Deuteronoma
13 “Haeba moprofeta+ kapa molori+ oa toro a hlaha har’a lōna ’me a le fa pontšo kapa limakatso,+ 2 ’me pontšo eo a le boleletseng eona kapa limakatso li phethahala,+ a re, ‘A re lateleng melimo e meng, eo le sa kang la e tseba, ’me re e sebeletse,’ 3 le se ke la mamela mantsoe a moprofeta eo kapa a molori oa toro eo,+ hobane Jehova Molimo oa lōna oa le leka+ ho tseba hore na ebe le rata Jehova Molimo oa lōna ka lipelo tsohle tsa lōna le ka meea+ eohle ea lōna. 4 Le lokela ho latela Jehova Molimo oa lōna, ’me le lokela ho mo tšaba, le lokela ho boloka litaelo tsa hae, ’me le lokela ho mamela lentsoe la hae, le lokela ho mo sebeletsa, ’me le lokela ho mo khomarela.+ 5 Moprofeta+ eo kapa molori eo oa toro o lokela ho bolaoa,+ hobane o buile ka ho fetohela Jehova Molimo oa lōna, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ’me a le lopolla ntlong ea makhoba, ho le khelosa tseleng eo Jehova Molimo oa lōna a le laetseng hore le tsamaee ka eona;+ le tlose bobe har’a lōna.+
6 “Haeba mor’eno, mora oa ’m ’ao, kapa mora oa hao kapa morali oa hao kapa mosali oa hao ea ratehang kapa motsoalle oa hao ea kang moea oa hao,+ a leka ho u hoka-hoka sephiring, a re, ‘A re ee ’me re sebeletse melimo e meng,’+ eo u sa kang ua e tseba, uena kapa baholo-holo ba hao, 7 e meng ea melimo ea lichaba tse le pota-potileng, tse haufi le lōna kapa tse hōle le lōna, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea naha ho ea pheletsong e ’ngoe ea naha, 8 u se ke ua lumellana le takatso ea hae kapa ua mo mamela,+ kapa leihlo la hao la mo utloela bohloko,+ kapa ua mo qenehela, kapa ua mo sireletsa; 9 empa ruri u lokela ho mo bolaea.+ Letsoho la hao e be la pele holim ’a hae ho mo bolaea, ’me hamorao e be matsoho a sechaba sohle.+ 10 U mo tlepetse ka majoe, a shoe,+ hobane o batlile ho u khelosa ho Jehova Molimo oa hao, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea makhoba.+ 11 Joale Baiseraele bohle ba tla utloa ’me ba tšohe, ’me ba ke ke ba hlola ba etsa ntho leha e le efe e kang ntho ena e mpe har’a lōna.+
12 “Haeba le utloa ho buuoa sena ho e meng ea metse ea lōna, eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona hore le lule ho eona, 13 ‘Banna ba se nang molemo ba tsoile har’a+ lōna e le hore ba leke ho khelosa baahi ba metse+ ea bona, ba re: “A re eeng ’me re sebeletse melimo e meng,” eo le sa kang la e tseba,’ 14 le boele le batle le batlisise ’me le botsisise;+ haeba ntho ena e tiisitsoe hore ke ’nete, ntho ena e manyala e entsoe har’a lōna, 15 ruri le lokela ho bolaea baahi ba motse oo ka bohale ba sabole.+ Le o nehele timetso+ ka bohale ba sabole hammoho le sohle se ho oona, le liphoofolo tsa oona tse ruuoang. 16 Thepa eohle ea oona e hapuoeng le lokela ho e bokella har’a lepatlelo, ’me le chese motse+ ka mollo hammoho le thepa eohle ea oona e hapuoeng e le nyehelo e feletseng ho Jehova Molimo oa lōna, ’me o tla fetoha qubu ea lithako ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Le ka mohla ha oa lokela ho tsosolosoa. 17 Ho hang ho se ke ha e-ba le letho le tla khomarela matsohong a lōna la lintho tse khethiloeng ka thohako,+ e le hore Jehova a bohle bohaleng ba hae bo tukang+ ’me a le fe mohau ’me ka sebele a le bontše mohau+ ’me a le atise, feela joalokaha a hlapanyelitse baholo-holo ba lōna.+ 18 Etsoe le lokela ho mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna ka ho boloka litaelo+ tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore le etse se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo oa lōna.+