Mareka
8 Matsatsing ao, ha ho ne ho boetse ho e-na le bongata bo boholo ’me bo se na letho leo bo le jang, a bitsa barutuoa a re ho bona:+ 2 “Ke hauhela+ bongata bona, hobane e se e le matsatsi a mararo bo lutse pel’a ka ’me ha bo na letho leo bo le jang; 3 haeba nka re bo ee malapeng a bona bo lapile, bo tla felloa ke matla tseleng. Ka sebele, bo bong ba bona bo tsoa hōle.” 4 Empa barutuoa ba hae ba mo araba: “Sebakeng see se thōko motho o tla khona ho khorisa batho baa ka mahobe a tsoang hokae?”+ 5 Ho ntse ho le joalo a tsoela pele ho ba botsa: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng.”+ 6 Eaba o laela bongata hore bo otle ka lehlakore fatše, ’me a nka mahobe ao a supileng, a leboha,+ a a qhetsola, ’me a qala ho a fa barutuoa ba hae hore ba a abe, ’me ba a abela bongata.+ 7 Hape ba ne ba e-na le litlhapi tse seng kae tse nyenyane; ’me, ha a li hlohonolofalitse, a ba bolella hore ba boele ba li abe.+ 8 Ka lebaka leo ba ja ’me ba khora, eaba ba nka lingoathoana tse setseng, tse tletseng libaskete tsa mofaho tse supileng.+ 9 Empa leha ho le joalo ho ne ho e-na le banna ba ka bang likete tse ’nè. Qetellong a re ba tsamaee.+
10 Kapele-pele a palama sekepe le barutuoa ba hae ’me ba kena likarolong tsa Dalmanutha.+ 11 Bafarisi ba tsoa ’me ba qala ho phehisana le eena, ba mo batla pontšo e tsoang leholimong, ho mo leka.+ 12 Kahoo a bobola haholo+ moeeng, ’me a re: “Ke hobane’ng ha moloko oo o batla pontšo? Kannete ke re, Ha ho pontšo e tla fuoa moloko+ ona.” 13 Eaba oa ba siea, o boetse oa palama, ’me oa tloha ho ea lebōpong le ka mose oane.
14 Ba lebala ho nka mahobe, ’me ba ne ba se na letho ho bona ka sekepeng+ haese bohobe bo le bong. 15 A qala ho ba laela ka ho hlaka a re: “Lulang le butse mahlo, le hlokomele tomoso ea Bafarisi le tomoso ea Heroda.”+ 16 Kahoo ba qala ho phehisana ka taba ea hore ba ne ba se na mahobe.+ 17 Ha a elelloa sena, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le phehisana ka hore ha le na mahobe?+ Na le ntse le e-s’o lemohe le ho utloisisa se boleloang? Na le na le lipelo tse thatafetseng tse sa utloisiseng?+ 18 ‘Le hoja le e-na le mahlo, na ha le bone; ’me le hoja le e-na le litsebe, na ha le utloe?’+ ’Me na ha le hopole, 19 ha ke qhetsolela banna ba likete tse hlano mahobe+ a mahlano, le ile la nka libaskete tse kae tse tletseng lingoathoana?” Ba re ho eena: “Tse leshome le metso e ’meli.”+ 20 “Ha ke qhetsolela banna ba likete tse ’nè a supileng, le ile la nka libaskete tse kae tsa mofaho tse tletseng lingoathoana?” Ba re ho eena: “Tse supileng.”+ 21 Eaba o re ho bona: “Na le ntse le e-s’o utloisise se boleloang?”+
22 Joale ba kena Bethsaida. Batho ba mo tlisetsa monna ea foufetseng, ’me ba mo kōpa ka tieo hore a mo ame.+ 23 A tšoara monna ea foufetseng ka letsoho, a mo isa ka ntle ho motsana, ’me, ha a mo tšoetse ka mathe+ mahlong, a beha matsoho holim ’a hae ’me a qala ho mo botsa: “Na ho na le seo u se bona’ng?” 24 Eaba monna eo o phahamisa mahlo ’me o qala ho re: “Ke bona batho, hobane ke hlokomela se bonahalang eka ke lifate, empa lia tsamaea.” 25 Joale a boela a beha matsoho mahlong a monna eo, ’me monna eo a bona ka ho hlaka, ’me a tsosolosoa, ’me o ne a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mokhoa o hlakileng. 26 Kahoo a mo romela lapeng, a re: “Empa u se ke ua kena motsaneng.”+
27 Joale Jesu le barutuoa ba hae ba tloha ho ea metsaneng ea Cesarea Filipi, ’me tseleng a qala ho botsa barutuoa ba hae, a re ho bona: “Batho ba re ke mang?”+ 28 Ba re ho eena: “U Johanne Mokolobetsi,+ ’me ba bang ba re, u Elia,+ ho ntse ho le joalo ba bang ba re, U e mong oa baprofeta.”+ 29 Eaba o ba botsa potso ena: “Leha ho le joalo, lōna le re ke mang?” Ha Petrose a araba a re ho eena: “U Kreste.”+ 30 Eaba o ba laela ka thata hore ba se ke ba bolella leha e le mang ka eena.+ 31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mor’a motho o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangoli le ho bolaoa,+ ’me a tsohe matsatsi a mararo hamorao.+ 32 Ka sebele, o ne a bua polelo eo ka ho toba. Empa Petrose a mo nkela ka thōko ’me a qala ho mo khalemela ka matla.+ 33 A reteleha, a talima barutuoa ba hae ’me a khalemela Petrose ka matla, a re: “Suthela ka mor’a ka, Satane, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.”+
34 Joale a bitsetsa bongata ho eena le barutuoa ba hae ’me a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.+ 35 Etsoe mang kapa mang ea batlang ho pholosa moea oa hae o tla lahleheloa ke oona; empa mang kapa mang ea lahleheloang ke moea oa hae ka lebaka la ka le litaba tse molemo o tla o pholosa.+ 36 Ka sebele, ho na le molemo ofe ha motho a rua lefatše lohle ’me a lahleheloa ke moea+ oa hae? 37 Ka sebele, ke eng seo motho a neng a tla fana ka sona e le phapanyetsano bakeng sa moea+ oa hae? 38 Etsoe mang kapa mang ea hlajoang ke lihlong ka lebaka la ka le mantsoe a ka molokong ona o febang le o nang le sebe, Mor’a motho le eena o tla hlajoa ke lihlong+ ka lebaka la hae ha a fihla ka khanya ea Ntat’ae a e-na le mangeloi a halalelang.”+