Liketso
8 Saule o ne a lumellana le polao ea hae.+
Letsatsing leo ha tsoha mahloriso+ a maholo khahlanong le phutheho e neng e le Jerusalema; bohle ntle ho baapostola ba hasana+ ho pholletsa le libaka tsa Judea le Samaria. 2 Empa banna ba nang le tlhompho ea borapeli ba jara Setefane ho ea moo a il’o patoa teng,+ ’me ba mo llela haholo.+ 3 Leha ho le joalo, Saule a qala ho tšoara phutheho hampe. A futuhela ntlo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe ’me, ha a hulanyetsa banna hammoho le basali ntle, o ne a nehelana ka bona chankaneng.+
4 Leha ho le joalo, ba neng ba hasane ba pholletsa le naha ba bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.+ 5 Filipi a theohela motseng oa Samaria+ ’me a qala ho bolela Kreste ho bona. 6 Ka tumellano bongata bo ne bo ela hloko lintho tse boleloang ke Filipi ha bo ntse bo mametse ’me bo shebile lipontšo tseo a neng a li etsa. 7 Etsoe ho ne ho e-na le ba bangata ba neng ba e-na le meea e sa hloekang,+ ’me e ne e hoeletsa ka mantsoe a phahameng ebe ea tsoa. Ho feta moo, ba bangata ba neng ba shoele litho+ ’me ba holofetse ba ne ba phekoloa. 8 Kahoo ha e-ba le thabo e khōlō motseng oo.+
9 Joale motseng oo ho ne ho e-na le monna ea itseng ea bitsoang Simone, eo, pele ho sena, a neng a sebelisa tsebo ea boselamose+ ’me a makatsa sechaba sa Samaria, a re ke motho e moholo.+ 10 Kaofela ha bona, ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo, ba ne ba mo ela hloko ’me ba re: “Monna enoa ke Matla a Molimo, a ka bitsoang A Maholo.” 11 Kahoo ba ne ba mo ela hloko ka lebaka la hore o ne a ba makalitse nako e telele ka tsebo ea hae ea boselamose. 12 Empa ha ba lumela Filipi, ea neng a bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo+ le tsa lebitso la Jesu Kreste, banna le basali ba qala ho kolobetsoa.+ 13 Simone ea e-ba molumeli, ’me, ka mor’a ho kolobetsoa, o ne a e-ba le Filipi+ ka nako eohle; o ne a makatsoa ke ho bona lipontšo le mesebetsi e matla e meholo e etsahala.
14 Ha baapostola Jerusalema ba utloa hore Basamaria ba ne ba amohetse lentsoe la Molimo,+ ba romela Petrose le Johanne ho bona; 15 eaba baa theoha ’me ba ba rapella hore ba fumane moea o halalelang.+ 16 Etsoe o ne o e-s’o theohele holim ’a mang kapa mang oa bona, empa ba ne ba kolobelitsoe feela ka lebitso la Morena Jesu.+ 17 Joale ba qala ho beha matsoho holim ’a bona,+ ’me ba qala ho amohela moea o halalelang.
18 Joale ha Simone a bona hore moea o ne o fanoa ka ho behoa ha matsoho a baapostola, a re o ba fa chelete,+ 19 a re: “Le ’na mpheng matla ana, e le hore leha e le mang eo ke behang matsoho a ka holim ’a hae a ka amohela moea o halalelang.” 20 Empa Petrose a re ho eena: “E se eka silevera ea hao e ka timela le uena, hobane u nahanne ho rua mpho e sa lefelloeng ea Molimo+ ka chelete. 21 Ha u na karolo kapa kabelo tabeng ena, kaha pelo ea hao ha ea loka mahlong a Molimo.+ 22 Ka hona, bakela bobe bona ba hao, ’me u etse thapeli ho Jehova+ e le hore, haeba ho ka khoneha, u ka tšoareloa morero oa bolotsana oa pelo ea hao; 23 etsoe kea bona hore u nyooko e chefo+ le tlamo ea ho se loke.”+ 24 Ha Simone a araba a re: “Lōna, nketsetseng thapeli+ ho Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le letho la lintho tseo le li boletseng le ka ntlelang.”
25 Ka hona, ha ba fane ka bopaki ka ho phethahetseng ’me ba boletse lentsoe la Jehova, ba khutlela Jerusalema, ’me ba qala ho bolella metsana e mengata ea Basamaria litaba tse molemo.+
26 Leha ho le joalo, lengeloi+ la Jehova la bua le Filipi, la re: “Ema ’me u ee boroa tseleng e theohang Jerusalema e eang Gaza.” (Ena ke tsela e sa tsamauoeng.) 27 A ema ’me a ea, ’me, bonang! leqhalaha+ la Moethiopia,+ monna ea neng a le pusong tlas’a Kandase mofumahali oa Baethiopia, le ea neng a okametse letlotlo lohle la hae. O ne a ile Jerusalema ho rapela,+ 28 empa o ne a khutla ’me a lutse ka koloing ea hae a balla holimo moprofeta Esaia.+ 29 Kahoo moea oa re+ ho Filipi: “Atamela ’me u ikopanye le koloi ena.” 30 Filipi a mathela haufi le eona ’me a utloa a balla holimo moprofeta Esaia, eaba o re: “Na u tseba seo u se balang?” 31 A re: “Ka sebele, nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?” Eaba o kōpa Filipi ka tieo hore a hloe ’me a lule fatše le eena. 32 Joale karolo ea Lengolo eo a neng a e balla holimo e ne e le ena: “Joaloka nku o ile a tlisoa tlhabong, le joaloka konyana e sa tsebeng ho bua ka pel’a mokuti oa eona, kahoo ha a ahlamise molomo.+ 33 O ile a amohuoa kahlolo ha a kokobetsoa.+ Ke mang ea tla pheta lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae? Hobane bophelo ba hae bo tlosoa lefatšeng.”+
34 Ha leqhalaha le araba la re ho Filipi: “Kea u kōpa, Moprofeta o bua see mabapi le mang? Mabapi le eena kapa mabapi le motho e mong ea itseng?” 35 Filipi a ahlamisa molomo+ ’me, ha a qala ka Lengolo+ lena, a mo bolella litaba tse molemo mabapi le Jesu. 36 Joale ha ba ntse ba tsamaea tseleng, ba fihla moo ho nang le metsi, eaba leqhalaha le re: “Bona! Metsi; ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?”+ 37 —— 38 A laela hore koloi e eme, ’me ka bobeli ba theohela ka metsing, Filipi le leqhalaha; ’me a le kolobetsa. 39 Ha ba nyolohetse ka ntle ho metsi, kapele moea oa Jehova oa tlosa+ Filipi, ’me leqhalaha leo ha lea ka la hlola le mo bona, etsoe le ile la tsoela pele ho tsamaea le thabile. 40 Empa Filipi a fumanoa a le Ashdode, ’me a pholletsa le sebaka seo ’me a ’na a tsoela pele ho bolella+ metse eohle litaba tse molemo ho fihlela a fihla Cesarea.+