Luka
20 Ka le leng la matsatsi ha a ntse a ruta batho ka tempeleng ’me a bolela litaba tse molemo, baprista ba ka sehloohong le bangoli hammoho le banna ba baholo ba atamela,+ 2 ’me ba bua, ba re ho eena: “Re bolelle hore na u etsa lintho tsena ka matla afe, kapa hore na ke mang ea u fileng matla ana.”+ 3 Ha a araba a re ho bona: “Le ’na ke tla le botsa potso, ’me le mpolelle:+ 4 Na kolobetso ea Johanne e ne e tsoa leholimong kapa ho batho?”+ 5 Joale ba nahana har’a bona, ba re: “Haeba re re, ‘E tsoa leholimong,’ o tla re, ‘Ke hobane’ng ha le sa ka la mo lumela?’+ 6 Empa haeba re re, ‘E tsoa ho batho,’ batho kaofela ba tla re tlepetsa ka majoe,+ kaha ba kholisehile hore Johanne+ e ne e le moprofeta.”+ 7 Kahoo ba araba ka hore ha ba tsebe mohloli oa eona. 8 Eaba Jesu o re ho bona: “Le ’na ha ke le bolelle hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe.”+
9 Joale a qala ho bolella batho papiso ena: “Motho e mong o ile a lema serapa+ sa morara ’me a se hirisetsa balemi, eaba o etela hōle ka nako e telele.+ 10 Empa ka nako e loketseng a romela lekhoba+ ho balemi bao,+ e le hore ba ka le fa tse ling tsa litholoana tsa serapa+ sa morara. Leha ho le joalo, balemi bao ba le khutlisa le se na letho,+ ka mor’a ho le khakhatha. 11 Empa a boela a ba romela lekhoba le leng. Leo le lona ba le khakhatha ’me ba le hlompholla eaba ba le khutlisa le se na letho.+ 12 A boela a romela la boraro;+ lena le lona ba le ntša maqeba eaba ba le lahlela ntle. 13 Eaba mong’a serapa seo sa morara o re, ‘Ke tla etsa joang? Ke tla romela mora oa ka ea ratoang.+ Mohlomong ba tla mo hlompha.’ 14 Ha balemi bao ba re heli! ’me ba mo bona ba qala ho buisana, ba re, ‘Enoa ke eena mojalefa; a re mo bolaeeng, e le hore lefa e ka ba la rōna.’+ 15 Eaba ba mo lahlela ka ntle+ ho serapa sa morara ’me baa mo bolaea.+ Ka hona, mong’a serapa sa morara o tla ba etsa’ng?+ 16 O tla tla ’me a timetse balemi bana ’me o tla fa ba bang serapa seo sa morara.”+
Ha ba utloa sena ba re: “Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala!” 17 Empa a ba sheba ’me a re: “Joale, see se ngotsoeng se bolela’ng, ‘Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla,+ le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho’?+ 18 E mong le e mong ea oelang holim ’a lejoe leo o tla tamukana.+ Ha e le mang kapa mang eo le oelang holim ’a hae,+ le tla mo silakanya.”+
19 Joale bangoli le baprista ba ka sehloohong ba batla ho mo isa matsoho ka eona hora eo, empa ba tšaba batho; kaha ba ile ba lemoha hore o ne a bolela papiso ena a hopotse bona.+ 20 Ka mor’a ho mo sheba ka hloko, ba romela banna ba hiriloeng ka sephiri hore ba iketse eka ba lokile, e le hore ba ka mo tšoasa+ ka puo, e le hore ba nehelane ka eena ’musong le bolaoling ba ’musisi.+ 21 Eaba baa mo botsa, ba re: “Mosuoe, rea tseba hore u bua le ho ruta ka nepo ’me ha u bontše leeme, empa u ruta tsela ea Molimo tumellanong le ’nete:+ 22 Na ho lumelloa ke molao hore re lefe lekhetho ho Cesare kapa che?”+ 23 Empa a lemoha mano a bona eaba o re ho bona:+ 24 “Mpontšeng denari. E na le setšoantšo le mongolo tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Cesare.”+ 25 A re ho bona: “Joale, ka sebele le lefe Cesare lintho tsa Cesare,+ empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”+ 26 Joale, ha baa ka ba khona ho mo tšoara polelong ena ka pel’a batho, empa, ka ho makatsoa ke karabo ea hae, ba se ke ba re letho.+
27 Leha ho le joalo, ba bang ba Basaduse, ba reng ha ho na tsoho, ba tla+ ’me ba mo botsa, 28 ba re: “Mosuoe, Moshe+ o ile a re ngolla, ‘Haeba mor’abo motho a shoa a e-na le mosali, empa a se na bana, mor’abo+ o tla nka mosali eo ’me a hlahisetse mor’abo bana ka eena.’+ 29 Tumellanong le hoo ho ne ho e-na le bara ba motho ba supileng; eaba oa pele o nka mosali ’me o shoa a se na bana.+ 30 Kahoo oa bobeli, 31 le oa boraro ba mo nka. Ka ho tšoanang esita le ba supileng: ha baa ka ba siea bana, empa ba shoa.+ 32 Qetellong, mosali eo le eena a shoa.+ 33 Ka lebaka leo, tsohong, e ba mosali oa ofe ho bona? Etsoe bao ba supileng ba ile ba mo nka hore e be mosali oa bona.”+
34 Jesu a re ho bona: “Bana ba tsamaiso ena ea lintho baa nyala+ ’me baa nyalisoa, 35 empa ba nkiloeng ba tšoaneloa+ ke ho rua tsamaiso eo ea lintho+ le ho tsoha bafung+ ha ba nyale leha e le ho nyalisoa. 36 Ha e le hantle, ha ba sa tla hlola ba shoa,+ kaha ba joaloka mangeloi, ’me ke bana ba Molimo ka ho ba bana ba tsoho.+ 37 Empa hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a ho senola, tlalehong e mabapi le sehlahla+ se meutloa, ha a bitsa Jehova ‘Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo.’+ 38 Eena ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu, kaha kaofela baa phela ho eena.”+ 39 Ha ba bang ba bangoli ba arabela ba re: “Mosuoe, u buile hantle.” 40 Etsoe ha baa ka ba hlola ba sa ba le sebete sa ho mo botsa potso leha e le ’ngoe.
41 Eaba o re ho bona: “Ho tla joang hore ba re Kreste ke mora oa Davida?+ 42 Etsoe Davida o re bukeng ea Lipesaleme, ‘Jehova o itse ho Moren ’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona 43 ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto+ a hao.”’ 44 Ka hona, Davida o mo bitsa ‘Morena’; kahoo ke mora oa hae joang?”
45 Joale, ha batho kaofela ba ntse ba mametse a re ho barutuoa:+46 “Hlokomelang bangoli ba lakatsang ho tsamaea ba apere liaparo tse telele tsa ka holimo ’me ba rata litumeliso limmarakeng le litulo tse ka pele ka lisynagogeng le libaka tse hlaheletseng ka ho fetisisa lijong tsa shoalane,+ 47 le ba harolang matlo a bahlolohali+ ’me ka boikaketsi ba etsa lithapelo tse telele. Ba tla amohela kahlolo+ e boima haholo.”