liahelo Mithka. 29 Hamorao ba tloha Mithka ’me ba hloma liahelo Hashmona. 30 Ka mor’a moo ba tloha Hashmona ’me ba hloma liahelo Moserothe. 31 Joale ba tloha Moserothe ’me ba hloma liahelo Bene-jakane.+ 32 Ka mor’a moo ba tloha Bene-jakane ’me ba hloma liahelo Hore-hagidegade. 33 Ka mor’a moo ba tloha Hore-hagidegade ’me ba hloma liahelo Jotbatha.+ 34 Hamorao ba tloha Jotbatha ’me ba hloma liahelo Abrona. 35 Joale ba tloha Abrona ’me ba hloma liahelo Ezione-gebere.+ 36 Ka mor’a moo ba tloha Ezione-gebere ’me ba hloma liahelo lefeelleng la Zine,+ ke ho re, Kadeshe.
37 Hamorao ba tloha Kadeshe ’me ba hloma liahelo Thabeng ea Hore,+ moeling oa naha ea Edomo. 38 Moprista Arone a nyolohela Thabeng ea Hore ka taelo ea Jehova ’me a shoella teng selemong sa mashome a mane sa ho tsoa ha bara ba Iseraele naheng ea Egepeta, ka khoeli ea bohlano, ka la pele la khoeli.+ 39 Arone o ne a le lilemo li lekholo le mashome a mabeli a metso e meraro ha a shoella Thabeng ea Hore.
40 Joale Mokanana, morena oa Arade,+ kaha o ne a lula Negebe,+ naheng ea Kanana, a utloela ka ho tla ha bara ba Iseraele.
41 Ka mor’a nako ba tloha Thabeng ea Hore+ ’me ba hloma liahelo Zalmona. 42 Ka mor’a moo ba tloha Zalmona ’me ba hloma liahelo Punone. 43 Ka mor’a moo ba tloha Punone ’me ba hloma liahelo Obothe.+ 44 Joale ba tloha Obothe ’me ba hloma liahelo Iye-abarime moeling oa Moabe.+ 45 Hamorao ba tloha Iyime ’me ba hloma liahelo Dibone-gade.+ 46 Ka mor’a moo ba tloha Dibone-gade ’me ba hloma liahelo Almone-diblathaime. 47 Joale ba tloha Almone-diblathaime+ ’me ba hloma liahelo lithabeng tsa Abarime+ ka pel’a Nebo.+ 48 Qetellong ba tloha lithabeng tsa Abarime ’me ba hloma liahelo lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe+ pel’a Jordane Jeriko. 49 Ba ’na ba hloma liahelo pel’a Jordane ho tloha Bethe-jeshimothe+ ho ea Abele-shitime+ lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe.
50 Jehova a bua le Moshe lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe pel’a Jordane Jeriko,+ a re: 51 “Bua le bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Le tšela Jordane ho ea naheng ea Kanana.+ 52 Le leleke baahi bohle ba naha ka pel’a lōna ’me le senye litšoantšo tsohle tsa bona tsa lejoe,+ ’me litšoantšo tsohle tsa bona tsa tšepe+ e qhibilihisitsoeng le lokela ho li senya, ’me le lokela ho felisa libaka tsa bona tse phahameng tse halalelang.+ 53 Le rue naha ’me le lule ho eona, hobane ka sebele ke tla le fa naha eo hore le e rue.+ 54 Le ikarolele naha eo ka lotho+ e le leruo ho ea ka malapa a lōna.+ Ea nang le baahi ba bangata le eketse lefa la hae, ’me ea fokolang ka palo le fokotse lefa la hae.+ Moo lotho e tla tsoela teng bakeng sa hae, e tla ba ha hae.+ Le lokela ho ithuela litša ka meloko ea bo-ntat’a lōna.+
55 “‘Leha ho le joalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pel’a lōna,+ joale bao le ba sieang har’a bona ka sebele e tla ba metsu mahlong a lōna le meutloa mahlakoreng a lōna, ’me ruri ba tla le tšoenya naheng eo le tla beng le lula ho eona.+ 56 Ke tla le etsa feela kamoo ke neng ke rerile ho ba etsa kateng.’”+