Pono ea Bibele
Ho Tiiselletsoa—Na hoa Hlokahala ho Bakreste?
“Ho tiiselletsoa ke tšebeletso e halalelang e nehang Mokreste ea kolobelitsoeng phetheho e felletseng ea bophelo ba Bokreste, e mo etsang hore e be motho ea hōlileng moeeng, lesole, le paki ea Kreste.”—The Catholic Encyclopedia for School and Home.
MAPROSTANTA a mangata a hana khopolo ea hore ho tiiselletsoa ke tšebeletso e halalelang. Leha ho le joalo, setsebi sa thuto ea bolumeli sa Mok’hatholike sa lekholong la bo13 la lilemo Thomas Aquinas o ngotse hore “ho tiiselletsoa ke bohato ba ho qetela ba ho phetha tšebeletso e halalelang ea kolobetso.” Ka tsela leha e le efe, ho phahama lipotso tsena: Na Bakreste ba pele-pele ba ile ba tiiselletsoa? Na hoa hlokahala hore Bakreste ba etse tšebeletso e joalo?
New Catholic Encyclopedia ea lumela: “Ho hang ha ho letho ka Kosepeleng le bontšang hore Jesu ka Boeena o ile a theha Tšebeletso e Halalelang ea Ho Tiiselletsoa.” Kahoo ke hobane’ng ha baeta-pele ba kereke hamorao ba ile ba phahamisa khopolo ea hore ka mor’a kolobetso, tšebeletso ea bobeli, e ka ’nang ea akarelletsa ho tlotsoa ka oli le ho behoa matsoho, e ne e hlokahala bakeng sa ho etsa hore motho e be setho se felletseng sa kereke?
Ho Tiiselletsoa ho ile ha Qala Joang?
Kolobetso ea masea ke le leng la mabaka a ka sehloohong a ileng a etsa hore ho hlokahale tšebeletso e ’ngoe e halalelang. Buka Christianity e re: “Likereke ha li hlokomela mathata a bakoang ke ho kolobetsa bana, . . . li hopotsa ba seng ba kolobelitsoe hore na sena se bolela eng ka ho ba ‘tiiselletsa’ hamorao bophelong ba bona.” Na ho tiiselletsoa ho hlile ho ba hopotsa hore na kolobetso e bolela’ng, kapa ho pata seo e leng ’nete ka kolobetso?
’Nete ke hore kolobetso ea masea ha e tšehetsoe ke Mangolo. Ka mohlala, ho fafatsa lesea ka metsi, ha ho le tlose sebe sa tlhaho; ke tumelo sehlabelong sa Kreste Jesu feela e ka etsang hoo. (Johanne 3:16, 36; 1 Johanne 1:7) Kolobetso ea metsing ke pontšo ea phatlalatsa ea hore ea kolobetsoang o entse boinehelo bo felletseng ka Jesu ho etsa thato ea Jehova Molimo. Kolobetso ea metsing ke ea barutuoa—‘balumeli’—eseng masea.—Mattheu 28:19, 20; Liketso 8:12.
New Catholic Encyclopedia ea botsa: “Kolobetso e ile ea fella kae ’me ho tiiselletsoa ho ile ha qala kae?” E-ea arabela: “Mohlomong ha rea lokela ho leka ho li khetholla ka nepo hakaalo, hobane re sebetsana le tšebeletso e le ’ngoe ka Kerekeng ea pele-pele.” E, lekholong la pele la lilemo, “tšebeletso e le ’ngoe” e neng e etsa hore motho e be setho sa phutheho ea Bokreste ka ho felletseng e ne e le kolobetso.—Liketso 2:41, 42.
Na tšebeletso ee ea ho tiiselletsoa, ka peho ea eona ea matsoho, ea hlokahala pele motho a ka fumana moea o halalelang? Che. Phuthehong ea Bokreste ea pele-pele, peho ea matsoho e latelang kolobetso ka tloaelo e ne e etsoa ho batho ba khetheloang ho sebeletsa maemong a khethehileng kapa bakeng sa ho aba lineo tsa moea tsa mehlolo. Lineo tsena li ile tsa fela ha baapostola ba shoa. (1 Ba-Korinthe 13:1, 8-10) ’Me hangata peho ea matsoho ha e amahanngoe le kolobetso ea metsing, empa e amahanngoa le mesebetsi e khethehileng e lokelang ho etsoa e amanang le mosebetsi oa Bokreste oa boromuoa. (Liketso 6:1-6; 13:1-3) Kahoo, khopolo ea hore ho tiiselletsoa ho ntšetsa pele peho ea matsoho eo baapostola ba neng ba e etsa ’me, joalokaha Basics of the Faith: A Catholic Catechism e bolela, ke “tšebeletso e halalelang e fetolang motho ka ho felletseng hoo e ka amoheloang hang,” e pakiloe e se ’nete.
