Numere
6 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Bua le bara ba Iseraele u re ho bona, ‘Haeba monna kapa mosali a etsa boitlamo bo khethehileng ba ho phela joaloka Monazari+ oa Jehova, 3 o lokela ho qoba veine le joala bo tahang. Ha aa lokela ho noa asene ea veine kapa asene ea joala bo tahang,+ kapa ho noa seno leha e le sefe se entsoeng ka morara, leha e le ho ja morara ebang ke o mocha kapa o omisitsoeng. 4 Ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae ha aa lokela ho ja ntho leha e le efe e entsoeng ka veine ea sefate sa morara, ho tloha ka morara o sa butsoang ho ea ho makhapetla.
5 “‘Lehare le se ke la feta hloohong ea hae ka matsatsi ’ohle a boitlamo ba hae ba Bonazari;+ ho fihlela ho phethahala matsatsi ao a khetheloang Jehova ka ’ona, o lokela ho halalela ka hore a tlohele moriri+ oa hlooho ea hae hore o hōle. 6 A se ke a atamela moea leha e le ofe o shoeleng+ ka matsatsi ’ohle a ho ipoloka ha hae a khethetsoe Jehova. 7 A se ke a itšilafatsa esita le ka ntat’ae kapa ’m ’ae kapa mor’abo kapa khaitseli ea hae ha ba shoa,+ hobane pontšo ea Bonazari ba hae ho Molimo oa hae e hloohong ea hae.
8 “‘Ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae oa halalela ho Jehova. 9 Empa haeba leha e le ofe ea shoang a ka shoela haufi le eena+ ka tšohanyetso hoo a silafatsang hlooho ea Bonazari ba hae, joale a beole+ hlooho letsatsing la ho tiisa ho hloeka ha hae. O lokela ho e beola letsatsing la bosupa. 10 Letsatsing la borobeli o lokela ho tlisa maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli ho moprista monyako oa tente ea pokano.+ 11 Moprista a nke le leng e le nyehelo ea sebe+ ’me le leng e le nyehelo ea secheso+ ’me a koahele libe tsa hae, kaha o entse sebe ka lebaka la moea o shoeleng. Joale a halaletse hlooho ea hae letsatsing leo. 12 O tla phela joaloka Monazari+ oa Jehova ka matsatsi a Bonazari ba hae, ’me a tlise pheleu e nyenyane e selemong sa eona sa pele e le nyehelo ea molato;+ matsatsi a pele a ke ke a baloa hobane o silafalitse Bonazari ba hae.
13 “‘Joale ona ke molao mabapi le Monazari: Letsatsing leo Bonazari ba hae bo phethahalang+ ka lona, o tla tlisoa monyako oa tente ea pokano. 14 A hlahise e le nyehelo ea hae ho Jehova pheleu e le ’ngoe e nyenyane e phetseng hantle e selemong sa eona sa pele e le nyehelo ea secheso+ le konyana e le ’ngoe e phetseng hantle e tšehali e selemong sa eona sa pele e le nyehelo ea sebe+ le pheleu e le ’ngoe e phetseng hantle e le sehlabelo se kopanetsoeng,+ 15 le baskete ea mahobe a sa lomosoang a lesoba hare a phofo+ e thumisehileng, a kolobisitsoeng ka oli,+ le liphaphatha tse sa lomosoang tse tlotsitsoeng ka oli,+ le nyehelo+ ea tsona ea lijo-thollo le linyehelo tsa tsona tsa seno.+ 16 Moprista a li hlahise ka pel’a Jehova ’me a fane ka nyehelo ea hae ea sebe le nyehelo ea hae ea secheso.+ 17 O tla fana ka pheleu e le sehlabelo se kopanetsoeng+ ho Jehova hammoho le baskete ea mahobe a sa lomosoang; ’me moprista o tla fana ka nyehelo ea eona ea lijo-thollo+ le nyehelo ea eona ea seno.
18 “‘Monazari a beolele+ hlooho ea Bonazari ba hae monyako oa tente ea pokano, ’me a nke moriri oa hlooho ea Bonazari ba hae a o behe mollong o tlas’a sehlabelo se kopanetsoeng. 19 Moprista a nke ka basketeng sephaka se phehiloeng+ sa pheleu le bohobe bo le bong bo sa lomosoang bo lesoba hare, le sephaphatha+ se le seng se sa lomosoang, ’me a li behe liatleng tsa Monazari ka mor’a hore a beole pontšo ea Bonazari ba hae. 20 Moprista a li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ Ke ntho e halalelang bakeng sa moprista, hammoho le sefuba+ sa nyehelo e tsokoang le leoto la monehelo.+ ’Me ka mor’a moo Monazari a ka noa veine.+
21 “‘Ona ke molao mabapi le Monazari+ ea itlamang—nyehelo ea hae ho Jehova ka Bonazari ba hae, ntle ho seo a ka se khonang. Ho ea ka boitlamo boo a ka bo etsang, o lokela ho etsa tjena ka lebaka la molao oa Bonazari ba hae.’”
22 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 23 “Bua le Arone le bara ba hae, u re, ‘Ena ke tsela eo le tla hlohonolofatsa+ bara ba Iseraele ka eona, le re ho bona:
24 “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa+ ’me a le boloka.+
25 E se eka Jehova a ka le khantšetsa sefahleho sa hae,+ ’me e se eka a ka le hauhela.+
26 E se eka Jehova a ka phahamisetsa sefahleho sa hae ho lōna+ ’me a le abele khotso.”’+
27 Ba tla beha lebitso la ka+ ho bara ba Iseraele, e le hore ke ba hlohonolofatse.”+