Numere
7 Joale eitse letsatsing leo Moshe a phethileng ho hloma tabernakele+ ka lona a e tlotsa+ le ho e halaletsa hammoho le thepa eohle ea eona le aletare le lisebelisoa tsohle tsa eona. Kahoo a li tlotsa ’me a li halaletsa.+ 2 Joale marenana a Iseraele,+ lihlooho tsa matlo a bo-ntat’a bona, a etsa nyehelo,+ kaha e ne e le marenana a meloko ’me a okametse ba ngolisitsoeng, 3 ’me a tlisa nyehelo ea ’ona ka pel’a Jehova, likoloi tse tšeletseng tse koahetsoeng le likhomo tse leshome le metso e ’meli, koloi bakeng sa marenana a mabeli le poho bakeng sa e mong le e mong; ’me a li hlahisa ka pel’a tabernakele. 4 Jehova a re ho Moshe: 5 “Li amohele ho ’ona, kaha li tla ntšetsa pele tšebeletso ea tente ea pokano, ’me u li fe Balevi, e mong le e mong ka ho lekana le tšebeletso ea hae.”
6 Kahoo Moshe a amohela likoloi le likhomo ’me a li fa Balevi. 7 A fa bara ba Gershone likoloi tse peli le likhomo tse ’nè ka ho lekana le tšebeletso ea bona,+ 8 eaba o fa bara ba Merari likoloi tse ’nè le likhomo tse robeli ka ho lekana le tšebeletso ea bona,+ tlas’a letsoho la Ithamare mora oa moprista Arone.+ 9 Empa a se ke a fa bara ba Kohathe letho, hobane tšebeletso ea sebaka se halalelang e ne e le ho bona.+ Ba ne ba jara ka mahetla.+
10 Joale marenana a etsa nyehelo ha ho khakoloa+ aletare letsatsing la ho tlotsoa ha eona, ’me marenana a hlahisa linyehelo tsa ’ona ka pel’a aletare. 11 Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Morenana e mong ka letsatsi le leng le morenana e mong ka letsatsi le leng ke tsela eo ka eona ba tla hlahisa linyehelo tsa bona bakeng sa ho khakoloa ha aletare.”+
12 Joale ea hlahisang nyehelo ea hae ka letsatsi la pele ea e-ba Nashone+ mora oa Aminadabe oa moloko oa Juda. 13 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang,+ ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 14 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 15 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 16 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 17 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Nashone mora oa Aminadabe.+
18 Letsatsing la bobeli Nethaniele+ mora oa Zuare, morenana oa Isakare, a etsa nyehelo. 19 A hlahisa e le nyehelo ea hae sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 20 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 21 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 22 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 23 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Nethaniele mora oa Zuare.
24 Letsatsing la boraro ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Zabulone, Eliabe+ mora oa Helone. 25 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo; 26 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 27 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 28 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 29 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Eliabe mora oa Helone.+
30 Letsatsing la bone ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Rubene, Elizure+ mora oa Shedeure. 31 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 32 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 33 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 34 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 35 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Elizure mora oa Shedeure.+
36 Letsatsing la bohlano ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Simeone, Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 37 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 38 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 39 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 40 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 41 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Shelumiele mora oa Zurishadai.+
42 Letsatsing la botšelela ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Gade, Eliasafe+ mora oa Deuele. 43 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 44 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 45 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 46 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 47 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Eliasafe mora oa Deuele.+
48 Letsatsing la bosupa ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Efraime, Elishama+ mora oa Amihude. 49 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 50 senoelo se le seng sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 51 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 52 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 53 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Elishama mora oa Amihude.+
54 Letsatsing la borobeli ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Manase, Gamaliele+ mora oa Pedazure. 55 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 56 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 57 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 58 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 59 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Gamaliele mora oa Pedazure.+
60 Letsatsing la borobong ho ne ho e-na le morenana+ oa bara ba Benjamine, Abidane+ mora oa Gideoni. 61 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 62 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 63 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 64 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 65 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Abidane mora oa Gideoni.+
66 Letsatsing la leshome ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Dane, Akiezere+ mora oa Amishadai. 67 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 68 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 69 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 70 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 71 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Akiezere mora oa Amishadai.+
72 Letsatsing la leshome le motso o mong ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Ashere, Pagiele+ mora oa Okrane. 73 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 74 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 75 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 76 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 77 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Pagiele mora oa Okrane.+
78 Letsatsing la leshome le metso e ’meli ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Nefthali, Ahira+ mora oa Enane. 79 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 80 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 81 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 82 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 83 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Ahira mora oa Enane.+
84 Ena e bile nyehelo ea khakolo+ ea aletare letsatsing la ho tlotsoa ha eona, ea marenana+ a Iseraele: lijana tsa silevera tse leshome le metso e ’meli, likotlolo tsa silevera+ tse leshome le metso e ’meli, linoelo tsa khauta tse leshome le metso e ’meli; 85 lishekele tse lekholo le mashome a mararo bakeng sa sejana se seng le se seng sa silevera, le tse mashome a supileng bakeng sa sekotlolo se seng le se seng, silevera eohle ea lijana e le lishekele tse likete tse peli le makholo a mane ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang;+ 86 linoelo tsa khauta+ tse leshome le metso e ’meli tse tletseng libano e ne e le lishekele tse leshome senoelo ka seng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, khauta eohle ea linoelo e ne e le lishekele tse lekholo le mashome a mabeli; 87 liphoofolo tsohle bakeng sa nyehelo ea secheso+ e ne e le lipoho tse leshome le metso e ’meli, lipheleu tse leshome le metso e ’meli, likonyana tse tona tse leshome le metso e ’meli e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo le linyehelo tsa tsona tsa lijo-thollo,+ le lipotsanyane tse leshome le metso e ’meli bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 88 ’me liphoofolo tsohle tsa sehlabelo se kopanetsoeng+ e ne e le lipoho tse mashome a mabeli a metso e mene, lipheleu tse mashome a tšeletseng, liphooko tse mashome a tšeletseng, likonyana tse tona tse mashome a tšeletseng e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e bile nyehelo ea khakolo+ ea aletare ka mor’a ho tlotsoa ha eona.+
89 Joale neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ea pokano ho ea bua le eena,+ o ne a utloa lentsoe le buang le eena le tsoa ka holim ’a sekoahelo+ se holim ’a areka ea bopaki, pakeng tsa likerubime tse peli;+ ’me o ne a bua le eena.