Moapostola Pauluse o ile a lemosa ka ho kheloha ’nete ea motheo ea Bibele: “Nako e tla fela e tle eo ka eona, ka baka la ho se khotsofatsoe ke thuto ea ’nete, batho ba tla lakatsa ho mamela lipale tsa morao-rao tse qapiloeng . . . ’me joale, ho e-na le ho mamela ’nete, ba tla mamela litšōmo.” (2 Timothea 4:3, 4, The Jerusalem Bible) Leha ho le joalo, ba lumelang tšebeletsong ea ho tiiselletsoa ba fana ka mehlala e ’meli ea Mangolo e le bopaki.
Na e na le Motheo oa Mangolo?
Tlaleho e ho Liketso 8:14-17 e atisa ho sebelisoa e le motheo bakeng sa ho tiiselletsa. Leha ho le joalo, peho ena ea matsoho e ileng ea etsoa bakeng sa ho fumana moea o halalelang e ne e le ketsahalo e ikhethang. Ka tsela efe? Basamaria e ne e se basokolohi ba Bajode. Kahoo, e bile balichaba ba pele ba ho kopanela le phutheho ea Bokreste. Nakong eo morutuoa Filippi a neng a etsa mosebetsi oa boboleli Samaria ka eona, Basamaria ba bangata ba “banna le basali ba kolobetsoa,” empa ha baa ka ba amohela moea o halalelang hang-hang. (Liketso 8:12) Hobane’ng?
Hopola hore Kreste Jesu o ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso”—tokelo ea pele ea ho fana ka monyetla oa ho kena ‘’musong oa maholimo’ ho lihlopha tse fapaneng tsa basokolohi. (Mattheu 16:19) Kahoo e bile feela ha Petrose le Johanne ba ea Samaria ’me ba beha barutuoa bana ba pele ba balichaba matsoho moo moea o halalelang o ileng oa tšolleloa ho bona e le pontšo ea hore ke litho tsa ka moso tsa “’muso oa maholimo.”
Ho Liketso 19:1-6 ba bang ba fumana bopaki ba hore Bakreste ba pele-pele ba ne ba na le tšebeletso e ka thōko ka mor’a kolobetso. Leha ho le joalo, ho totobetse hore boemong bona lebaka la ho se tšollele moea o halalelang ho barutuoa ba bang motseng oa Efese e ne e le hore balumeli bana ba bacha ba ne ba kolobelitsoe “ka kolobetso ea Johanne,” e neng e se e sa sebetse. (Bona le Liketso 18:24-26.) Ha ba hlalosetsoa sena, ba ile ba potlakela ho “kolobetsoa lebitsong la Morena Jesu.” ’Me boemong bona, moapostola Pauluse o ile ‘a ba beha matsoho’ e le hore ba tle ba amohele tse ling tsa lineo tsa mohlolo tsa moea o halalelang oa Molimo ka ntle le ho etsoa bara ba Molimo ba moea.—Ba-Roma 8:15, 16.
New Dictionary of Theology ha e bua ka litlaleho tsena, e re: “Ha ho na mohlala o bontšang hore liketsahalo tsena li ’nile tsa tsoela pele, ’me, esita le haeba li fana ka mohlala, ho na le pelaelo tabeng ea hore na li lokela ho talingoa e le tšebeletso e tloaelehileng eo ho qaloang ka eona ha motho a fetoha Mokreste joalokaha ho le joalo ka kolobetso ea metsing. . . . Liketso tsa Baapostola li na le mehlala e mengata ea tšebeliso ea kolobetso ea metsing e ileng ea etsoa ho se peho ea matsoho hamorao (e leng hore mehlala ena ha e le hantle e hlaha e le mekhelo).” E, tsena e bile liketsahalo tse khethehileng bakeng sa ho sebetsana le maemo a khethehileng.
New Dictionary of Theology e etsa qeto ena: “Tšebeletso e bitsoang ‘ho tiiselletsoa,’ e fetohile ‘tšebeletso ea ho batla thuto e itseng ea bolumeli.’” Ha e le hantle ke tloaelo e sa thehoang Mangolong, e tsoang thutong e fosahetseng, ’me ka sebele ha e hlokahale ho Bakreste.