2 Bakorinthe
8 Joale rea le tsebisa, barab’eso, ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo o behiloeng holim ’a liphutheho tsa Macedonia,+ 2 hore nakong ea teko e khōlō tlas’a mahloreho thabo ea tsona e khōlō le bofutsana ba tsona bo tebileng li ile tsa atisa maruo a ho fana ha tsona ka seatla se bulehileng.+ 3 Etsoe ho ea ka bokhoni+ ba tsona ba sebele, e, kea paka, hona ho fetile bokhoni ba tsona ba sebele, 4 ha ka ho rata ha tsona li ntse li re kōpa ka kōpo e tiileng haholo tokelo ea ho fana ka mosa le ho ba le karolo bosebeletsing bo reretsoeng bahalaleli.+ 5 Eseng feela joalokaha re ne re tšepile, empa pele li ile tsa ipha Morena+ le rōna ka thato ea Molimo. 6 Sena se ile sa re isa ho khothaletseng Tite+ hore, feela joalokaha e ne e bile eena ea ho qalileng har’a lōna, kahoo hape o lokela ho phetha ho fana hona ha lōna ho tšoanang ho mosa. 7 Leha ho le joalo, feela joalokaha le ateloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ tumelong le lentsoeng le tsebong+ le ho tieeng hohle le leratong lena la rōna ho lōna, e se eka hape le ka ateloa ke ho fana hona ho mosa.
8 Hase ka tsela ea ho le laela,+ empa ke bua ka lebaka la ho tiea ha ba bang le ho leka bonnete ba lerato la lōna. 9 Etsoe le tseba mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna Jesu Kreste, hore le hoja a ne a ruile e ile ea e-ba mofutsana ka lebaka la lōna,+ e le hore le ka rua+ ka bofutsana ba hae.
10 Ho sena ke fana ka maikutlo:+ etsoe taba ena e molemo ho lōna,+ kaha ho se ho fetile selemo le qalile eseng feela ho etsa empa le ho batla ho etsa;+ 11 joale, he, le phethe ho ho etsa, e le hore, feela joalokaha le ne le itokiselitse ho batla ho ho etsa, kahoo hape le lokela ho ho phetha ka seo le nang le sona. 12 Etsoe haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona,+ eseng ho ea ka seo motho a se nang sona. 13 Etsoe ha ke bolele hore ho be bonolo bakeng sa ba bang,+ empa ho be thata ho lōna; 14 empa hore ka ho leka-lekanya botlallo ba lōna hona joale bo ka koala khaello ea bona, e le hore botlallo ba bona le bona bo ka koala khaello ea lōna, e le hore ho leka-lekanya ho ka ba teng.+ 15 Feela joalokaha ho ngoliloe: “Motho ea nang le ho hongata ha aa ka a ba le ho hongata haholo, ’me motho ea nang le ho honyenyane ha aa ka a ba le ho honyenyane haholo.”+
16 Joale ho lebohuoe Molimo ka ho kenya ho tiea ho tšoanang bakeng sa lōna ka pelong ea Tite,+ 17 hobane ka sebele o arabetse khothatsong eo, empa, a tiile haholo, o ea ka ho rata ha hae ho lōna. 18 Empa hammoho le eena re romela mor’abo rōna eo thoriso ea hae mabapi le litaba tse molemo e hasaneng ho pholletsa le liphutheho tsohle. 19 Eseng hoo feela, empa hape o ile a behoa+ ke liphutheho hore e be motsoalle oa rōna eo re tsamaeang le eena mabapi le mpho ena e mosa e tla tsamaisoa ke rōna bakeng sa khanya+ ea Morena hape e le bopaki ba likelello tsa rōna tse itokisitseng.+ 20 Kahoo re qoba hore motho leha e le ofe a fumane molato+ ho rōna mabapi le monehelo+ ona oa seatla se bulehileng o tla tsamaisoa ke rōna. 21 Etsoe re “etsa tokisetso e tšepahalang, eseng feela mahlong a Jehova, empa hape le mahlong a batho.”+
22 Ho feta moo, re romela hammoho le bona mor’abo rōna eo hangata re mo pakileng linthong tse ngata hore o tiile, empa joale o tiile haholo ka ho eketsehileng ka lebaka la kholiseho ea hae e khōlō ho lōna. 23 Leha ho le joalo, haeba ho e-na le pelaelo leha e le efe ka Tite, o na le karolo le ’na ’me ke mosebetsi-’moho+ bakeng sa lithahasello tsa lōna; kapa haeba ke ka barab’abo rōna, ke baapostola ba liphutheho le khanya ea Kreste. 24 Ka hona ba bontšeng bopaki ba lerato+ la lōna le ba seo re ileng ra ithorisa+ ka sona ka lōna, mahlong a liphutheho.